Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 8/8 maq. 12-13
  • Molimo o Ikutloa Joang ka Pefo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo o Ikutloa Joang ka Pefo?
  • Tsoha!—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tlaleho ea Khale ea Pefo
  • Tšusumetso ea Bademona
  • Molimo o Hloile Pefo
  • Na ho na le Mohla Pefo e Tla Fela?
  • Pefo
    Tsoha!—2015
  • Na Bokhopo bo Tla ke bo Fele?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Ho Tšoara ba Bang ka Tsela eo Molimo a Batlang ka Eona
    Lula U Hopola Letsatsi la Jehova
  • Ho Rata Liketso Tse Mabifi ka ho Feteletseng
    Tsoha!—2012
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 8/8 maq. 12-13

Pono ea Bibele

Molimo o Ikutloa Joang ka Pefo?

PEFO e atile hohle ’me e mefuta e mengata. Ntle le pefo e amanang le ntoa, ho na le e amanang le lipapali, lithethefatsi, lihlopha tsa litlokotsebe, sekolo le mosebetsi, hammoho le e amanang le boithabiso. Esita le eona pefo ea ka lapeng e bonahala e atile malapeng a mangata. Ka mohlala, phuputso e ’ngoe e sa tsoa etsoa e fumane hore Canada, banna le basali ba limilione tse 1,2 ba ile ba hlaseloa ka mabifi ke balekane ba bona bonyane hanngoe lilemong tse hlano tse tsoa feta. Phuputso e ’ngoe e phethile ka hore banna ba etsang karolo ea 50 lekholong ba shapang basali, ba boetse ba shapa bana ba bona ka mabifi.

Ka sebele, u tlameha ho tšosoa ke liketso tse joalo tsa pefo, joalo feela kaha li tšosa batho ba bangata. Leha ho le joalo, pefo e fetohile motsoako oa bohlokoa boithabisong bo bongata ba kajeno. Bashebelli ha ba haptjoe feela ke pefo ea lifiliming e bonahalang eka ke ntho ea sebele, empa ba boetse ba haptjoa ke mabifi a hlahisoang thelevisheneng a lintho tsa sebele tse etsahetseng. Litebele le lipapali tse ling tse mabifi li ratoa haholo linaheng tse ngata. Empa Molimo o ikutloa joang ka pefo?

Tlaleho ea Khale ea Pefo

Pefo e na le tlaleho ea khale. Ketso ea pele e mabifi e neng e etsoe ke motho e tlalehiloe Bibeleng ho Genese 4:2-15. Kaine, mora oa letsibolo oa Adama le Eva, o ile a honohela moena oa hae Abele ’me a ’molaea ka boomo. Molimo o ile a nka khato efe? Bibele e hlalosa hore Jehova Molimo o ile a otla Kaine ka kotlo e bohloko ka lebaka la ho bolaea mor’abo.

Ho Genese 6:11, re bala hore lilemo tse fetang 1 500 ka mor’a ketsahalo eo, lefatše le ne “le tletse pefo.” Molimo o ile a nka khato efe lekhetlong lee? O ile a laela Noe ea lokileng hore a hahe areka e neng e tla pholosa eena le lelapa la hae ha Jehova a tlisa moroallo lefatšeng, ka tsela eo, ‘a felisa’ sechaba seo se neng se le mabifi. (Genese 6:12-14, 17) Empa ke’ng e neng e entse hore sechaba seo se sekamele pefong hakaalo?

Tšusumetso ea Bademona

Tlaleho ea Genese e senola hore bara ba Molimo, e leng mangeloi a sa mameleng, a ile a iphetola batho, a nyala basali ’me a tsoala bana. (Genese 6:1-4) Bana bao, ba neng ba tsejoa e le Banefilime, e ne e le banna ba liqhenqha ba sa tloaelehang le ba tummeng. Tlas’a tšusumetso ea bo-ntat’a bona ba bademona, ba ile ba fetoha bo-’mampoli ba mabifi. Ha metsi a phahama ho koahela lefatše, bo-’mampoli bana ba khopo ba ile ba timela. Empa mangeloi ’ona ho bonahala a ile a iphetola batho ba moea hape ’me a khutlela sebakeng sa moea.

Bibele e hlakisa hantle hore ho tloha ka nako eo, mangeloi ana a marabele a susumetsa batho ka matla. (Baefese 6:12) Moeta-pele oa ’ona, Satane, o bitsoa “’molai” oa ho qala. (Johanne 8:44) Ka hona, ke ka nepo pefo e lefatšeng e ka bitsoang ea bodemona, kapa ea bosatane.

Bibele e lemosa ka matla a khelosang a pefo. Ho Liproverbia 16:29 e re: “Motho ea mabifi o tla eka oa habo, ’me ka sebele o etsa hore a tsamaee ka tsela e seng molemo.” Ba bangata kajeno ba khelositsoe hore ba amohele liketso tse mabifi, ba li buelle kapa ba kenelle ho tsona. Hape, batho ba limilione ba tšoasitsoe ke ho thabela boithabiso bo tlotlisang pefo. Mantsoe a Pesaleme ea 73:6 a ka sebelisoa ka nepo ho hlalosa moloko oa batho ba kajeno. Mopesaleme o re: “Boikhohomoso ke sefaha ho bona; pefo e ba koahela joaloka seaparo.”

Molimo o Hloile Pefo

Bakreste ba lokela ho itšoara joang lefatšeng lee le tletseng pefo? Tlaleho ea Bibele ea bara ba Jakobo, Simeone le Levi e re fa tataiso e hlakileng. Khaitseli ea bona, Dina, o ile a tloaelana le batho ba boitšoaro bo bobe ba Shikeme. Sena se ile sa etsa hore a betoe ke motho e mong oa Shikeme. Simeone le Levi ba ile ba iphetetsa ka ho bolaea banna bohle ba Shikeme ba se na mohau. Hamorao, Jakobo a le tlas’a pululelo ea Molimo o ile a bolela bomalimabe ba bohale bo sa laoleheng ba bara ba hae ka mantsoe ana: “Simeone le Levi ke bara ba motho. Likofuto tsa pefo ke libetsa tsa bona tsa polao. U se ke ua kena sehlopheng sa bona sa metsoalle e haufi-ufi, Uena moea oa ka. U se ke ua kopana le phutheho ea bona.”—Genese 49:5, 6.

Tumellanong le mantsoe ana, Bakreste ba qoba botsoalle ba batho ba khothalletsang kapa hona ho etsa liketso tse mabifi. Ho hlakile hore Molimo o hloile ba khothalletsang pefo. Bibele e re: “Jehova o hlahloba ea lokileng hammoho le ea khopo, ka sebele moea oa Hae o hloile mang kapa mang ea ratang pefo.” (Pesaleme ea 11:5) Bakreste ba eletsoa hore ba qobe mefuta eohle ea bohale bo sa laoleheng, esita le ho sebelisa mantsoe a mabifi.—Bagalata 5:19-21; Baefese 4:31.

Na ho na le Mohla Pefo e Tla Fela?

Moprofeta oa boholo-holo, Habakuke, o ile a botsa Jehova Molimo: “Ke tla hoeletsa halelele hakae ho uena ho kōpa thuso pefong?” (Habakuke 1:2) Mohlomong u kile ua botsa potso e tšoanang. Molimo o ile a araba Habakuke, a mo tšepisa hore o tla tlosa “ea khopo.” (Habakuke 3:13) Buka ea boprofeta ea Esaia le eona e fana ka tšepo. Mono Molimo oa tšepisa: “Pefo ha e sa tla hlola e utluoa naheng ea heno, tlatlapo kapa thipitlo har’a meeli ea heno.”—Esaia 60:18.

Lipaki tsa Jehova li kholisehile hore haufinyane Molimo o tla tlosa pefo ea mefuta eohle lefatšeng hammoho le ba e khothalletsang. Nakong eo, ho e-na le ho tlala pefo, “lefatše le tla tlala ho tseba khanya ea Jehova joalokaha metsi a koahela leoatle.”—Habakuke 2:14.

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Pefo e qalile ha Kaine a bolaea Abele

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela