Bacha Baa Botsa . . .
Nka Khaotsa ho Leka ho ba ea Phethahetseng Joang?
“Ha e le hantle ekare bophelo ba ka bo se bo laoloa ke boikutlo ba ho batla hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoe ka tsela e phethahetseng.”—Carly.
BOIKUTLO ba ho batla hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoe ka tsela e phethahetseng—e leng tumelo ea hore motho o lokela ho ba ea phethahetseng ka ho feletseng nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang—bo khathatsa bacha ba bangata kelellong.
Buka e reng Perfectionism—What’s Bad About Being Too Good?, e re: “Ho na le phapang e khōlō pakeng tsa ho phehella ho etsa ntho hantle le ho ipehela pakane eo ho leng thata ho e finyella. Batho ba phehellang ho etsa lintho hantle ba ka ’na ba e-ba le takatso e matla ea taolo le tlhophiso le ho ipehela litekanyetso tse phahameng, empa hape ba amohela liphoso tsa bona le ho sebetsana le tsona hantle. . . . Ka lehlakoreng le leng, batho ba batlang hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoe ka tsela e phethahetseng, ba lula ba tšohile hore ba tla etsa liphoso. Ba na le melao e thata ho tlōla tekano.”
Na see se hlalosa seo u leng sona? Haeba litekanyetso tsa hao e le tse phahameng ka tsela e feteletseng, u ka ’na ua se ke ua li finyella habonolo. U ka iphumana u se u qoba ho etsa ntho leha e le efe e ncha. Kapa u se u e-na le mokhoa oa ho chechisa ho etsa lintho tsa bohlokoa hobane feela u tšaba hore u tla fosa. U ka ba ’na ua ikutloa u e-na le tšekamelo ea ho qhela bohle ba sa finyelleng litekanyetso tsa hao, ’me ua iphumana u se u se na metsoalle.
Haeba ka tsela leha e le efe se ka holimo e le ’nete ka uena, hlahloba mantsoe a ho Moeklesia 7:16 a reng: “U se ke ua ba ea lokileng ho feta tekano, kapa ua iponahatsa u le bohlale ka ho fetisisa. Ke hobane’ng ha u ka ipakela tšenyeho?” Ke ’nete hore motho ea batlang hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoe ka tsela e phethahetseng a ka “ipakela tšenyeho”! Ha e le hantle, boikutlo ba ho batla hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoe ka tsela e phethahetseng bo bile bo amahanngoa le lintho tse ka behang bophelo kotsing tse kang ho ba le bothata ba ho ja, joaloka ho ipolaisa tlala le bonyollo.a
Ka hona u ka ’na ua ipotsa, ‘Nka khaotsa ho iketsa ea phethahetseng joang?’ Bonneteng, e ka ba ntho e thata hore motho a fetole mohopolo oa hae tabeng ena. Empa ka thuso ea Molimo, ho ka khoneha. A re ke re shebe pono ea Molimo ka boikutlo ba ho lebella phetheho.
Phetheho—Na ke Pakane e ka Finyelloang?
Pele ho tsohle, na ho ka etsahala hore u be ea phethahetseng ka ho feletseng? Eseng ho ea ka Bibele, e reng: “Ha ho motho ea lokileng, esita le ea mong . . . Batho bohle ba khelohile, kaofela ha bona hammoho ba fetohile ba se nang thuso.” (Baroma 3:10-12) A mantsoe a susumetsang motho hore a nahane ka ho teba, na ha ho joalo? A bontša hore mang le mang ea lekang ho iketsa ea phethahetseng ka ho feletseng, a ke ke a atleha.
Ak’u nahane ka moapostola Pauluse, eo ka ho totobetseng e neng e le mohlala o hlahelletseng linthong tsa moea. Ho ntse ho le joalo, Pauluse le eena o ile a ’na a etsa liphoso tšebeletsong ea hae ho Molimo. O ile a lumela: “Ha ke lakatsa ho etsa se nepahetseng, se sebe se teng ho ’na. Ka sebele ke thabela molao oa Molimo ho ea ka motho eo ke leng eena ka hare, empa lithong tsa ka ke bona molao o mong o loanang khahlanong le molao oa kelello ea ka le o nkisang ke holehiloe molaong oa sebe o lithong tsa ka.” (Baroma 7:21-23) E bile ka thuso ea Molimo feela hore ebe Pauluse e ile ea e-ba Mokreste ea tšepahalang.
