Pono ea Bibele
Litšoantšo Tse Tsosang Takatso ea Boitšoaro bo Bobe—Na li Tlosa Bolutu Feela li se na Kotsi?
HA BAEPOLLI ba lintho tsa khale ba mehleng ea Mofumahali Victoria ba qala ho epa lithako tsa boholo-holo tsa Pompeii, ba ile ba tšosoa ke seo ba ileng ba se epolla. Har’a litšoantšo tse ntle tse takiloeng leboteng le tse betliloeng ho ne ho e-na le tse ngata tse bontšang pepenene batho ba kopanelang likobo. Ba tšositsoe ke bohlaha ba tsona, ba boholong ba ile ba li beha musiamong o sephiring. Ba ile ba qapa lentsoe “pornography” le bolelang ‘litšoantšo tse tsosang takatso ea boitšoaro bo bobe,’ le thehiloeng mantsoeng a mabeli a Segerike pornē le graphos, a bolelang ‘ho ngola litaba tse buang ka matekatse.’ Kajeno litšoantšo tse tsosang takatso ea boitšoaro bo bobe li hlalosoa e le litšoantšo tse susumetsang takatso tse bonoang libukeng, lifiliming ka sebōpeho sa litšoantšo, liemahale, le tse ling tse joalo tse reretsoeng ho tsosa takatso ea ho kopanela likobo.
Matsatsing ana, litšoantšo tsa mofuta ona li atile ’me ho bonahala li amoheloa lichabeng tse ngata tse tsoetseng pele. Le hoja pele li ne li bontšoa lifiliming tse tummeng hampe le libakeng tse tletseng ka matlo a botekatse, hona joale li bonahala li atile haholo mefuteng e mengata ea batho. United States feela, litšoantšo tse tsosang takatso ea boitšoaro bo bobe li kenya chelete e fetang liranta tse limilione tse likete tse 114 ka selemo!
Ba bang ba buellang litšoantšo tsena ba re ke tsela ea ho natefisa lenyalo le bosula. Sengoli se seng se itse: “Li hlasimolla mohopolo. Li rupela batho ho fumana monyaka oa ha ba kopanela likobo.” Ba bang ba re li khothalletsa ho toba taba le ho lokoloha ha ho buuoa ka ho kopanela likobo. Sengoli Wendy McElroy o re “litšoantšo tse tsosang takatso ea boitšoaro bo bobe li tsoela basali molemo.”
Empa hase e mong le e mong ea lumelang seo. Litšoantšo tse tsosang takatso ea boitšoaro bo bobe hangata li ’nile tsa amahanngoa le liphello tse ngata tse kotsi le boikutlo. Ba bang ba amahanya litšoantšo tsena le peto le mefuta e meng ea pefo khahlanong le basali le bana. ’Molai ea tummeng hampe, ea ileng a bolaea batho ba bangata ka tsela e tšoanang, Ted Bundy, o lumela hore o ne a e-na le “takatso e matla ea ho shebella litšoantšo tse tsosang takatso ea boitšoaro bo bobe tse tsamaeang le pefo.” O re: “Motho ha a bone kapele hore o boemong bona kapa hona ho hlokomela hore bo tebile. . . . Empa thahasello ena . . . e lebisa mohopolo litabeng tsa ho kopanela likobo tse akarelletsang pefo. Ke batla ho hatisa haholo taba ea hore takatso ena e kena motho butle-butle. Hase ntho e hōlang ka nako e khutšoaane.”
Ka lebaka la khang e sa feleng le ho ata ha boitsebiso bo tsosang takatso ea boitšoaro bo bobe kajeno, u ka ’na ua ipotsa, ‘Na Bibele e fana ka tataiso e itseng tabeng ee?’
Bibele e Toba Taba Mabapi le ho Kopanela Likobo
Bibele e toba taba le ho bua ka mokhoa o se nang lihlong ka litaba tsa ho kopanela likobo. (Deuteronoma 24:5; 1 Bakorinthe 7:3, 4) Solomone o elelitse: ‘Thaba le mosali oa bocha ba hao. Matsoele a hae a ke a u tahe ka linako tsohle.’ (Liproverbia 5:18, 19) Ho fanoa ka keletso le tataiso e hlakileng mabapi le litaba tsa ho kopanela likobo, ho akarelletsa le meeli eo kamano ena e lokelang ho thabeloa ho eona. Ho kopanela likobo ka ntle ho lenyalo ha ho lumelloe. Ho joalo le ka mefuta eohle e tsoileng tseleng le e silafetseng ea ho kopanela likobo.—Levitike 18:22, 23; 1 Bakorinthe 6:9; Bagalata 5:19.
Esita le ka har’a meeli ena, ho lebeletsoe boithibo le boitlhompho. Moapostola Pauluse o ngotse: “Lenyalo le ke le hlomphehe har’a bohle, le liphate tsa lenyalo li hloke litšila.” (Baheberu 13:4) Keletso ena e fapane ka ho feletseng le sepheo le molaetsa oa litšoantšo tse tsosang takatso ea boitšoaro bo bobe.
Litšoantšo Tse Tsosang Takatso ea Boitšoaro bo Bobe li Khopamisa ho Kopanela Likobo
Ho e-na le hore li bontše kamano ea ho kopanela likobo e le pontšo e ntle le e tebileng ea lerato pakeng tsa monna le mosali lenyalong le hlomphehang, litšoantšo tsena li nyenyefatsa le hona ho khopamisa ketso ena. Ho kopanela likobo le motho leha e le mang le ka tsela e tsoileng tseleng ho hlahisoa e le ho thabisang le ho khahlehang. Ho hatelloa ho ikhotsofatsa ho sa natsoe kapa hona ho nahanela motho e mong.
Basali, banna le bana ba bontšoa e le lintho tse etselitsoeng ho khotsofatsa feela takatso ea ho kopanela likobo. Tlaleho e ’ngoe e re: “Botle bo lekanngoa ka seemo sa ’mele oa motho, se etsang hore ho lebelloe lintho tseo e seng tsa sebele.” Tlaleho e ’ngoe e phetha ka ho re: “Ho bontša basali e le batho feela ba sa reng letho, ba lulang ba letetse menyetla e itseng, e le lisebelisoa tsa banna thobalanong, ba hlobola le ho pepesa ’mele ea bona bakeng sa chelete le bakeng sa ho thabisa ba bang, ho ke ke ha fetisa molaetsa oa hore basali ba tšoanela ho tšoaroa ka ho hloka leeme, ba e-na le seriti le botho.”
Ka lehlakoreng le leng, Pauluse o ngotse hore lerato “ha le itšoare ka mokhoa o sa hlompheheng, ha le batle lithahasello tsa lona.” (1 Bakorinthe 13:5) Bibele e khothalletsa banna hore ba ‘rate basali ba bona joaloka ’mele ea bona’ le ho ba ‘abela tlhompho,’ eseng ho nka basali e le lintho feela tse etselitsoeng ho ba khotsofatsa tabeng ea ho kopanela likobo. (Baefese 5:28; 1 Petrose 3:7) Na motho eo kamehla a shebellang litšoantšo tse pepesang ho kopanela likobo ha batho ba bang, ebang ke monna kapa mosali, o fela a itšoara ka mokhoa o hlomphehang? Hona na motho eo o fela a bontša tlhompho? Ho e-na le ho khothalletsa lerato, litšoantšo tse tsosang takatso ea boitšoaro bo bobe li khothalletsa takatso ea boithati.
Ho na le lebaka le leng hape. Joaloka tšusumetso leha e le efe e fosahetseng, se qalang se hlasimolla motho ka potlako se fetoha tloaelo. Sengoli se seng se re: “Qetellong, [ba shebellang litšoantšo tse tsosang takatso ea boitšoaro bo bobe] ba batla tse fetelletseng le tse tsoileng tseleng le ho feta . . . Ba ka susumelletsa balekane ba bona liketsong tse makatsang ka ho fetisisa tsa ho kopanela likobo . . . , ba felloa ke matla a ho bontša lerato [la bona] la sebele.” Na see se utloahala e le ho itlosa bolutu ho seng kotsi? Empa ho boetse ho na le lebaka le leng la bohlokoa la ho qoba litšoantšo tse tsosang takatso ea boitšoaro bo bobe.
Pono ea Bibele ka Takatso e Feteletseng
Le hoja ba bangata kajeno ba nka hore ha ho na phoso kapa eona kotsi ka ho tsosa takatso ea boitšoaro bo bobe, Bibele e hanana le seo. E hlalosa ka ho hlaka hore ho na le kamano ea bohlokoa pakeng tsa seo re fepang likelello tsa rōna ka sona le tsela eo re itšoarang ka eona. Morutuoa oa Mokreste, Jakobo, o re: “E mong le e mong o lekoa ke ho huloa le ho ekoa ke takatso ea hae. Joale takatso, ha e emere, e tsoala sebe.” (Jakobo 1:14, 15) Jesu o itse: “E mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le eena ka pelong ea hae.”—Matheu 5:28.
Joalokaha Jakobo le Jesu ba bontša, batho ba itšoara ho latela takatso eo ba nang le eona. Takatso eo, ha e fepiloe le ho matlafatsoa, e ka qetella e bile tabatabelo e matla. Ho thata haholo ho hanela tabatabelo e matla ’me qetellong e ka qobella motho ketsong. Ka hona, seo re fepang likelello tsa rōna ka sona se ka ba le phello e matla tabeng ea seo re qetellang re se entse.
Ho tsosa takatso ea boitšoaro bo bobe ho ka kena-kenana ka ho toba le borapeli ba rōna ho Molimo. Ke ka hona Pauluse a ileng a ngola: “Ka hona, le bolaee litho tsa ’mele ea lōna . . . mabapi le bohlola, ho se hloeke, takatso ea botona kapa ea botšehali, takatso e kotsi, le ho chacheha ka mohono, e leng borapeli ba litšoantšo.”—Bakolose 3:5.
Mona Pauluse o amahanya takatso ea botona kapa botšehali le ho chacheha ka mohono, e leng takatso e feteletseng bakeng sa ntho eo motho a se nang eona.a Ho chacheha ka mohono ke mofuta o mong oa borapeli ba litšoantšo. Hobane’ng? Hobane motho ea chachehelang ho itseng o ho beha ka pel’a ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ho akarelletsa le Molimo. Litšoantšo tse tsosang takatso ea boitšoaro bo bobe li susumelletsa motho ho ba le takatso e feteletseng ea ntho eo a se nang eona. Sengoli se seng sa bolumeli se re: “U batla bophelo ba ho kopanela likobo ba motho e mong. . . . Sohle seo u se nahanang ke ho khotsofatsa takatso ea seo u se nang sona. . . . Re rapela seo re se lakatsang ka ho feteletseng.”
Litšoantšo Tse Tsosang Takatso ea Boitšoaro bo Bobe li Hlephisa Boitšoaro
Bibele ea eletsa: “Lintho life kapa life tse hloekileng, lintho life kapa life tse ratehang, lintho life kapa life tse buuoang hantle . . . , le tsoele pele ho nahana ka lintho tsena.” (Bafilipi 4:8) Motho ea fepang mahlo a hae le kelello ka litšoantšo tse tsosang takatso ea boitšoaro bo bobe o hana khothatso ea Pauluse. Litšoantšo tsena ha lia hloeka kaha li pepesetsa batho bohle ka tsela e hlabisang lihlong liketso tsa kamano e haufi-ufi tse etsoang boinotšing. Lia nyonyeha kaha li nyenyefatsa le hona ho theola batho seriti. Li bontša ho hloka lerato kaha ha li khothalletse mofuthu kapa ho tsotella ba bang. Ha tsona ke ho khothalletsa feela takatso e feteletseng ea boithati.
Ka ho bontša liketso tsa boitšoaro bo bobe le tse litšila ho sa hlokahale, litšoantšo tse tsosang takatso ea boitšoaro bo bobe li fokolisa kapa hona ho thibela boiteko ba Mokreste ba ‘ho hloea se sebe.’ (Amose 5:15) Li khothalletsa sebe, ’me sena se khahlanong ka ho feletseng le khothatso ea Pauluse ho Baefese ha a re: “Bohlola le ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong kapa meharo le ho boleloa li se ke tsa boleloa har’a lōna, feela joalokaha ho tšoanela batho ba halalelang; leha e le boitšoaro bo hlabisang lihlong . . . kapa mesoaso e nyonyehang, lintho tse sa tšoanelang.”—Baefese 5:3, 4.
Ha ho na litšoantšo tse tsosang takatso ea boitšoaro bo bobe tse seng kotsi. Li sebelisa motho hampe le ho mo silafatsa. Li ka senya likamano tsa batho, tsa etsa hore kamano ea tlhaho e haufi-ufi ea ho kopanela likobo e fetohe mokhoa oa ho khotsofatsa ba itsosetsang takatso ka ho li shebella. Li senya kelello le bomoea ba moshebelli ea joalo. Li khothalletsa boithati, meharo ’me li ruta batho hore ba nke ba bang joaloka lisebelisoa tsa ho khotsofatsa feela takatso ea bona e feteletseng. Li fokolisa boiteko ba ho etsa se molemo le ho ba le letsoalo le hloekileng. Habohlokoa ka ho fetisisa, li ka silafatsa kapa tsa hla tsa senya kamano ea motho ea moea le Molimo. (Baefese 4:17-19) Ka sebele, litšoantšo tse joalo ke seoa se lokelang ho qojoa.—Liproverbia 4:14, 15.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mona Pauluse o ne a sa bue ka takatso e tloaelehileng ea ho kopanela likobo—takatso e tloaelehileng eo motho a bang le eona ea ho ba le kamano e haufi-ufi le molekane oa hae.
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Litšoantšo tse tsosang takatso ea boitšoaro bo bobe li silafatsa pono ea motho ka batho ba bong bo fapaneng