Ke Mang ea Tla Tlisa Khotso e sa Feleng?
KE HOBANE’NG ha Molimo a sa araba lithapelo tsa khotso tse entsoeng ke baeta-pele ba malumeli a fapaneng lefatšeng? Bibele e na le karabo e hlollang. Hase hore Molimo ha a thahaselle khotso—o na le takatso e matla haholo ea hore khotso e be teng ho feta baruti ba e rapellang. Ha e le hantle, Molimo o se a bile a entse litokisetso tse tobileng tsa ho tlisa khotso lefatšeng. O se a bile a nkile mehato e tiileng ho finyella seo. O boleletse moloko oa batho merero ea hae ka ho hlakileng. Leha ho le joalo, ho utloisang bohloko ke hore hangata malumeli a lefatše a hlokomoloha seo Molimo a se boletseng.
Khale Molimo a tšepisitse “peō,” e leng ’musi eo Bibele e ’nileng ea tsoela pele ho hlalosa le ho fana ka boitsebiso bo eketsehileng ba hore na ke mang. (Genese 3:15; 22:18; 49:10) Moprofeta Esaia, ea tsebahalang ka boprofeta ba hae bo ikhethang ka Mesia, o ngotse esale pele hore Moeta-pele enoa e ne e tla ba “Khosana ea Khotso” lefatšeng le hore tlas’a puso ea hae, ‘khotso e ne e sa tl’o fela.’ (Esaia 9:6, 7) E le ’Musi oa leholimo, o tla kenella ho felisa bokhopo le ho fetola lefatše paradeise, ho se hlole ho e-ba le ho hloka toka, ho kula, bofutsana kapa lona lefu. Ho tla rena khotso le bophelo bo sa feleng. (Pesaleme ea 72:3, 7, 16; Esaia 33:24; 35:5, 6; Daniele 2:44; Tšenolo 21:4) See se tla etsahala neng?
Khotso ea Lefatše e Haufi
Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae hore bofelo ba tsamaiso ena e khopo ea lintho le ho qaleha ha tsamaiso e ncha ea batho li ne li tla etelloa pele ke liketsahalo tse ngata tse tla sisinya lefatše, tse neng li tla etsahala ka nako e le ’ngoe. (Matheu 24:3, 7-13) Bongata ba liketsahalo tsena—lintoa, khaello ea lijo, litšisinyeho tsa lefatše, ha re bolela tse seng kae feela—li ’nile tsa hlaha nako le nako mehleng e fetileng. Leha ho le joalo, ha ho mohla li kileng tsa hlasela moloko oa batho ka nako e le ’ngoe joaloka mehleng ena ea rōna. ’Me liphello tsa likoluoa tse joalo li feta hōle tsa nakong e fetileng hobane hona joale lefatše le na le baahi ba bangata ho tlōla tekano.
Ketsahalo e ’ngoe e boletsoeng ke Bibele esale pele ke tšenyo eo batho ba tla e etsa tikolohong. (Tšenolo 11:18) Ho feta moo, pele bofelo bo boletsoeng bo fihla, mosebetsi o etsoang lefatšeng ka bophara oa ho lemosa o tlameha ho phethoa, e leng ho boleloa ha ‘litaba tse molemo tsa ’muso.’ Kajeno Lipaki Tsa Jehova li phetha mosebetsi oo lefatšeng ka bophara.—Matheu 24:14.
Phethahatso ea boprofeta boo ke litaba tse molemo molokong oa batho ba tšepahalang. Lefatše le lecha le profetiloeng la khotso e phethahetseng le haufi! Le tla tiisa hore lehloeo le bokhukhuni li fela ka ho feletseng. Bibele ea hlalosa: “Li ke ke tsa ntša kotsi leha e le efe kapa tsa baka tšenyo leha e le efe thabeng eohle ea ka e halalelang; hobane ka sebele lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova joalokaha metsi a koahetse leoatle.”—Esaia 11:9.
Lithapelo Tseo Molimo a li Mamelang
Ho rapela Molimo ho hang hase ketso e se nang thuso kapa khato e se nang molemo. Ka Bibeleng Jehova o bitsoa “Ea Utloang thapelo.” (Pesaleme ea 65:2) Ka hona, nakong leha e le efe o mamela lithapelo tse ngata bo se nang palo tse etsoang ke batho ba tšepahalang lefatšeng. Leha ho le joalo, na ho na le lintho tseo ho hlokahalang hore li finyelloe e le hore lithapelo li utluoe? Bibele e bolela hore batho ba lipelo li tšepahalang ba ithutang linnete tsa Bibele ka Molimo, ba lokela ho nka bohato ka tsona, ba fetohe “barapeli ba ’nete,” ba mo rapelang “ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:23) Lithapelo tsa ba sa hlompheng thato ea hae ha li mameloe: “Ea faposang tsebe ea hae hore e se ke ea utloa molao [oa Molimo]—esita le thapelo ea hae ke ntho e manyala.”—Liproverbia 28:9.
Se utloisang bohloko ke hore baeta-pele ba bangata ba bolumeli kajeno ha ba rute kapa hona ho rapella morero oa Molimo oa ho tlisa khotso. Ho e-na le hoo, ba rapela mebuso ea batho ea lefatše hore e rarolle mathata a joalo, ha Lentsoe la Molimo le bolela ka ho hlaka hore “ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.”—Jeremia 10:23.
Ho profetiloe hore “karolong e qetellang ea matsatsi,” mehleng ena ea rōna, barati ba khotso ba tla phallela ‘thabeng ea ntlo ea Jehova’ ea tšoantšetso—ke hore, borapeling ba ’nete. Ba joalo ba ne ba tla etsa liphetoho tse khōlō bophelong ba bona: “Ba tla lokela ho tea lisabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be likere tse faolang limela. Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.”—Esaia 2:2-4.
Na kajeno ho na le sehlopha sa barapeli ba lekang ho phelela mantsoe ao? Kapa na malumeli ’ohle a mpa a bua ka khotso empa ha e le hantle a khothalletsa ntoa? Nakong e tlang ha u kopana le Lipaki Tsa Jehova, re u khothalletsa hore u buisane le tsona ka taba ea khotso le ho ithuta hore na ke bolumeli bofe bo rutang batho hore ba be le khotso le batho bohle.