Ka lehlohonolo, Molimo ha a hloke kapa hona ho lebella hore leha e le mang oa rōna e be ea phethahetseng. “Etsoe o tseba sebōpeho sa rōna hantle, oa hopola hore re le lerōle.” (Pesaleme ea 103:14) Ke lefatšeng le lecha la Molimo feela moo batho e tlang ho ba ba phethahetseng ka ho feletseng.
Lokisa Maikutlo ka Seo U se Lebeletseng
Khabareng, ke ntho e sa utloahaleng ho nahana hore u ka phethahala ka ho feletseng. Ha e le hantle, u lokela ho lebella ho etsa liphoso nako le nako. (Baroma 3:23) ’Nete ke hore ka linako tse ling ha re hlokomele le hore re etsa liphoso! Pesaleme ea 19:12 e re: “Ha ho ea ka bonang liphoso tsa hae.” (Today’s English Version) Mocha e mong ea bitsoang Matthew o beha taba ka tsela ena: “Ha ua phethahala—le Lefatšeng ha ho le ea mong. Haeba u lebella hore u be ea phethahetseng, u ke ke ua thaba le ka mohla. . . . Hase ntho ea sebele, ebile e ke ke ea etsahala.”
U nahanne ka seo, ke hobane’ng ha u sa lokise maikutlo ka tse ling tsa lintho tseo u li lebeletseng? Ka mohlala, na u ikitlaetsa ka matla e le ha u leka ho ba ea molemo ka ho fetisisa nthong e itseng? Ha e le hantle, Bibele e bontša hore boikitlaetso bo joalo bo ka ipaka e le “lefeela le ho lelekisa moea.” (Moeklesia 4:4) ’Nete ke hore ho ba atlehang, ke ba ’maloa feela ba ipabolang. Esita le haeba e mong a ka ipabola, hangata e ba ha nakoana feela pele e mong ea molemonyana a mo nkela sekola.
Moapostola Pauluse o ile a eletsa: “Ke bolella e mong le e mong moo har’a lōna hore a se ke a inahana haholo ho feta kamoo ho hlokahalang ho nahana; empa a nahane e le hore a be le kelello e hlaphohileng.” (Baroma 12:3) Talima lintho ka tsela ea sebele! Lokisa maikutlo ka seo u se lebeletseng e le hore se senole tsebo ea hao le bofokoli ba hao. Hahamalla bokhabane eseng phetheho. Ipehele pakane e tobileng empa e le e ka finyelloang.
Ka mohlala, Pauluse o ile a khothatsa Timothea hore e be “mosebetsi eo ho seng letho leo a ka hlajoang ke lihlong ka lona, ea tšoarang lentsoe la ’nete ka nepo.” (2 Timothea 2:15) E, Pauluse o khothalletsa bokhabane eseng phetheho. Ka tsela e tšoanang, ipehele lipakane tse ntle. Haeba u e-na le bothata ba ho utloisisa hore na tse “ntle” ke tse joang, buisana le batsoali ba hao ka sena kapa le moholo e mong eo u mo tšepang.
Ba bang ba bile ba khothalletsa hore u nahane ka ho leka ho etsa ntho e ’ngoe eo u sa e tsebeng, joaloka papali e ncha kapa ho bapala seletsa se seng sa ’mino. Ke ’nete hore ha u ntse u ithuta ntho e ncha, joang kapa joang u tla etsa liphoso tse ngata. Empa hoo hase hore ho hobe ka ho feletseng. Mohlomong sena se tla u thusa ho utloisisa hore ha u etsa liphoso ke hona ha u ithuta.
Eng kapa eng eo u batlang ho e finyella—ebang ke ho ngola tlaleho ea sekolo kapa ho ipabola ka seletsa sa ’mino oa linoto—nahana ka keletso e ’ngoe ea moapostola Pauluse, ha a re: ‘U se ke ua ba botsoa mosebetsing oa hao.’ (Baroma 12:11) Taba ke hore, u se ke ua chechisa ho etsa lintho, kapa ho behella lintho ka thōko hobane feela u tšaba hore u tla fosa.
Mocha e mong o ile a tloaela ho ’na a behella mosebetsi oa sekolo ka thōko ka ho etsa phephi ea hore o ntse a “itlhophisa.” Le hoja ho ba ea hlophisehileng e ka ba ntho e ntle, hlokomela hore e se ke ea e-ba phephi ea ho behella lintho ka thōko. Ngoanana enoa o ile a qetella a elelletsoe hore “haeba u lokela ho etsa khetho pakeng tsa ho isa mosebetsi oa sekolo o sa u khotsofatseng ka ho feletseng le ho se o ise ho hang, ho molemo kamehla ke hore u o ise.”
Leleka Mehopolo e Senyang!
Bonneteng, ho ka ’na ha e-ba thata ho etsa mosebetsi o sa phethahalang. Mehopolo e nyatsang le e fosahetseng e ka ’na ea ferella ka kelellong ea hao. Ke’ng seo u ka se etsang? ’Nete ke hore, ho lula u thuisa ka lintho tse fosahetseng ho kotsi ebile hoa senya. Ka hona leka ka hohle-hohle ho ntša mehopolo e fosahetseng kelellong ea hao. Tšeha liphoso tsa hao. Etsoe, ho na le “nako ea ho tšeha.” (Moeklesia 3:4) Hape, hopola hore Jehova ha a amohele puo e nyefolang—esita leha re e tobisa ho rōna ka borōna.—Baefese 4:31.
Ho e-na le ho inyatsa-nyatsa, sebelisa keletso e ho Liproverbia 11:17: “Motho ea nang le mosa o lerato o sebetsana ka mokhoa o putsang le moea oa hae, empa motho ea sehlōhō o tlisetsa ’mele oa hae khathatso.” Joale, ak’u nahane ka potso ena, Na ho ba le litekanyetso tse phahameng ka ho fetisisa ho u nolofalelitse hore u be le metsoalle? Mohlomong ha ho joalo. E ka ’na eaba u ne u bile u qhela batho ba bang hobane ba sa phethahala. Joale, u ka etsa’ng?
Sebelisa taelo ea Bibele: “Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong.” (Bakolose 3:13) E, ha u nahanela maemo ho seo u se lebetseng ho ba bang, u tla etsa hore ho thabela botsoalle ho be bonolo le ho feta!
U ka ’na ua ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha batho ba rata ho nkoekoetla ka lebaka la boikutlo ba ka ba ho batla hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoe ka tsela e phethahetseng?’ Ak’u nahane hore na ba bang ba tla ameha joang ha ba utloa litekanyetso tseo u ipehetseng tsona. Buka e reng When Perfect Isn’t Good Enough ea hlalosa: “Ho komakoma ka ho feteletseng nako le nako ha u fumana limaraka tse ka tlaasana ho A litlhahlobong, ho ka ’na ha etsa hore metsoalle ea hao e sokotseng ho fumana B, kapa C litlhahlobong, e ikutloe e nyelisitsoe.” Ka hona, sebeletsa ho ba le tšepo ’me u se ke ua ba moikhabi. Batho ba tla ikutloa ba thabile ha u e-na le bona.
Carly e monyenyane, ha a li beha mabala-nkoe, o re: “Ha e le hantle, ke tlameha ho bolella boikutlo ba ka ba ho batla hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoe ka tsela e phethahetseng sefahla-mahlo hore bo ke bo ntširuhe.” Seo u ka se etsa joang? Nahanisisa ka pono ea Molimo tabeng eo. Haeba u ntse u thatafalloa ke ho laola mohopolo oa hao tabeng ena, buisana le batsoali ba hao kapa Mokreste e mong ea hōlileng tsebong ka phuthehong ea heno. Kōpa Molimo ka thapelo hore a u thuse ho fetola mohopolo oa hao. Thapelo e ka ba sebetsa se matla ho loantšeng boikutlo ba ho batla hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoe ka tsela e phethahetseng.—Pesaleme ea 55:22; Bafilipi 4:6, 7.
Kamehla hopola hore Jehova ha a lebelle phetheho; o mpa a lebeletse hore re tšepahale ho eena. (1 Bakorinthe 4:2) Ha u phehella botšepehi, u ka fumana thabo ea sebele ka seo u leng sona—esita leha u sa phethahala.
Haeba u rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng kapa ho ba le motho ea u etelang ho u khannela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngola ’me u romelle lebitso la hao le aterese ea hao ea lapeng ho Lipaki Tsa Jehova, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho se reng, “Ke Hobane’ng ha ke E-na le Maikutlo a Hore ke Lokela ho ba ea Phethahetseng?” tokollong ea rōna ea August 8, 2003.
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Ho tšaba ho etsa liphoso ho ka u thibela ho etsa lintho
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Ho leka ho ithuta lintho tse ncha ho ka u thusa ho amohela ho etsa liphoso