Pono ea Bibele
Na Bakreste ba Lokela ho Lebella Tšireletso ea Molimo?
Bibele e bua khafetsa ka matla a Molimo a ho sireletsa barapeli ba hae kotsing. Morena Davida o ile a re: “Jehova, u mpholose ho batho ba babe; e se eka u ka ntšireletsa le ho motho oa liketso tse mabifi.” (Pesaleme ea 140:1) Kajeno barapeli ba Molimo ba bangata ba ’nileng ba tobana le pefo, tlōlo ea molao, kapa likoluoa tsa tlhaho ba phonyohile lefu kapa kotsi ka lesobana la nale. Ba bang ba ’nile ba ipotsa hore na ebe Molimo o ba sirelelitse ka mohlolo liketsahalong tseo kapa che, haholo-holo ha liketsahalong tse ling batho ba tšabang Molimo ba sa ka ba phonyoha empa ba ile ba hlaheloa ke litlokotsi tse tšabehang, esita le ho shoa ka sehlōhō.
NA Jehova Molimo o sireletsa batho ba itseng kotsing empa ba bang a sa ba sireletse? Na re lokela ho lebella ho lopolloa ka mohlolo pefong le likoluoeng kajeno?
Tšireletso ea Mohlolo Litlalehong Tsa Bibele
Bibele e na le litlaleho tse ’maloa tseo ho tsona Molimo a ileng a namolela barapeli ba hae ka mohlolo. (Esaia 38:1-8; Liketso 12:1-11; 16:25, 26) Mangolo a boetse a hlalosa kamoo liketsahalong tse ling bahlanka ba Jehova ba sa kang ba lokolloa tlokotsing kateng. (1 Marena 21:1-16; Liketso 12:1, 2; Baheberu 11:35-38) Joale, ho hlakile hore Jehova a ka etsa qeto ea ho fana ka tšireletso ka lebaka kapa ka sepheo se itseng neng le neng ha a khetha ho etsa joalo. Ka hona, ha Bakreste ka bomong ba sa lokolloe litekong tse itseng, ha baa lokela ho etsa qeto ea hore Molimo o ba lahlile. Re lokela ho amohela ’nete ea hore lintho tse bohloko li tla etsahala, esita le ho hlahela bahlanka ba tšepahalang ba Jehova. Ke hobane’ng ha ho le joalo?
Lebaka Leo ka Lona Lintho Tse Bohloko li Hlahelang Bahlanka ba Tšepahalang ba Molimo
Lebaka le leng ke hobane bohle re futsitse sebe le ho se phethahale ho Adama le Eva. Kahoo, re tjametsoe ke bohloko, mahlomola le lefu. (Baroma 5:12; 6:23) Lebaka le leng ke hobane re phela matsatsing a ho qetela. Bibele e hlalosa batho ba mehleng ea rōna e le “ba se nang lerato la tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo.” (2 Timothea 3:1-5) Bopaki ba sena ke ho ata ha peto, ho koetela, ho bolaea le litlōlo tse ling tse sehlōhō tsa molao.
Bahlanka ba bangata ba tšepahalang ba Molimo ba phela le batho ba mabifi ba bile ba sebetsa le bona ’me ka linako tse ling batho bao baa ba hlasela. Re ka ’na ra iphumana re le kotsing hobane feela re le sebakeng se fosahetseng ka nako e fosahetseng. Ho feta moo, re bona ’nete ea mantsoe a Solomone ha a ne a re “bohle ba hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.”—Moeklesia 9:11.
Ho phaella moo, moapostola Pauluse o ile a bolela hore Bakreste ba ne ba tla hlorisetsoa ho rapela Molimo. O ile a re: “Ha e le hantle, bohle ba lakatsang ho phela ka boinehelo ba bomolimo kamanong le Kreste Jesu le bona ba tla hlorisoa.” (2 Timothea 3:12) Lilemong tsa morao tjena sena se ipakile e le ’nete linaheng tse ngata.
Ka hona, batho ba tšabang Molimo ha baa lokoloha liphellong tsa pefo, tlōlo ea molao, likoluoa tsa tlhaho, kapa lefu la tšohanyetso. Satane o lekile ho sebelisa khang ea hore Jehova o etsetsa batho ba Hae lekhoakhoa le ba pota-potileng e le hore ba se ke ba hlaheloa ke kotsi leha e le efe bophelong. (Jobo 1:9, 10) Seo hase ’nete. Leha ho le joalo, re ka kholiseha hore le hoja Jehova a sa lopolle batho ba hae ka mohlolo, ho ba sireletsa teng oa ba sireletsa.
Kamoo Jehova a Sireletsang Batho ba Hae Kateng Kajeno
Ka Lentsoe la hae, Jehova o fana ka tataiso e sireletsang batho ba hae. Mesebetsi ea moea le tsebo ea Bibele li ka re etsa hore re be le kahlolo e molemo le kelello e hlaphohileng, e leng ho ka re thusang ho qoba liphoso tse sa hlokahaleng le ho etsa liqeto tse bohlale. (Pesaleme ea 38:4; Liproverbia 3:21; 22:3) Ka mohlala, ho ela hloko keletso ea Bibele tabeng ea boitšoaro ba ho kopanela liphate, meharo, bohale le mabifi ho sirelelitse Bakreste litlokotsing tse ngata. Hape, ka ho se be le setsoalle se haufi le batho ba babe, re fokotsa monyetla oa ho ba moo tlokotsi e ka ’nang ea hlaha teng—ho ba sebakeng se fosahetseng ka nako e fosahetseng. (Pesaleme ea 26:4, 5; Liproverbia 4:14) Ba phelang ka melao-motheo ea Bibele ba thabela bophelo ba boleng bo phahameng, e leng hoo hangata ho fellang ka bophelo bo molemonyana kelellong le ’meleng.
Ho tšelisang le ho feta ke ho tseba hore le haeba Molimo a lumella lintho tse bohloko ho etsahala, o tla fa barapeli ba hae matla a hlokahalang e le hore ba ka li mamella. Moapostola Pauluse oa re tiisetsa: “Molimo oa tšepahala, ’me a ke ke a le tlohela hore le lekoe ho feta seo le ka se jarang, empa hammoho le moleko o tla boela a le bulele tsela ea ho tsoa e le hore le khone ho o mamella.” (1 Bakorinthe 10:13) Bibele e boetse e re tšepisa “matla a fetang se tloaelehileng” ho re thusa ho mamella litlokotsi.—2 Bakorinthe 4:7.
Molimo o Etsa ho ea ka Thato ea Hae
Na Bakreste ba lokela ho lebella hore Molimo a ba pholose ka mohlolo nako le nako ha koluoa e ba sokela? Tlaleho ea Bibele ha e tšehetse tebello e joalo.
Ke ’nete hore Jehova Molimo a ka khetha ho namolela leha e le bafe ba bahlanka ba hae ka ho toba. ’Me haeba e mong a lumela hore o phonyohile kotsi ka thuso ea Molimo, ha aa lokela ho nyatsoa. Empa haeba Jehova a khetha ho se re namolele, ha rea lokela ho nka hore ke pontšo ea hore ha a amohele ho itseng.
A re kholiseheng hore ho sa tsotellehe teko kapa boemo boo re tobanang le bona, Jehova o tla sireletsa bahlanka ba hae ba tšepahalang, ebang ke ka ho tlosa boemo, ho ba fa matla a ho bo mamella, kapa haeba re shoa, ka ho re tsosetsa bophelong bo sa feleng lefatšeng la hae le lecha.—Pesaleme ea 37:10, 11, 29; Johanne 5:28, 29.