Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 12/8 leq. 13
  • Lebitso la Molimo le Tsosa Khang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebitso la Molimo le Tsosa Khang
  • Tsoha!—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • A4 Lebitso la Molimo Mangolong a Seheberu
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Ho Sebelisoa ha Lebitso la Molimo le Seo le se Bolelang
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Na ho Bitsa Lebitso la Molimo ho Fosahetse?
    Tsoha!—1999
  • Lebitso la Molimo
    Tsoha!—2017
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 12/8 leq. 13

Lebitso la Molimo le Tsosa Khang

KA MONGOLI OA TSOHA! NETHERLANDS

BAFETOLELI ba Bibele e ncha ea Sedache ba tsositse khang har’a litsebi tsa Bibele le ho batho feela ka ho tšoanang. Molato e le eng? Lebaka ke qeto eo ba e entseng ea ho fetolela lebitso la Molimo ka lentsoe Heer, kapa Morena.

Ka December 1998, libeke tse seng kae ka mor’a hore bafetoleli ba lokolle sampole ea mosebetsi oa bona, sehlopha sa basali ba mokhatlo oa Maprostanta oa Kerk en Wereld (Kereke le Lefatše), se ile sa qala boipelaetso ka ho ngola mangolo. Ka lebaka la’ng? Se ne se nka lentsoe “Morena” le “sekametse banneng haholo.” Kapele ka mor’a moo, lihlopha tse ling—tsa Mak’hatholike le Maprostanta—li ile tsa kenella boipelaetsong boo. Ka February 1999, litsebi tse tharo li ile tsa ntša maikutlo a tsona ka ho bolela hore li ile tsa khothalletsa hore lebitso la Molimo le siuoe ka litlhaku tse ’nè tsa Seheberu, YHWH. Ho e-s’o ee kae, litsebi tsa Bibele, bafetoleli le baruti ba ne ba kopane Amsterdam ho tšohla taba ena. Qetellong ea puisano eo, bohle ba teng ba ile ba memeloa hore ba voutele phetolelo eo ba e khethang.

Tlas’a sehlooho se reng “Lebitsong la Molimo, A re se Keng ra Qhoelisana Mantsoe ka Lebitso la Molimo,” koranta ea Nieuwsblad van het Noorden e ile ea tlaleha sephetho: “Lentsoe MORENA le fumana livoutu tse supileng feela. Empa le a mang a ntse a sa fumana livoutu tse kaalo: Lebitso (1), Eena (3), Ea Mohau (6), Ea sa Tšoaneloeng ke ho Bitsoa ka Lebitso (7), Ea Phelang (10) le oa ka ho sa Feleng (15). ’Me le hlotseng ke . . . YHWH!” Ka la 15 March, 2001, Komiti ea Tsamaiso ea Phetolelo ea Bibele e ncha e ile ea etsa qeto ea ho sebelisa HEER (MORENA) ka litlhaku tse nyenyane hore e emele lebitso la Molimo.

Khang ena e totobatsa hore ho sa tsotellehe ho se lumellane ho teng tabeng ea hore na lebitso la Molimo le fetoleloe joang ka Sedache, litsebi lia lumela hore Molimo o na le lebitso. Ka Seheberu, lebitso lena le na le litlhaku tse ’nè tsa Seheberu, e leng, יהוה, kapa YHWH. Liphetolelo tse ling tsa Libibele tsa Sedache tsa nakong e fetileng le tsa hona joale li fetoletse YHWH joang?

Monna oa Ledache ea bitsoang Nicolaas Goetzee o ile a hatisa phetolelo ea Bibele e lumeletsoeng ke ’Muso ka 1762. Leqepheng la sehlooho e ne e re: “Ka mabaka a utloahalang le a tsebahalang haholo, re boetse re siile Lebitso la Khopotso la Molimo, JEHOVA, le sa fetoleloa.” Litsebi tse ling tse tsebahalang tsa Madache—tse kang Moprofesa Nicolaas Beets le Petrus Augustus de Genestet—le tsona li sebelisitse lebitso Jehova.

Ka ho thahasellisang, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelanga e sebelisa lebitso Jehova hohle. Sehlomathiso sa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka Sedache se bontša hore e “tsoela pele ho sebelisa lebitso ‘Jehova’ hobane batho ba tloaelane le lona ka makholo a lilemo. Ho feta moo, le boloka . . . litlhaku tse ’nè tsa lebitso la Molimo, YHWH.” Ka hona, Phetolelo ea Lefatše le Lecha e thusitse ba limilione hore ba tsebe ’nete mabapi le lebitso la Molimo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Lipaki tsa Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela