Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 6/8 maq. 4-6
  • Na Melao ea Boitšoaro E-ea Hlepha?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Melao ea Boitšoaro E-ea Hlepha?
  • Tsoha!—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Melao e Meng e Nyehlang ea Boitšoaro
  • Bophelo ba Motho ke ba Bohlokoa Hakae?
  • Ho Hlokahala Tataiso ea Boitšoaro
  • Lebaka Leo Melao ea Boitšoaro e Fetohang ka Lona
    Tsoha!—2003
  • Ho ba le Mekhoa e Metle
    Tsoha!—2019
  • Melao e Fetohileng ea Boitšoaro—Na U Ikutloa U Lahlehetsoe?
    Tsoha!—2003
  • Melao ea Boitšoaro e Ruisang Molemo e le Kannete
    Tsoha!—2013
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 6/8 maq. 4-6

Na Melao ea Boitšoaro E-ea Hlepha?

MPHO e khōlōhali eo batsoali ba ka e fang bana ba bona ke lerato la bona le sa thekeseleng le melao ea boitšoaro, tseo ba sa bueng ka tsona feela empa ba boetse ba phela ka tsona.

Ha ho se na melao ea boitšoaro e metle, bophelo bo ka ba thata haholo. Melao ea boitšoaro e etsa hore bophelo bo be le moelelo. E etsa hore ho be le lintho tse tlang pele bophelong. E beha meeli ea boitšoaro le ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha batho ba lokela ho itšoara ka tsela e itseng.

Ho ntse ho le joalo, melao e mengata ea boitšoaro ea setso e fetoha ka potlako. Ka mohlala, Moprofesa Ronald Inglehart o re “sechaba se fetohela mekhoeng ea boitšoaro e lumellang sohle tabeng ea ho ikhotsofatsa ha batho ka ho kopanela liphate le ho lokoloha ho ntša maikutlo a bona.” Phuputso ea Gallup ea 1997 linaheng tse 16 e ile ea botsa baahi hore na ba ikutloa joang ka bana ba matšeo. Phuputso eo ea Gallup ea tlaleha: “Likarolong tse ling tsa Europe bophirimela, karolo ea 90 lekholong kapa ho feta e amohela mokhoa ona oa kajeno oa bophelo, ha Singapore le India e le karolo e ka tlaase ho 15 lekholong.”

Ba bang ba thoholelitse tokoloho ena e ncha ea boitšoaro. Leha ho le joalo, bukana ea The Rise of Government and the Decline of Morality, ea James A. Dorn, e re “ho ata ha bana ba tsoalloang matšeong” le “ho qhalana ha malapa” ke “bopaki bo hlakileng ba hore boitšoaro bo nyehlile.”

Melao e Meng e Nyehlang ea Boitšoaro

Melao e meng ea boitšoaro eo e leng khale e lateloa le eona e se e nyehlile ka tsela e makatsang. Phuputso ea Melao ea Lefatše ea Boitšoaro, e eteletsoeng pele ke Moprofesa Inglehart, e tlaleha hore ho na le “ho nyehla ho itseng tabeng ea ho hlompha bolaoli” linaheng tse tsoetseng pele.

Molao o mong oa boitšoaro o neng o tloaelehile e ne e le oa ho sebetsa ka thata. Leha ho le joalo, ho na le bopaki ba hore sena le sona sea nyehla. United States, National Federation of Independent Business e ile ea etsa phuputso ho bahiri ba fetang halofo ea milione. “Ba etsang karolo ea mashome a mararo a motso o mong lekholong bao ho entsoeng phuputso ho bona ba itse ho fumana batho ba koalang likheo mosebetsing ho thata, ’me ba etsang karolo ea 21 lekholong bona ba re ka kakaretso mosebetsi o etsoang ha o khotsofatse.” Mohiri e mong o ile a re: “Ho ntse ho e-ba thata le ho feta ho fumana basebetsi ba sa tl’o sebetsa letsatsi le le leng feela, ba fihlang ka nako le ba sa tahoeng.”

Moruo o ka ’na oa khothalletsa tšekamelo ena e nyehlang. Ha phaello e ntse e fokotseha, bahiri ba leleka basebetsi kapa ba fokotsa melemo e meng. Koranta ea Ethics & Behavior e re: “Basebetsi bana ba sebetsoang ka ho hloka botšepehi ’me bahiri ba sa itlama ka bona ba ka qala ho itšoara ka tsela e sa thabiseng ho bahiri ba bona. Ha ba itlame ka ho sebetsa ka thata kaha ka moso ba ka ’na ba iphumana ba feletsoe ke mosebetsi.”

Ho phaella moo, ho bonahala melao ea boitšoaro e boetse e nyehla metsamaong ea batho le mekhoeng ea bona e metle. Phuputso e ’ngoe e entsoeng Australia e phethile ka ho re: “Karolo e ka holimo ho 87,7 lekholong ea bahiruoa e tlalehile [hore] mekhoa e mebe ofising e ama tsela eo batho ba itšoarang eona.” Phuputsong e ’ngoe ea litsebi tsa khoebo ea United States, “karolo ea mashome a robeli lekholong ea bao ho buisanoeng le bona e tlalehile keketseho ea ho se hlomphe ba bang mesebetsing.” Ho latela mokhatlo oa litaba oa CNN, “ho se sebeletsoe hantle ha bareki ho se ho atile haholo hoo ba ka etsang halofo ea bao ho buisanoeng le bona ba itseng ba ile ba tlameha ho tsoa ka lebenkeleng ba sa reka selemong se fetileng ka lebaka la hona. Halofo ea bona e itse e atisa ho bona batho ba hoelehelitse ha ba bua ka mohala oa cellular le hona e le ka lerata le tenang. ’Me bakhanni ba tšeletseng ho ba leshome ba re kamehla ba bona batho ba bang ba khannang ka mabifi kapa habohlasoa.”

Bophelo ba Motho ke ba Bohlokoa Hakae?

Maemong a mang, batho ba re ba latela ‘mekhoa e itseng ea boitšoaro,’ empa ha e le hantle ba sa e latele. Ka mohlala, Mokhatlo oa Melao ea Lefatše ea Boitšoaro o ile oa bua le baemeli ba tsoang linaheng tse 40. Ba etsang karolo ea 40 lekholong ba ile ba khetha taba ea “ho hlompha bophelo” e le e oelang melaong ea boitšoaro e mehlano e ka sehloohong ea “bohlokoa ka ho fetisisa.”a

Empa ho etsahala’ng ha ngoale e se e khiba? Ka sebele lichaba tse tsoetseng pele indastering li na le maruo a ka etsang hore li felise mahlomola a batho. Empa ka 1998, buka e ngotsoeng ke Carol Bellamy, motsamaisi ea ka sehloohong oa Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Letlōle la Bana, e ile ea re khaello ea phepo e nepahetseng “e bolaea bana ba fetang halofo ea ba ka bang limilione tse 12 ba ka tlaase ho lilemo tse hlano selemo le selemo, e leng lenane leo ho seng le tšoanang le lona ho tloha ha Seoa sa Lekholong la bo14 la Lilemo se ne se etsa larita Europe.” Litlaleho tse joalo lia tšosa ho mang kapa mang ea nkang bophelo ba motho e le ba bohlokoa. Bellamy o re: “Leha ho le joalo, tlokotsi ea ho haella ha phepo e nepahetseng lefatšeng ka bophara ha e-ea etsa hore batho ba tšoenyehe, ho sa tsotellehe bopaki ba saense ba sebele le bo ntseng bo eketseha ba likotsi tse hlahisoang ke hona. Tlhokomelo e lebisitsoe haholo ’marakeng oa lichelete oa lefatše ho feta tšenyong e khōlō e ka bakoang ke khaello ea phepo e nepahetseng—kapa melemong e meholo ea phepo e nepahetseng.”

Pherekano e teng ka bophelo e totobetse har’a lingaka. Haufinyane tjena lilemong tse qalang tsa bo-1970, ngoana ea neng a hlaha pele ho nako a le libeke li 23 ho hang o ne a se na monyetla oa ho phela. Kajeno, mohlomong karolo e ka fihlang ho 40 lekholong ea bana ba joalo ba hlahileng pele ho nako e ka phela. Ka lebaka la sena, ho makatsa hakaakang hore e be lefatšeng ka bophara ho hakanngoa hore selemo se seng le se seng ho ntšoa limpa tse limilione tse 40 ho ea ho tse 60! Boholo ba limpa tsena tse ntšoang e ba tsa masea a libeke tse seng kae feela ka tlaase ho tsa masea a hlahileng pele ho nako ao lingaka li loanang ea khumamela ho a pholosa! Na see se ka holimo ha se fane ka maikutlo a hore ho rena pherekano e khōlō boitšoarong?

Ho Hlokahala Tataiso ea Boitšoaro

Boholo ba batho ba ileng ba botsoa ke mokhatlo oa lipatlisiso oa Gallup hore na “ke eng seo e seng sa bohlokoa hakaalo bophelong,” bo ile ba khetha “ho tšepahalla bolumeli ba ka” e le e ’ngoe ea lintho tse peli tseo e seng tsa bohlokoa hakaalo. Hase feela palo ea batho ba eang kerekeng e ntseng e fokotseha. Moprofesa Inglehart o boletse hore katleho ea linaha tsa Bophirimela e “hlahisitse boikutlo boo ho seng bo tšoanang le bona ba hore li sireletsehile” ’me “sena se entse hore batho ba se hlole ba tšepela bolumeling bakeng sa tiisetso eo ka tloaelo bo neng bo fana ka eona.”

Ho hloka tšepo ho ntseng ho eketseha bolumeling ho lekana le ho felloa ke tšepo ha batho Bibeleng. Phuputsong e ’ngoe ea machaba, batho bao ho buisanoeng le bona ba ile ba botsoa hore na ba itšetlehile ka mang tabeng ea ho tseba se nepahetseng boitšoarong. Ba bangata ba buile ka phihlelo ea bona. Tlaleho ea phuputso eo e re: “Lentsoe la Molimo le ne le nkoa e le la bobeli empa le sa nkoe e le la bohlokoa hakaalo.”

Ha se feela melao ea boitšoaro e ntseng e nyehla hakana! Ho hloka tataiso ea boitšoaro, hammoho le khatiso e ntseng e eketseha lipakaneng tsa lintho tse bonahalang le boithati ba batho ka bomong, li khothallelitse ho ba meharo le ho se tsotelle maikutlo a batho ba bang. Ke lintho life tsa bohlokoa tse lahliloeng ka lebaka la liphetoho tsee?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lilemong tse fetang tse 50 tse fetileng, Machaba a Kopaneng a ile a amohela Phatlalatso e Akaretsang ea Litokelo tsa Botho. Molao oa pele oa Phatlalatso eo o re: “Batho bohle ba tsoetsoe ba lokolohile ’me ba lekana ka seriti le ka litokelo.”

[Litšoantšo tse leqepheng la 4, 5]

Ho qhalana ha malapa, ho hulanya maoto mesebetsing le boitšoaro bo hlokang taolo li bontša ho nyehla ha melao ea boitšoaro kajeno

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Masea a limilione, a manyenyane feela ka libeke tse seng kae ho masea a hlahileng pele ho nako, a bolaoa selemo le selemo ka ho ntšoa ha limpa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela