Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 4/8 maq. 14-17
  • Kamoo U ka Ntlafatsang Boroko ba Hao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo U ka Ntlafatsang Boroko ba Hao
  • Tsoha!—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Thatafalloa ke ho Khaleha
  • Kamoo U ka Etsang Hore U Robale Hamonate
  • Ho Fumana Boroko Boo U bo Hlokang
    Tsoha!—2004
  • Boroko—Na ke Boiketlo Kapa Boa Hlokahala?
    Tsoha!—2003
  • Bacha ba Lulang ba Otsela—Na See Sea Tšoenya?
    Tsoha!—2002
  • Boroko—Ke ba Bohlokoa Hakae?
    Tsoha!—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 4/8 maq. 14-17

Kamoo U ka Ntlafatsang Boroko ba Hao

MATHATA A BOROKO hase ntho e ncha. Ho tloha lekholong la bohlano la lilemo B.C.E., mohlanka lebaleng la ntlo ea Morena Assueruse oa Mopersia o ile a tlaleha hore ka bosiu bo bong, ‘boroko ba morena bo ile ba fela.’—Esthere 6:1.

Kajeno batho ba limilione ba na le bothata ba ho robala hamonate. Ho ea ka setsebi sa boroko sa Brazil, Rubens Reimão, hoo e ka bang batho ba etsang karolo ea 35 lekholong lefatšeng ba na le lefu la ho hlobaela.a Dr. David Rapoport oa Univesithi ea New York ea Setsi sa Mafu a Boroko, o hlalosa ho se robale hantle e le “se seng sa lioa tse khōlō ka ho fetisisa lekholong lena la lilemo.”

Ho mpefatsang boemo le ho feta ke hore batho ba bangata ba nang le lefu lena la ho hlobaela ha ba tsebe hore ba na le lona. Ho latela bafuputsi Univesithing ea ’Muso São Paulo, Brazil, ke batho ba etsang karolo ea boraro feela lekholong ea bakuli ba tsebang hantle hore ba na le lona. Ba bangata ba nka feela hore ho se robale hantle ke karolo ea bophelo ’me ba se ba amohetse boemo ba bona ba ho se khatholohe le ho otsela motšehare.

Ho Thatafalloa ke ho Khaleha

Ho tjoloma lihora tse ngata, u hlaphohetsoe ha bohle ba robetse ka khotso ke phihlelo e bohloko ka ho fetisisa. Leha ho le joalo, ho hlobaela seoelo matsatsi a se makae ha se mohlolo, ’me hangata ho amana le khatello ea maikutlo le ha lintho li sa tsamaee hantle bophelong. Empa ha ho hlobaela ho e-ba teng kamehla, e ka ’na eaba ho ameha ho ferekana maikutlong kapa ho se tsotelle, ’me ke habohlokoa ho batla thuso ea lingaka.—Bona lebokose le ka holimo.

Na ebe u na le bothata ba ho robala hantle? Haeba ka mor’a ho araba lipotso tse leqepheng la 16, u fihlela qeto ea hore u na le bothata ba ho robala hantle, ha ua lokela ho nyahama. Ho lemoha hore u hloka thuso e se e ntse e le qalo ea ho phekola bothata ba ho se robale hantle. Ho latela ngaka ea boloetse ba methapo ea Brazil, Geraldo Rizzo, batho ba etsang karolo ea 90 lekholong ba nang le lefu la ho hlobaela ba ka phekoloa ka katleho.

Leha ho le joalo, hore motho a tle a phekoloe hantle, ke habohlokoa hore ho tsejoe hantle hore na ke eng e etsang hore a hlobaele. Tlhahlobo ea lingaka e bitsoang polysomnogram e thusitse hore ho fumanoe mafu a mangata a amanang le boroko le ho phekoloa ha ’ona.—Bona lebokose le ka tlaase.

Se seng sa lisosa tse tloaelehileng tsa lefu la ho hlobaela bathong ba baholo se amana le ho khona. Haeba u se u kile ua robala haufi le motho ea khonang, ua tseba hore na sena se bohloko hakae. Ho khona e ka ba letšoao la ho ba le bothata ba ho koaleha ka nakoana ha motho a robetse, bo mo thibelang hore a hule moea ho o kenya matšoafong. Mohato oa pele oa ho phekola bothata bona o akarelletsa ho theola boima ba ’mele, ho qoba lino tse tahang le ho qoba lithethefatsi tse khathollang mesifa. Litsebi li ka boela tsa fana ka meriana e khethehileng kapa tsa sebelisa lintho tsa meno kapa mochine o etsang hore motho a lule a hema.b

Haeba boemo bo se bo tebile haholoanyane, ho ka ’na ha hlokahala ho buuoa ho itseng e le hore ho lokisoe qoqotho, mohlahare, leleme kapa nko ho etsa hore moea o kene le ho tsoa habonolo ha motho a hema.

Bana le bona ba ka ba le bothata ba ho hlobaela. Matšoao a ho se robale hantle a ka bonahala ha ngoana a le sekolong—a sa sebetse hantle lithutong, a teneha le feela, a sitoa ho tsepamisa mohopolo—mohlomong ho fane ka maikutlo a fosahetseng a hore ngoana o leferesoana.

Bana ba bang ba loantša boroko, ba ka mpa ba bina, ba bua kapa ba mamela lipale tseo ba li qoqeloang—ba khetha ntho leha e le efe e ’ngoe ho e-na le ho ea robala. Sena e ka ’na ea e-ba leqheka la ho etsa hore batsoali ba lebise tlhokomelo ho bona. Leha ho le joalo, maemong a mang ngoana a ka ’na a tšaba ho robala ka lebaka la ho phofa ho bakoang ke ho shebella lifilimi tse tšosang, mananeo a pefo kapa ho se phelisane hantle ka lapeng. Ha batsoali ba etsa hore ho be le khotso le lerato ka lapeng, ba ka thusa ho qoba mathata ana. Ho hlakile hore ho lokela ho batloe keletso ea lingaka haeba matšoao a tsoela pele. Ha ho pelaelo hore ho robala hantle ho molemo ho ngoana, feela joalokaha ho le molemo ho batho ba baholo.

Kamoo U ka Etsang Hore U Robale Hamonate

Ka makholo a lilemo ho ’nile ha tsebahala hore boroko bo monate ha bo itlele feela tjee. Ho robala hantle ho itšetlehile ka liketsahalo tse fetang feela ho laola matšoenyeho le ho imeloa kelellong. Lintho tsena li tsejoa e le paballo ea boroko.

Ho baballa boroko hantle ho amana le tsela eo motho a phelang ka eona. Ho akarelletsa ho ikoetlisa kamehla ka nako e loketseng ea letsatsi. Ho ikoetlisa hoseng kapa motšehare oa mantsiboea ho ka thusa motho hore a otsele ha nako ea ho robala e fihla. Empa ho ikoetlisa pele motho a robala ho ka kena-kenana le boroko.

Lifilimi tse phahamisang maikutlo kapa ho bala ntho e hapang mohopolo ka ho feletseng le hona ho ka ba le phello e hlasimollang. Ho ka ba molemo hore pele motho a robala a bale ntho e itseng e khathollang, a mamele ’mino o thobang maikutlo kapa a hlape ka metsi a futhumetseng hamonate.

Litsebi li re u ka tloaetsa kelello ea hao hore ha e bona bethe e nahane ka boroko ka hore u paqame betheng feela ha u hlile u batla ho robala. Batho ba jellang betheng, ba ballang teng, ba sebeletsang teng, ba shebellang TV kapa ho bapala livideo tsa elektronike ba le betheng ba ka thatafalloa haholoanyane ke ho khaleha.

Ho lokisetsa ’mele ho robala hamonate ho boetse ho ama ho ela hloko seo motho a se jang. Le hoja lino tse tahang li etsa hore motho a otsele, ha e le hantle li ka sitisa motho ho robala hamonate. Kofi, tee, k’houk’hou, chokolete le lino-mapholi tsa cola li lokela ho qojoa bosiu hobane lia hlasimolla. Ka lehlakoreng le leng, ho ja mango, patata, banana, persimmon, palm cabbage, raese, methapo ea linaoa kapa linate hanyenyane ho etsa hore lero la serotonin le qhatsehe ’me le etse hore u tšoaroe ke boroko. Tlhokomeliso: Ho ja haholo e se e le bosiu ha u il’o robala ho ka ba kotsi joaloka ho robala u sa ja.

Tikoloho eo re robalang ho eona e bohlokoa joaloka lintho tseo ka tloaelo re li etsang pele re robala. Thempereichara e nepahetseng, kamore e lefifi le e se nang lerata, le materase le mesamo e robatsang hamonate li tlatsetsa borokong bo monate bosiu. Ha e le hantle, ha boemo e le bo mabothobotho joalo, ho ka ba thata ho tsoha letsatsing le hlahlamang. Empa hopola sena, ho robala nako e telele ho feta e hlokahalang, esita le haeba e le ka mafelo-beke, ho ka kena-kenana le linako tseo u tloaetseng ho robala ka tsona ’me ua thatafalloa ke ho robala bosiung bo latelang.

Ka sebele u ne u ke ke ua hlokofatsa litho leha e le life tsa hao tsa ’mele tsa bohlokoa ka boomo. Boroko ke ba bohlokoa joaloka tsona, ke karolo ea bophelo e sa lokelang ho hlokomolohuoa kapa ho khelloa fatše. Etsoe re qeta karolo ea boraro ea bophelo ba rōna re robetse. Na u ntlafatsa mekhoa ea hao ea ho robala? Eseng u hle u qale kajeno!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lefu la ho hlobaela ke ha motho a sa thabele boroko ka tsela e tloaelehileng e bile a sa robale ka ho lekaneng.

b Motho o robala a kentse maske o monyenyane o kenyang moea o tsoang phaepheng e o butsoelang. Phepelo ena ea moea e lula e butse mahanana ’me e etsa hore motho a heme ka tsela e tloaelehileng.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 15]

LISOSA TSE KA SEHLOOHONG TSA LEFU LA HO HLOBAELA

◼ MALOETSE: lefu la Alzheimer; ho koaleha moea ka nakoana borokong; lefu la maoto a sa khaotseng ho thakhinya ha motho a robetse; lefu la Parkinson; ho sisinyeha nako le nako ha maoto le matsoho ho sa laoleheng, ho sisinyeha ho tsamaisanang le ho falimeha; asma; lefu la pelo le la ho se sile hantle ha qati.

◼ MAFU A KELELLO: ho tepella maikutlo, ho tšoenyeha, ho tlala tšabo, boloetse ba menahano e sa laoleheng e susumelletsang motho ho etsa lintho ka ho feteletseng, boloetse ba khatello ea kelello bo bang teng ka mor’a ho ameha kotsing.

◼ TIKOLOHO: khanya, lerata, mocheso, serame, materase a kukunelang, molekane ea solasolang.

◼ LISOSA TSE LING: tšebeliso e mpe ea tahi le lithethefatsi, liphello tse bohloko tsa lithethefatsi tse ling.

[Lebokose le leqepheng la 15]

HO FUMANA HORE NA MOTHO O NA LE BOTHATA BA BOROKO KAPA CHE

Polysomnogram ke lenaneo la liteko tse ’maloa tse etsoang ho tlaleha se etsahalang ha motho a robetse tlas’a maemo a tloaelehileng. Tse latelang ke litlhahlobo tsa motheo tse hlokahalang.

◼ Electroencephalogram—E hlahloba tšebetso ea motlakase bokong, e sebelisoa ho khetholla le ho fumana mekhahlelo e sa tšoaneng e bang teng borokong.

◼ Electrooculogram—E tlaleha ho sisinyeha ha mahlo nakong ea mokhahlelo oa ha mahlo a leba koana le koana ha motho a robetse.

◼ Electromyogram—E hlahloba ho honyela ha selelu le mesifa ea maoto mokhahlelong oa ha mahlo a leba koana le koana.

◼ Electrocardiogram—E hlahloba ho otla ha pelo bosiu bohle.

◼ Ho hlahloba ho hema—Ho fumanoa ka ho tlaleha tsela eo moea o fetang ka eona nkong le molomong, le ho sisinyeha ha mpa le sefuba.

◼ Oxyhemoglobin saturation—Ho lekanya hore na oksijene e kae maling ka ho sebelisa mochine o bitsoang oximeter, o tlamelloang monoaneng oa mokuli.

[Lebokose le leqepheng la 16]

HO ITLHAHLOBA TABENG EA BOROKO

Ke maemong afe ho a boletsoeng ka tlaase ao u ka ’nang ua otsela ho ’ona? U sebelisa lipalo tse latelang, etsa selikalikoe ho potoloha likarabo tsa hao, ebe u kopanya kakaretso ea tsona.

0 U ke ke ua otsela ho hang

1 Monyetla oa ho otsela oa fokola

2 Monyetla oa ho otsela o moholoanyane

3 Monyetla oa ho otsela o moholohali

a Ha u lutse u ntse u bala 0 1 2 3

b Ha u shebelletse TV 0 1 2 3

c Ha u lutse u sa etse letho 0 1 2 3

sebakeng se bulehetseng mang

le mang, se kang moo ho

shebelloang lifilimi kapa

litšoantšiso, kapa sebokeng

sa ntho e itseng

d Ha u palame koloi hora ntle 0 1 2 3

ho khefu

e Ha u lutse u khutsitse ka mor’a 0 1 2 3

lijo tsa motšehare u sa

noe joala

f Ha u paqame hore u phomole 0 1 2 3

motšehare oa mantsiboea

g Ha u lutse ’me u qoqa le e mong 0 1 2 3

h Ha u le koloing e emisitsoeng 0 1 2 3

ke sephethephethe

Limaraka ․․․․․․․․․․․․

Se boleloang ke Limaraka:

1-6: Ha ho hlokahale hore u tšoenyehe

7-8: Boemo bo itekanetse

Ho tloha ka 9 ho ea holimo: Batla keletso ea lingaka

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Se thehiloe Tlhahlobong ea Boroko ea Epworth, ke Univesithi ea Stanford, California, U.S.A.

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Ho itima boroko ho ka ba kotsi

[Litšoantšo tse leqepheng la 17]

Ho ikoetlisa, ho bala le ho ja lijonyana tse bobebe ho ka ntlafatsa boroko ba hao

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela