Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 4/8 maq. 8-11
  • Ho Hlōla Mathata a ho ba ’Mè

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hlōla Mathata a ho ba ’Mè
  • Tsoha!—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mathata a ho ba ’Mè
    Tsoha!—2002
  • Mathata ao Bo-’mè ba Tobanang le ’Ona
    Tsoha!—2005
  • Leqephe la Bobeli
    Tsoha!—2002
  • Khotsofalla ho ba ’Mè
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 4/8 maq. 8-11

Ho Hlōla Mathata a ho ba ’Mè

Kaha bana ke moloko oa nako e tlang, joale basali ba ba hōlisang, e leng bo-’m’a bona, ka sebele ba tšoaneloa ke tlhompho, tlōtlo le tšehetso. Le hoja lefatše la kajeno le hlalosa ho ba ’mè ka litsela tse sa tšoaneng, Bibele e bontša hore bana ke tlhohonolofatso e tsoang ho Molimo ’me e ka ba mohloli oa thabo ho batsoali. (Pesaleme ea 127:3-5) Empa Mangolo ha a hlokomolohe linnete tsa ho ba ’mè. Bibele e tlaleha mathata a mangata a hona.

Liqeto tseo batsoali ba li etsang ka khōliso ea bana le karolo eo ’mè a e phethang li na le tšusumetso e tebileng le e tšoarellang bophelong le sebōpehong sa bana ba bona. Liqeto tsena li ka tlisa liphetoho tse khōlō tseleng eo batsoali ba phelang ka eona, ka hona, ho hlokahala hore ba li etse ka hloko. Li akarelletsa lipotso tse kang: Na ’mè o lokela ho sebetsa? Haeba ho joalo, ka nako e kae? Ke mang ea lokelang ho hlokomela bana ha ’mè a le mosebetsing? Qetellong, batsoali ba lokela ho etsa seo ba lumelang hore se molemohali bakeng sa bana ba bona le se nepahetseng mahlong a Molimo.

Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore bo-’mè ba ikutloe hore ha ba na motšehetsi ha ba ikitlaelletsa ho etsa liqeto tse bohlale. Ba ka tšelisoa haholo ke mantsoe a Esaia 40:11, e bontšang hore Molimo o thahasella ka ho khethehileng litlhoko tsa bo-’mè ba nang le masea, bao a ‘tla ba tsamaisa ka tlhokomelo.’ Molimo o bontša thahasello e joalo e matla ka ho fana ka lintlha tse ’maloa tse tataisang ka Bibeleng tse ka etsang hore ho ba ’mè e be ntho e thabisang le e atlehang.

❖ E-ba le kahlolo e molemo: Bakreste ba lokela ho tsejoa ka kahlolo ea bona e molemo. (Bafilipi 4:5) Janet Penley, ’mè eo e leng mongoli, o ithutile bohlokoa ba molao-motheo ona. O re: “Ke qalile ho ba ’mè ke e-na le litebello tse phahameng ka ho fetisisa. Ke ne ke ikemiselitse ho ba ’mè ea molemohali. Ke ile ka bala libuka tsohle ka ba ka mamela litsebi tsohle. Empa ho e-na le ho ikutloa ke atleha ke bile ke tšoaneleha, ke ile ka qetella ke ikutloa ke sa tšoanelehe ke bile ke sithabetse.” O hlokomela hore “ho lebisa tlhokomelo linthong tseo ba bang ba li lebeletseng le ho leka ho finyella litekanyetso tsa bona ‘tse phethahetseng’ ho khathatsa matla ’me ho tlisa ho tšoenyeha le boikutlo ba ho ba molato.”

❖ Nolofatsa lintho: Makasine ea Newsweek e re: “Seo malapa a ipehang kotsing ea ho lahleheloa ke sona bophelong bona bo maphathephathe bo sithabetsang, ke bohlokoa le phihlelo e khethehileng ea bongoana le thabo ea bophelo ba lelapa.” Ke ka lebaka leo bo-’mè ba bangata ba lakatsang bophelo bo bonolo haholoanyane. U ka bo finyella joang? Taba ea pele, rera hore na ke lintho life tse lokelang ho tla pele, u lebise tlhokomelo ‘linthong tsa bohlokoa haholo,’ ho akarelletsa nako le tlhokomelo eo bana ba hao ba e hlokang. (Bafilipi 1:10, 11) Ea bobeli, hlahlobisisa mokhoa oo u phelang ka oona. Ho ka ’na ha hlokahala hore u tlohele mesebetsi le matlotlo tseo e hlileng e seng tsa bohlokoa hakaalo.

Ke’ng seo e leng sa bohlokoahali bophelong ba hao? Na ke ho ba le ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka nako e le ’ngoe, kapa na lipakane tse ling li ka chechisoa ha u ntse u phehella tse ling? Carolyn, e leng ’mè ea itšokolang, o bolela kamoo a atlehang ho sebetsana le boemo ba hae, o re: “Ke nolofatsa lintho ’me ke fokotsa litšenyehelo.” Gloria, ’mè oa bana ba bararo, oa hopola: “Re ne re se na chelete ea ho reka liaparo tsa mabitso, empa ke ne ke rōkela bana ba ka liaparo, ’me ke ile ka ba bolella hore li khethehile hobane ha li tšoane le tsa mang kapa mang.”

Lentsoe la Molimo le re motho “ea lebelang temoho o tla fumana se molemo.” (Liproverbia 19:8) Ho hlokahala temoho hore motho a hlophise mesebetsi e mengata-ngata ea boikhathollo, lisebelisoa le litloaelo tse ferekanyang bo-’mè le bana. Judith, ’mè e mong oa Afrika Boroa, o re: “Re lula re bona lihlahisoa tse ncha, theknoloji e molemo le litšebeletso tse eketsehileng!” Angela, ’mè e mong oa Jeremane ea nang le bana ba bane, o atleha ho sebetsana le bothata bona ka tsela ena: “U lokela ho lekanyetsa se hlokahalang le se molemo ho uena, ’me u thuse bana ba hao ho etsa se tšoanang.”

❖ Etsa liphetoho moo u ka khonang: Bibele ea eletsa: “Sebelisa kelello le kahlolo e molemo.” (Liproverbia 3:21, Contemporary English Version) Haeba hona joale ua sebetsa, na lelapa la hao le ka phela ka moputso oa monna oa hao feela? Ho u thusa ho araba potso ena, lekanyetsa hore na moputsong oa hao ho sala bokae ha u tlosa litšenyehelo tse kang lekhetho, tlhokomelo ea ngoana, ho palama ho ea le ho khutla mosebetsing, liaparo, lijo tseo u li jang reschorenteng le litšenyehelo tse ling. Hape ho ka etsahala hore ho huloe lekhetho le eketsehileng moputsong oa monna oa hao haeba ha meputso ea lōna e kopana e etsa hore le be boemong ba batho ba moputso o phahameng. U ka ’na ua makala ho bona hore na chelete e salang e nyenyane hakae.

Ba bang ba sebetsa lihora tse seng kae kapa haufinyane le hae, e leng ho ka etsang hore ba amohele chelete e nyenyane empa ba qeta nako e eketsehileng ba e-na le bana ba bona. Haeba u etsa qeto ea ho khaotsa ho sebetsa, ’me mosebetsi oa hao e ne e le oa bohlokoa ho uena hore u ikutloe u le motho oa bohlokoa ’me u finyeletse ho itseng, nahana ka seo u ka se etsang hore u ’ne u ikutloe ka tsela eo leha u se u sa sebetse.

❖ Fumana thuso: Lentsoe la Molimo le bontša khafetsa hore ‘mohoo o kōpang thuso’ o ka beha litholoana. (Exoda 2:23, 24; Pesaleme ea 34:15) Mohoo oa ’mè ea kōpang thuso o lokela ho ipiletsa ho monna oa hae hore a mo thuse. Ha a sebelisana le uena, le ka ’na la etsa kemiso ea ho arola mosebetsi oa lelapa e le hore le be le nako ea ho finyella lipakane tseo le li entseng hammoho—tse kang ho ba le nako ea bana ba lōna. Haeba ho khoneha, ’mè o lokela hore a boele a kōpe thuso le khothatso ho ba bang, ho akarelletsa le beng ka eena le metsoalle eo a e tšepang, e nang le lithahasello le lipakane tse tšoanang le tsa hae.

Bo-’mè ba bangata ba tšehetsoa hamolemo ke balumeli-’moho le bona phuthehong ea Bokreste ea habo bona. María, eo e leng ’mè oa bana ba bararo, o ile a hlokomela hore “ho atamela haufi le phutheho” ke tsela e ’ngoe eo “Molimo a re bontšang lerato le mohau ka eona le eo ka eona a re bontšang hore o amehile ka rōna.”

❖ Iphe nako ea ho phomola: Esita le Jesu, motho ea neng a phethahetse ’me a le matla haholo, o ile a memela barutuoa ba hae ho ea ‘boinotšing sebakeng se ka thōko ’me ba e’o phomola hanyenyane.’ (Mareka 6:30-32) Ho ba ’mè ea atlehileng ho itšetlehile ka matla a hao a ho lula u tsitsitse ha u etsa mesebetsi e boima. Ke ’nete hore bana ba hao ba hloka nako ea hao, empa hape ba batla hore u thabe u be u khotsofale. Ho hlokahala hore u fumane phomolo e lekaneng.

Angela, eo ho builoeng ka eena pejana, o na le tokisetso ea ho phomola: “Ke behella nako ea ho ikhutsa ka thōko hoseng. Ke qeta bonyane halofo ea hora ke ikhutsitse. ’Na le monna oa ka re ba babeli masiu a mabeli ka beke ha bana ba le sebakeng se seng ka tlung ba etsa ho itseng ba khutsitse. Kahoo re ka qeta hora re le bang.”

❖ Etelletsa lintho tsa moea pele: Ho ’nile ha hlokomeloa hore mathata a ho ba ’mè a mpefatsoa ke ho hlokomoloha morero oa hona le ho se lokisetse lintho tse tlang pele. Malapa a Bakreste aa thaba ha a sebetsa hammoho ho etelletsa thato ea Molimo pele bophelong ba ’ona. Moapostola Pauluse o ile a ngola: ‘Boinehelo ba bomolimo bo molemo bakeng sa lintho tsohle, kaha bo na le tšepiso ea bophelo ba hona joale le ea bo tlang ho tla.’ (1 Timothea 4:8) Lelapa le phelang ka boinehelo ba bomolimo le le latelang tataiso ea Molimo e ka Bibeleng le tla thaba. Le haeba ke setho se le seng feela se sebelisang melao-motheo ea Bibele, lintho li ba molemo ho feta haeba ho se na ea e sebelisang.

Adele, ’mè oa Mokreste ea sebetsang nako e tletseng, o bone melemo ea ho rata lintho tsa moea. O re: “Re na le tataiso e ngata le boitsebiso ka har’a lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tse re rutang seo bana ba rōna ba talimanang le sona le kamoo re ka ba thusang kateng. Ho bona bana ba hao ba nka bohato ka seo u ba fepang sona moeeng ho etsa hore phepo eo eohle e be ea bohlokoa. Ha u bona tsoelo-pele e itseng boitšoarong ba bona le tseleng eo ba behang mabaka ka eona, u hlokomela hore baa utloisisa le hore boiteko ba hao boa atleha.”a

Ka sebele motho a ka atleha ho hlōla mathata a ho ba ’mè. Molimo ka boeena o fana ka khothatso e tšelisang ea hore boiteko ba bo-’mè ba mafolofolo le ba itetseng ba mo tšepang e ke ke ea e-ba ba lefeela. Bo-’mè ba sebeletsang ho ba le kamano le eena ba ka khothatsoa ke tšepiso ea hae ea ho “fana ka matla ho ea khathetseng.”—Esaia 40:29.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lipaki tsa Jehova li hatisitse lingoliloeng tse ngata tse thehiloeng Bibeleng tse etselitsoeng ho koetlisa bana. Li akarelletsa Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele, Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang le Lekunutu la Thabo ea Lelapa.

[Lebokose le leqepheng la 10]

Tšusumetso ea ’Mè

Joaloka ’mè, ka linako tse ling u ka ’na ua ipotsa hore na u na le tšusumetso e kae bophelong ba ngoana oa hao. Ka linako tse ling, tšusumetso ea lithaka, mesuoe, boikhathollo, lipapali tsa video le ’mino e ka ’na ea bonahala e feta ea hao.

Nahana ka mohlala oa Jokebede, ’mè oa Moshe. O phetse linakong tse boima haholo ’me o ne a se na matla tabeng ea se neng se ka etsahalla mora oa hae. Empa o ile a sebelisa menyetla eo a neng a e-na le eona bakeng sa ho ba le tšusumetso khōlisong ea hae. Taba ea pele, o ile a bontša tumelo e matla ka ho se lumelle hore Moshe a bolaoe. Molimo o ile a putsa tumelo ea hae eseng feela ka ho pholosa bophelo ba lesea la hae empa le ka ho lokisetsa maemo a ileng a lumella Jokebede ho ba mohlokomeli oa hae—le ’mè oa hae.—Exoda 1:15, 16; 2:1-10.

Ho totobetse hore Jokebede o ile a thusa ho bōpa botho ba mora oa hae. Taba ea hore Moshe ha a se a hōlile o ile a ba le lerato le matla bakeng sa Baheberu le Molimo oa bona ho sa tsotellehe ho amana ha hae le ba moreneng Egepeta, e bontša hore batsoali ba hae ba bile le tšusumetso khōlong ea hae.—Baheberu 11:24-26.

Joaloka ’mè, mohlomong u na le menyetla e mengata ho feta Jokebede ea ho ba le tšusumetso ngoaneng oa hao. Na u nka monyetla ka lilemo tse seng kae tsa bongoana ba lesea la hao hore u le fe thuto ea bomolimo e tšoarellang? Kapa na u lumella litloaelo tse atileng hore li be le tšusumetso e khōlō khōlong ea ngoana oa hao?

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Kopanyelletsa ba bang mosebetsing oa lapeng, e-ba le nako ea ho ikhutsa, ’me u etelletse lintho tsa moea pele

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela