Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 4/8 maq. 28-31
  • Ke Ile ka Senyeheloa ke Mpa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Ile ka Senyeheloa ke Mpa
  • Tsoha!—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Re Re’ng ho Bana ba Rōna?
  • Kamoo ke Ileng ka Sebetsana ka Katleho le Tahlehelo eo Kateng
  • Lerato—Pheko e Molemo ka ho Fetisisa
  • Matšeliso a Tsoang Lentsoeng la Molimo
  • Ho Fela ha Bohloko
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Na ho Tloaelehile ho Ikutloa ka Tsela Ee?
    Ha Eo U Mo Ratang a E-shoa
  • Kamoo Bophelo ba Lenyalo bo Fetohang ha Ngoana a E-⁠ba Teng
    Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
  • Kamoo Bophelo ba Lenyalo bo Fetohang ha Bana ba E-ba Teng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 4/8 maq. 28-31

Ke Ile ka Senyeheloa ke Mpa

MANTAHA oa la 10 April, 2000, leholimo le ne le hlakile ’me ho futhumetse, kahoo ka lokisetsa ho iphethela mabaka a ka. Ke ne ke se ke qetile likhoeli tse tharo ke le moimana, ’me le hoja ke ne ke sa ikutloe ke le mahlahahlaha hakaalo, ke ne ke thabela ho hahloa ke moea. Joale ha ke ntse ke le moleng oa ho ea patala lebenkeleng la korosari, ka utloa hore ho na le ho hong ho phoso ka ’na.

Ha ke fihla hae ka fumana hore taba eo ke e tšohileng e fela e le ’nete. Ke ne ke tsoa mali—e leng ntho e sa kang ea nketsahalla makhetlong a mabeli a fetileng ha ke le moimana—ka hona ka sehoa ke letsoalo! Ka letsetsa ngaka ea ka, empa ea etsa tlhahiso ea hore ke emele letsatsi le hlahlamang, kaha ke ne ke se ke ntse ke lokela ho ea ngakeng. Pele re robatsa bana ba rōna ba babeli bosiung boo ’na le mohats’a ka re ile ra rapela, ra kōpa Jehova hore a re matlafatse ka tsela leha e le efe eo re ka ’nang ra e hloka. Qetellong, ka khaleha.

Empa ha nako e ka ba hora ea bobeli, ke ile ka tsosoa ke lehlaba le hlabang habohloko. Lehlaba leo la ’na la kokobela butle-butle, empa hang feela moo ke reng kea khaleha, la boela la hlaha, lekhetlong lena le tla ka linako tse sieanang ka ho lekana. Mali a tsoang le ’ona a eketseha, ’me ka hlokomela hore ke mahlabeng a pelehi. Kelello e ile ea farasa, ke leka ho nahana haeba ho e-na le hoo ke ho entseng ho bakang sena, empa ka sitoa ho hopola ntho leha e le efe e phoso eo ke e entseng.

Ka hora ea bohlano hoseng, ka utloa hore ke tlameha ho ea sepetlele. Ha re fihla le mohats’a ka, ra thuseha hore ebe re iphumana re le matsohong a basebetsi ba mosa ba thuso ea tšohanyetso, ba molemo le ba nang le kutloelo-bohloko. Lihora tse peli hamorao, ngaka ea re bolella taba e nyarosang: Ke senyehetsoe ke mpa.

Ka lebaka la matšoao a bileng teng pejana, ke ne ke lebeletse sena ho etsahala ’me ka amohela taba eo. Ho feta moo, mohats’a ka o ne a e-na le ’na nakong ena eohle ’me a ntšehelitse haholo. Joale haele mona re khutlela hae re sa tšoara lesea, ra ipotsa hore na re il’o re’ng ho bana ba rōna ba babeli, Kaitlyn, ea lilemo li tšeletseng le David ea lilemo li ’nè.

Re Re’ng ho Bana ba Rōna?

Bana ba ne ba robetse ba bona hore ho na le ho hong ho phoso, empa re tla re’ng ho bona ho ba bolella hore eo e neng e tla ba moena kapa khaitselinyana ea bona o hlokahetse? Re ile ra etsa qeto ea ho bua taba e le joalokaha e le joalo. ’Mè o ile a re thusa ntlheng ena ka ho ba bolella hore re ne re sa tl’o khutla le lesea. Ha re fihla, ba ile ba re mathela ba re lumelisa le ho re aka. Potso ea bona ea pele e bile e reng, “Ngoana o phela joang?” Ke ile ka sitoa ho ba araba, eaba mohats’a ka oa re kopa ’me o re: “Ngoana o hlokahetse.” Re ile ra tšoarana eaba rea lla, e leng ho ileng ha re thusa ho qala ho hlaphoheloa.

Leha ho le joalo, re ne re sa letela tsela eo bana ba rōna ba ileng ba itšoara ka eona hamorao. Ka mohlala, hoo e ka bang libeke tse peli ka mor’a hore ke senyeheloe ke mpa, ho ile ha phatlalatsoa phuthehong ea rōna ea Lipaki tsa Jehova hore Paki e ’ngoe e seng e hōlile eo e neng ebile e le motsoalle ea haufi oa lelapa la rōna e hlokahetse. David, ea lilemo li ’nè, o ile a lla habohloko, kahoo mohats’a ka a tsoela le eena ka ntle. Ha a se a thōtse, David a botsa hore na ke hobane’ng ha motsoalle oa hae a hlokahetse. Le hore na ke hobane’ng ha ngoana a hlokahetse. Eaba o re ho ntat’ae: “Le uena u tl’o shoa?” Hape o ne a batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha Jehova Molimo a ntse a e-s’o timetse Satane le ho qala ho “lokisa lintho” ho fihlela hajoale. Ka sebele, re ile ra makala ha re hlokomela hore na ke lintho tse ngata hakaakang tseo a li nahanang ka kelellong ea hae e fokolang.

Kaitlyn le eena o ile a botsa lipotso tse ngata. Ha a ntse a bapala ka lipopi tsa hae, o ne a atisa ho etsa eka popi e ’ngoe ea kula, ha lipopi tse ling e le baoki kapa litho tsa lelapa. O ne a nka lebokose a le etsa sepetlele sa papali ’me ka linako tse ling a etsa eka e ’ngoe ea lipopi tsa hae e hlokahetse. Lipotso le lipapali tsa bana ba rōna li ile tsa re fa menyetla e mengata ea ho ba ruta lithuto tsa bohlokoa tsa bophelo le kamoo Bibele e ka re thusang ho sebetsana ka katleho le liteko kateng. Re ile ra boela ra ba hopotsa ka morero oa Molimo oa ho etsa lefatše paradeise e ntle, e se nang masoabi le bohloko—esita le lefu.—Tšenolo 21:3, 4.

Kamoo ke Ileng ka Sebetsana ka Katleho le Tahlehelo eo Kateng

Ha ke qala ho khutlela hae ke tsoa sepetlele, ke ne ke ikutloa ke le shohlo maikutlong ke bile ke ferekane. Ke ne ke pota-potiloe ke lintho tse hlokang ho etsoa, empa ke ne ke sa tsebe hore na ke qale kae. Ke ile ka letsetsa metsoalle e ’maloa e bileng boemong bo tšoanang, ’me ea ntšelisa haholo. Motsoalle oa rōna e mong ea ratehang o ile a re romella lipalesa a ba a ithaopela ho nka bana thapameng eo. Ke ile ka ananela kameho ea hae e mofuthu le thuso ea hae haholo!

Ke ile ka kenya lifoto tsa lelapa ka mahlopho ka lialbamong. Ka sheba le ho tšoara liaparo tse e-s’o aparoe tsa lesea—e leng tsona feela lintho tse tšoarehang ho nkhopotsa lesea la ka le hlokahetseng. Ke ile ka qeta libeke ke ferekane maikutlo. Ka matsatsi a mang ke ne ke sitoa ho khaotsa ho lla—ho sa tsotellehe tšehetso eohle eo ke neng ke e fuoa ke ba lelapa le metsoalle. Ka linako tse ling, ke ne ke nahana hore ke lahleheloa ke kelello. Ho ba ka har’a metsoalle e lebeletseng bana ho ne ho e-ba thata ka ho khetheha. Pele ke ne ke nka hore ho senyeheloa ke mpa ke “tabanyana” feela e sa reng letho bophelong ba mosali, ke re ho iphetela feela ho se na mathata a mangata hakaalo. Ke ne ke fositse hakaakang!a

Lerato—Pheko e Molemo ka ho Fetisisa

Ho phaella ho feteng ha nako, pheko e sebetsang e bile ho bontšoa lerato ke molekane oa ka le ke Bakreste-’moho le ’na. Paki e ’ngoe e ile ea pheha lijo ’me ea re tlisetsa tsona. Moholo e mong oa phutheho le mosali oa hae ba ile ba tlisa lipalesa le karete ea litumeliso, eaba ba hlola mantsiboea le rōna. Re ne re tseba kamoo ba phathahaneng kateng, kahoo ho nahanela ha bona ho ile ha re ama lipelo. Metsoalle e meng e mengata le eona e ile ea re romela likarete le lipalesa. Mantsoe a bonolo feela a reng, “Re nahana ka uena” a ile a bolela ho hoholo! Setho se seng sa phutheho se ile sa ngola: “Re nka bophelo ka tsela eo Jehova a bo nkang ka eona—e le ba bohlokoa ka ho fetisisa. Haeba a tseba ha serobele se oela fatše, o tlameha a tseba ha lesea le ka pōpelong le oela fatše.” Motsoal’a ka o ile a ngola: “Re hlolloa ke mohlolo oa tsoalo le bophelo, ’me re makala ka ho tšoanang ha o sa atlehe.”

Ha ke le Holong ea ’Muso libeke li se kae hamorao, ke ile ka utloa ke batla ho lla eaba ke tsoela ka ntle pelenyana liboka li qala. Metsoalle e ’meli e ratehang e ileng ea bona ha ke tsoa ke sekisitse meokho e ile ea lula le ’na ka koloing, ea ntšoara ka letsoho, ea etsa hore ke tšehe. Ka mor’a nakoana boraro ba rōna ra khutlela ka hare. Ke ho thabisang hakaakang ho ba le metsoalle e khomarelang motho “haufi ho feta mor’abo motho”!—Liproverbia 18:24.

Ha taba ena e ntse e tsebahala, ke ile ka makala ha ke utloa hore le Lipaki tse ling tse ngata li bile boemong bo tšoanang. Le bao pele ke neng ke sa ba tloaela hakaalo ba ile ba ntšelisa le ho nkhothatsa ka ho khetheha. Tšehetso ea bona e lerato nakong eo ke neng ke e hloka e ile ea nkhopotsa mantsoe a Bibele a reng: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.”—Liproverbia 17:17.

Matšeliso a Tsoang Lentsoeng la Molimo

Sehopotso sa lefu la Kreste se ile sa tšoaroa beke ka mor’a hore ke senyeheloe ke mpa. Mantsiboeeng a mang ha re ntse re bala tlaleho ea Bibele ea matsatsi a Jesu a ho qetela, ke ile ka tleloa ke khopolo ena: ‘Jehova o tseba bohloko ba tahlehelo. O ile a lahleheloa ke mor’a hae!’ Kaha Jehova ke Ntate oa rōna oa leholimo, ka linako tse ling kea lebala hore oa utloisisa le hore o utloela bahlanka ba hae bohloko—ba batona le ba batšehali. Ka oona motsotso oo ke ile ka ikutloa ke imoloha haholo. Ka ikutloa ke atametse ho Jehova haholoanyane ho feta leha e le neng pele.

Ke ile ka boela ka fumana khothatso e matla likhatisong tse thehiloeng Bibeleng, ka ho khetheha litokollo tsa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! tse buang ka ho lahleheloa ke ea ratoang. Ka mohlala, lihlooho tse buang ka “Ho Talimana le Bohloko ba ho Shoeloa ke Ngoana” tokollong ea Tsoha! ea August 8, 1987, li ile tsa nthusa haholo, hammoho le bukana ea Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa.b

Ho Fela ha Bohloko

Ha nako e ntse e feta, ke ile ka hlokomela hore bohloko ba ka bo ntse bo kokobela ha ke se ke khona ho thaba ke sa ikutloe ke le molato le ha ke se ke khona ho qoqa ke sa bue ka ho lahleheloa ke ngoana. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ke ne ke ferekana maikutlo, joalokaha ke bona metsoalle e e-song ho ka e utloa ka ho senyeheloa ha ka ke mpa kapa ha lelapa le nang le lesea le etela Holong ea rōna ea ’Muso.

Eaba hoseng ho hong ha ke tsoha ke utloa hore leru lela le apohile. Le pele ke tutubolla mahlo, ka ikutloa ke elile—ke e-na le khotso le khutso tseo ke sa kang ka ba le tsona ka likhoeli. Leha ho le joalo, ha ke hlokomela hore ke imme hoo e ka bang selemo ka mor’a ho lahleheloa ke ngoana, ke ile ka tleloa ke monahano oa hore nka ’na ka senyeheloa ke mpa. Ka thabo, ke ile ka fumana lesea la moshemane le phetseng hantle ka October 2001.

Ke ntse ke utloisoa bohloko ke ho lahleheloa ke ngoana. Leha ho le joalo, phihlelo ena eohle e matlafalitse kananelo ea ka ka bophelo, ka lelapa la ka, Bakreste-’moho le ’na le ka Molimo—ea re tšelisang. Phihlelo ena e boetse e totobalitse ’nete e utloisang bohloko ea hore Molimo ha a nke bana ba rōna empa “bohle [re] hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.”—Moeklesia 9:11.

Ke labalabela ka tieo nako eo ka eona Molimo a tlang ho felisa ho lla, ho bokolla le bohloko, ho akarelletsa bohloko ba ho senyeheloa ke mpa bo amang ’mele le maikutlo! (Esaia 65:17-23) Ka nako eo batho bohle ba mamelang ba tla khona ho re: “Lefu, tlhōlo ea hao e hokae? Lefu, motsu oa hao o hokae?”—1 Bakorinthe 15:55; Esaia 25:8.—Se nehelanoe.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Phuputso e bontša hore motho ka mong o arabela ka tsela ea hae ha a senyeheloa ke mpa. Ba bang ba ikutloa ba ferekane, ba bang ba nyahame, athe ba bang bona ba aparetsoe ke masoabi. Bafuputsi ba re ke ha tlhaho ho utloa bohloko ka tahlehelo e tebileng joalo, joaloka ea ho senyeheloa ke mpa le hore ke karolo e isang ho hlaphoheloeng.

b E hatisitsoe ke Lipaki tsa Jehova.

[Lebokose le leqepheng la 29]

Ho Ata le Lisosa Tsa ho Senyeheloa ke Mpa

The World Book Encyclopedia e re: “Liphuputso li bontša hore ho baimana bohle bao ho hlokometsoeng hore ba imme karolo ea 15 ho isa ho 20 lekholong ea bona e qetella e senyehetsoe ke mpa. Empa kotsi ea ho senyeheloa ke mpa e phahame haholo libekeng tse peli tse qalang ka mor’a kemolo, nakong eo basali ba bangata ba bileng ba sa tsebeng hore ba imme.” Tšupiso e ’ngoe e bolela hore ba ka holimo ho “karolo ea 80 lekholong ba senyeheloa ke mpa libekeng tse 12 tse qalang tsa boimana,” bonyane halofo ea bona ka lebaka la kholofalo e itseng ea likaroloana tsa liphatsa tsa lefutso tsa lesea le ka pōpelong. Kholofalo ena ha e bakoe ke kholofalo ea likaroloana tsa liphatsa tsa lefutso tsa ’mè kapa tsa ntate.

Lisosa tse ling tsa ho senyeheloa ke mpa li ka ’na tsa hlahisoa ke bophelo ba ’mè ba ’mele. Litsebi tsa bongaka li bolela hore ho ameha bothata ba li-hormone le tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung, tšoaetso le ho se sebetse hantle ha molomo oa pōpelo kapa pōpelo ea ’mè. Mafu a sa foleng a kang lefu la tsoekere (haeba le sa laoloe hantle) le khatello methapong ea mali le ’ona e ka ba lisosa.

Ho ea ka litsebi, ho ikoetlisa, ho phahamisa lintho tse boima, kapa ho kopanela liphate ha ho hlile ha ho etse hore motho a senyeheloe ke mpa. Hase habonolo ho oa, ho otloa, kapa ho nyaroha ho ka etsang hore motho a senyeheloe ke mpa. Tšupiso e ’ngoe e re: “Ha ho bonolo hore lesea le ka pōpelong le tsoe kotsi ntle le ha kotsi eo e tebile hoo e ka sokelang bophelo ba hao.” Kaheho ea pōpelo e paka ka tieo bohlale le lerato tsa ’Mōpi hakaakang!—Pesaleme ea 139:13, 14.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 31]

Kamoo Lelapa le Metsoalle ba ka Thusang Kateng

Ka linako tse ling ho thata ho tseba seo u lokelang ho se bua kapa ho se etsa ha setho sa lelapa kapa motsoalle a senyeheloa ke mpa. Batho ba itšoara ka litsela tse sa tšoaneng ka tahlehelo e joalo, ka hona ha ho na molao o itseng o tobileng bakeng sa ho fana ka matšeliso le ho thusa. Leha ho le joalo, nahana ka litlhahiso tse latelang.c

Lintho tse molemo tseo u ka li etsang ho thusa:

◆ Ithaopele ho hlokomela bana ba baholoanyane.

◆ Pheha lijo ebe u li isetsa lelapa leo.

◆ Tšehetsa le ntate. Joalokaha ntate e mong a boletse, “ha ho na likarete tse ngata tseo ba li etsetsang bo-ntate ba boemong bona.”

Lintho tse thusang tseo u ka li buang:

◆ “Ke masoabi, ke utloile hore u senyehetsoe ke mpa.”

Mantsoe ana a bonolo a ka bolela ho hoholo, ’me a ka bula monyetla oa ho bua mantsoe a mang a tšelisang.

◆ “Ho loketse hore u lle.”

Hangata meokho e itsoela habonolo libekeng tse qalang esita le likhoeli ka mor’a ho senyeheloa ke mpa. Tiisetsa motho eo hore ha u mo khelle fatše hobane a bontša maikutlo a hae.

◆ “Na nka u letsetsa bekeng e tlang ho utloa hore na u ntse u e-ea joang?”

Qalong, ba mesarelong ba ka ’na ba fuoa matšeliso a mangata, empa ha nako e ntse e feta ba ntse ba le bohlokong, ’me ba ka ’na ba nahana hore ba bang ba lebetse ka bona. Ke hantle hore ba tsebe hore tšehetso ea hao ke e tsoelang pele. Maikutlo ao a ka ’na a qeta libeke kapa likhoeli. A ka ba a khutla le ka mor’a ho ima le ho ba le ngoana.

◆ “Ha ke tsebe hore na ke re’ng.”

Hangata ho molemo ho bua joalo ho e-na le ho thōla feela. Botšepehi ba hao le ’nete ea hore u moo lia bontša hore ua tsotella.

Seo u sa lokelang ho se bua:

◆ “U tla ’ne u be le ngoana e mong.”

Le hoja sena e ka ’na eaba ke ’nete, se ka ’na sa nkoa e le ho hloka kutloelo-bohloko. Batsoali ba ne ba sa batle ngoana feela tjee, ba ne ba batla ngoana eo. Pele ba ka nahana ka ho ba le ngoana e mong, ba tla lokela ho ntša bohloko ba ho lahleheloa ke ngoana.

◆ “Mohlomong ho ne ho e-na le ho itseng ho phoso ka eena.”

Le hoja e ka ’na eaba ke ’nete ho joalo, seo ha se tšelise hakaalo. Kelellong ea ’mè, o ne a jere lesea le phetseng hantle.

◆ “Bonyane u ne u sa tsebe ngoana eo. Ho ne ho tla ba hobe le ho feta haeba ho ne ho etsahetse hamorao.”

Basali ba bangata ba tlamahana le masea a bona a e-s’o tsoaloe e sa le qalong haholo. Kahoo ha lesea leo le shoa, hangata ba ba mesarelong. Mesarelo ena e totisoa le ke taba ea hore ha ho e mong ea “tsebang” lesea joaloka ’m’a lona.

◆ “Bonyane u na le bana ba bang.”

Ho batsoali ba saretsoeng, sena se ka ’na sa tšoana le ho re ho motho ea khaohileng letsoho kapa leoto: “Bonyane o sa na le le leng.”

Ke ’nete e ke keng ea latoloa hore esita le batho ba tsotellang ka ho fetisisa le ba nang le boikemisetso bo botle ba tla bua lipolelo tse hlabang nako le nako. (Jakobo 3:2) Kahoo, basali ba nang le temoho ba senyehetsoeng ba tla batla ho bontša lerato la Bokreste ’me ba se ke ba koetla khopiso ho ba buang ka booatla le hoja e le ka sepheo se setle.—Bakolose 3:13.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

c Li nkiloe ho A Guide to Coping With Miscarriage, e ngotsoeng ke Wellington, New Zealand, Miscarriage Support Group.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela