Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 5/8 maq. 26-27
  • Tsela e Molemohali ea ho Finyella Seo U se Hlokang Moeeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela e Molemohali ea ho Finyella Seo U se Hlokang Moeeng
  • Tsoha!—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U Fumane Bolumeli bo Nepahetseng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Na U ka Thabela ho Tseba ’Nete?
    Na U ka Thabela ho Tseba ’Nete?
  • Ke Eng Seo e Leng ’Nete ka Molimo?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Bolumeli
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 5/8 maq. 26-27

Tsela e Molemohali ea ho Finyella Seo U se Hlokang Moeeng

KE HOBANE’NG HA BATHO ba hloka bolumeli? Ba bang ba tla re batho ba retelehela litabeng tsa moea e le hore ba fumane tšireletseho lefatšeng lena le sa sireletsehang. Empa ho ameha ho fetang hoo. Sehlooho se koranteng ea American Sociological Review se itse: “Ho batla tšireletseho hase hona feela ho hohelang batho bolumeling. Kamehla batho ba ’nile ba ipotsa lipotso tse kang: Re tsoa hokae? Re ea hokae? Re phelela’ng?”

Ntle ho pelaelo, u tla lumela hore lipotso tseo ke tsa bohlokoa haholo. Ka hona, na ha li hloke likarabo tse ka tšeptjoang? Lipotso tseo ke tsa bohlokoa haholo, li tebile hoo li ke keng tsa arabeloa feela tjee ke ho ikhethela litumelo tseo re utloang li re khahla malumeling a fapaneng. Haeba re batla ho fumana likarabo tsa sebele, tse ka tšeptjoang lipotsong tsena tsa bohlokoa bophelong, ka sebele re hloka tsela e molemo ea ho li araba.

Na ho na le ho itseng ho molemo? Mofetoleli oa Bibele, Ferrar Fenton, o ile a bua ho hong ho ikhethang ka buka eo. O ile a re ke “oona feela mohloli o etsang hore Motho a utloisise Mohlolo oa Bokahohle le ho ikutloisisa.” E, Bibele e araba lipotso tse mabapi le nako e fetileng, mehla ea kajeno le e tlang. E re bolella hore na re tsoa hokae, morero oa bophelo ke ofe, kamoo re ka fumanang thabo le hore na bokamoso bo re tšoaretse eng. Ha ho na buka e ’ngoe historing e ’nileng ea e-ba le tšusumetso e tšoanang le ea Bibele; ebile ha ho buka leha e le efe e ’ngoe e pholohileng litlhaselong tse ngata tse mabifi joaloka eona. Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha ba bangata hakaale ba hlokomoloha buka ee e ikhethang ha ba batla likarabo lipotsong tse amanang le bophelo?

Batho ba bangata ha ba e-s’o iphe nako ea ho nahana ka phapang e khōlō e teng pakeng tsa Bibele le likereke tseo ba li tsebang. Ba bone kamoo batho ba ipitsang Bakreste ba bolaileng ba bang kateng ba sebelisa lebitso la Molimo. The Guardian e hlokometse hore ba bangata ba tletleba ka hore “matsatsing ana baprista ba thahasella ho bokella chelete ho feta ho etela batho ka morero oa ho ba hlokomela moeeng.” Mohlomong ba nahana hore Bibele e lumella boitšoaro bo joalo. ’Nete ke hore Bibele e laela Bakreste hore ba “ratane,” e bile e re ho ba rutang lentsoe, “Le amohetse ntle ho tefo, le fane ntle ho tefo.” (Johanne 13:34; Matheu 10:8) Ka hona, na ho lokile ho ahlola Bibele ka liketso tsa batho ba reng baa e hlompha empa ha e le hantle ba sa e latele?

Ba bangata ba lumela hore Bibele ha e lumellane le saense, ea ikhanyetsa ebile e siuoe ke nako. Empa patlisiso e feletseng e pakile seo e le bohata. Ke ’nete hore Bibele hase buka ea saense. Empa ha e bua ka lintho tse amanang le saense—tse kang ho latellana hoo lintho tse phelang li hlahileng ka hona lefatšeng, sebōpeho sa lefatše kapa tsela e nepahetseng ea ho sebetsana le mafu a tšoaetsanoang—Bibele e otla sepekere hloohong. Ho e-na le hoo, e na le litaba tse ileng tsa sibolloa makholo a lilemo hamorao hore li nepahetse. Le hoja Bibele e le pokello ea libuka tse 66 tse ngotsoeng nakong ea lilemo tse 1 600, kaofela ha tsona lia lumellana. Ho feta moo, Bibele e hlalosa ka mokhoa o ikhethang botho ba motho, e leng se etsang hore kajeno e be nakong le ho feta.

Buka ena e tsotehang e bua ntho e ’ngoe ea bohlokoa ka borapeli ba Molimo. E re borapeli bo joalo bo lokela ho etsoa ho itšetlehiloe ka litekanyetso tsa Molimo, e seng tsa motho. (Johanne 5:30; Jakobo 4:13-15; 2 Petrose 1:21) Empa ke batho ba ’maloa ba latetseng molao-motheo oo ka botšepehi. Ho tloha nakong ea boholo-holo, batho ba ’nile ba etsa hore bolumeli bo lumellane le merero ea bona. Sena se bonahala ha batho ba iketsetsa melimo ka likotoana tsa lehong ’me ba e rapela. Ho joalo le ka malumeli a rutang lithuto tseo a iqapetseng tsona. Na ha ho joalo le ka batho ba iqapelang bolumeli ba bona e le hore bo lumellane le seo ba se batlang?

Nahana ka monyetla o mong. Ke hobane’ng ha u sa etsise moahloli ea ka sehloohong oa Lekhotla le ka Holimo-limo la United States? Joalokaha a batlisisa linyeoe tse tlileng khotla, o ile a batlisisa ka ho hloka leeme hore na Bibele e bua ’nete kapa che. Phello e bile efe? O itse: “Ke fihletse qeto ea hore Bibele ke buka e ikhethang, e tsoang ho Molimo.”

U ka etsa patlisiso e tšoanang le eo joang? Re etsa tlhahiso ea hore u leke ho ithuta Bibele ka tsela e hlophisehileng, u hlahlobe likarabo tsa eona lipotsong tse botsitsoeng qalong ea sehlooho sena. Ho na le Lipaki tsa Jehova tse ka bang limilione tse tšeletseng linaheng tse 235, tse ileng tsa iketsetsa patlisiso e joalo. Li ithaopela ho sebelisa nako ea tsona li ruta ba bang seo li ithutileng sona. Lenaneo la thuto ea lehae ea Bibele leo li fanang ka lona ntle ho tefo le thusitse ba limilione hore ba fumane tumelo eo e seng ea nakoana kapa ea boikhethelo ba motho ka mong. Bokreste ba ’nete, bo hloekileng, bo hlalositsoeng ka Bibeleng, hase bolumeli bo bong feela tjee. Bo emela ’nete ea Molimo le merero ea hae. Ke hobane’ng ha re ka khotsofalla boo e seng ba ’nete?—Johanne 17:17.

[Litšoantšo tse leqepheng la 26]

Tsela e molemohali ea ho finyella seo u se hlokang moeeng ke ea ho ithuta ka Molimo Bibeleng le ka ho kopanela le barapeli ba ’nete

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela