Pono ea Bibele
Fêng Shui—Na e Loketse Bakreste?
ASIA, litša tsa mabitla li khethoa ho itšetlehiloe ka eona. Mehaho e hlophisoa le ho khabisoa ho itšetlehiloe ka eona. Thepa e rekoa le ho rekisoa ho itšetlehiloe ka eona. Ka Sechaena e tsejoa ka hore ke fêng shui, e leng mofuta o mong oa bonohe bo sebelisang lipalo, mela le sebōpeho sa lefatše (geomancy) kapa bonohe ba lipontšo tsa nako e tlang. Le hoja fêng shui e ’nile ea tloaeleha Asia ka makholo a lilemo, lilemong tsa morao tjena e nametse le linaheng tsa Bophirimela. Litsebi tse ling tsa meralo ea ho haha lia e sebelisa ha li etsa lipolane tsa mehaho e melelele, liofisi le matlo. Bo-’mè ba bang ba malapa ba e sebelisetsa ho khabisa mahae a bona. Libuka tse ngata le mecha ea boitsebiso ea Internet lia e buella le ho e ruta.
Sesosa sa hore e eketsehe hakaale ke sefe? Ho ea ka ’muelli e mong oa eona, fêng shui e ka “ntlafatsa maemo a bophelo, bophelo bo botle ba ’mele, ea atlehisa manyalo kapa likamano le batho ba bang, ea atisa maruo le ho fa motho khotso ea kelello.” Le hoja sena sohle se utloahala se ipiletsa, ha e le hantle tloaelo ee ke eng, ’me Bakreste ba lokela ho e nka joang?
Ke Eng?
Mantsoe a Sechaena fêng shui ha a fetoleloa ka ho toba a bolela “moea-metsi.” Motso oa fêng shui o tloha morao lilemong tse likete ha ho ne ho qaptjoa lifilosofi tse ngata linaheng tsa Bochabela. E ’ngoe ea tsona e ne e le ho lumela ho seo ho thoeng ke teka-tekano ea yin le yang (leseli le lefifi, mocheso le mohatsela, boikutlo bo fosahetseng le bo nepahetseng). Khopolo ea yin le yang e ile ea kopanngoa le ea chʼi, eo ka ho toba e bolelang “moea” kapa “phefumoloho.” Yin, yang, le chʼi, ho kopanyelletsa le seo ho thoeng ke lihloliloeng tse hlano, e leng lehong, mobu, metsi, mollo le tšepe, ke karolo ea bohlokoa ea khopolo-taba ea fêng shui. Batšehetsi ba chesehang ba fêng shui ba lumela hore ho na le mela ea matla a nang le tšusumetso e arolang libaka tsohle tsa lefatše. Pakane ke ho supa libaka tseo matla a lefatše le a sepakapaka, kapa chʼi, a leka-lekanang ho tsona. Sena se finyelloa ka hore ho fetoloe ponahalo ea naha kapa ka hore ho fetoloe lintho tse itseng mohahong sebakeng se itseng. Ho nkoa hore ho finyella teka-tekano ena ho tlisetsa batho ba sebetsang kapa ba lulang moo litlhohonolofatso.
Ka tloaelo, bo-nkhekhe ba fêng shui ba tataisoa ke sesupa-tsela sa bonohe se sebelisang lipalo le mela le sebōpeho sa lefatše.a Sena ke sesupa-tsela se senyenyane sa ’makenete se behoang bohareng ba chate e sebelisoang bonoheng ba linaleli. Sesupa-tsela sena se na le lilikalikoe tse arohantsoeng ka mela. Sesupa-tsela sa bonohe se sebelisang lipalo, mela le sebōpeho sa lefatše se na le boitsebiso ba lintho tse kang lihlopha tsa linaleli, linako tsa selemo le tsa ho potoloha ha lefatše letsatsi. Ha ho hlahlojoa sebaka kapa mohaho, ho nkoa lipalo tse ’maloa ho sesupa-tsela. Nkhekhe ea fêng shui e sheba mateano a manaka a sesupa-tsela lilikalikoeng le meleng tse ka ntle, ebe e etsa qeto ea hore na ke eng se lokelang ho etsoa e le hore sebaka seo se “folisoe.”
Ha ho etsoa qeto ea ho tiisa sebaka, ho hlahlojoa sebaka se haufi, mehloli ea metsi, tsamaiso ea likhoerekhoere, haesita le tsela eo lifensetere le menyako tse mohahong li kentsoeng ka eona. Ka mohlala, Canada mong’a lebenkele o ile a fanyeha seipone ka holim’a monyako o ka morao e le hore a “lokise” boemo ba menyako ea lebenkele. Bo-nkhekhe ba sebelisang lipalo, mela le sebōpeho sa lefatše le bona ba ka ’na ba khothalletsa ho suthisa limela kapa thepa e ’ngoe ea ka tlung, ho beha setšoantšo se itseng sebakeng sa se seng, ho eketsa manyenenyene, ho ba le letangoana la lintho tse phelang metsing e le hore ho tiisoe mohaho kapa kamore.
Pono ea Bakreste
Ho thahasellisang ke hore lilaebrari tse ngata li beha libuka tse buang ka fêng shui sehlopheng se le seng le libuka tsa bonohe ba linaleli le tsa ho lepa bokamoso. Ha e le hantle, Webster’s Ninth New Collegiate Dictionary e hlalosa geomancy e le “bonohe bo sebelisang lipalo, mela kapa sebōpeho sa lefatše.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ka lebaka leo, ho amoheloa hohle hore fêng shui le mefuta e meng ea bonohe bo sebelisang lipalo le mela ke litsela tsa ho lepa bokamoso. E amana le bonohe le litšebelisano le meea, e leng lintho tseo moloko oa batho o tsoang hōle le tsona.
Ha Baiseraele ba tloha Egepeta ’me qetellong ba kena naheng ea Kanana lekholong la bo15 la lilemo B.C.E., bonohe ba mefuta eohle bo ne bo jele setsi linaheng tseo ka bobeli. Joalokaha ho tlalehiloe ho Deuteronoma 18:14, Molimo a sebelisa Moshe, o ile a re: “Lichaba tsena tseo le li lelekang li ne li mamela ba sebelisang boselamose le ba nohang; empa ha e le lōna, Jehova Molimo oa lōna ha aa le fa ntho e tjena.” Mefuta e mengata ea bonohe e neng e le Egepeta le Kanana e simolohile Babylona ea boholo-holo. Ha Jehova a ferekanya puo ea batho ba Babylona, ba ile ba hasana ba ea libakeng tse ling, ba tsamaea le litloaelo tse amanang le bonohe ba Babylona le tšebelisano le meea.—Genese 11:1-9.
Jehova Molimo o ile a lemosa Baiseraele ka matla ebile e le ka makhetlo-khetlo hore ba se ke ba etsisa mekhoa ea bonohe ea lichaba tse ling, a re: “Ho lōna ha hoa lokela hore ho fumanoe leha e le mang ea . . . sebelisang bonohe, ea sebelisang boselamose kapa leha e le mang ea batlang lipontšo tsa se tlang . . . Etsoe e mong le e mong ea etsang lintho tsena ke ntho e manyala ho Jehova, ’me ka lebaka la lintho tsena tse manyala Jehova Molimo oa lōna o ba lelekela hōle le lōna.” (Deuteronoma 18:9-12; Levitike 19:26, 31) Batho ba sebelisang bonohe joang kapa joang ba ne ba lokela ho bolaoa.—Exoda 22:18; Levitike 20:27.
Ke hobane’ng ha bonohe bo ne bo nyatsuoa hakaale? Liketso 16:16-19 e bua ka mosali e mong ea neng a e-na le “modemona oa bonohe.” E, bonohe bo amana haufi-ufi le bodemona. Ho sebelisa mofuta leha e le ofe oa bonohe ho ka kopanya motho le Satane le bademona ba hae! Hoo ho ka fella ka ho oa moeeng.—2 Bakorinthe 4:4.
Mekhoa e meng ea ho khabisa le ho hlophisa ponahalo ea naha, ebang ke linaheng tsa Bochabela kapa tsa Bophirimela, e ka ’na eaba qalong e ne e susumelitsoe ke litloaelo tsa bolumeli ba bohata tse kang fêng shui. Leha ho le joalo, hangata litloaelo tseo li lahleheloa ka ho feletseng ke moelelo oa tsona oa bolumeli. Ho sa tsotellehe seo, ho sebelisa fêng shui ho noha bokamoso kapa ho itlisetsa lehlohonolo kapa bophelo bo botle ba ’mele e ne e tla ba ho tlōla molao oa Molimo. Ho etsa joalo e ne e tla ba ho hlompholla molao o totobetseng oa Bibele oa ho qoba ho ama ntho “e sa hloekang.”—2 Bakorinthe 6:14-18.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Linaheng tsa Bophirimela bo-nkhekhe ba lekile ho etsa hore fêng shui e hlahelle joalokaha eka ke saense, ba bang ba bile ba sebelisa lik’hompieutha ho ba thusa ho hlahloba litša.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Sesupa-tsela sa bonohe se sebelisang lipalo, mela le sebōpeho sa lefatše
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pages 2 and 15: Hong Kong Tourism Board