Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 9/8 leq. 20
  • Khetho e Amang Bophelo ba Hao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khetho e Amang Bophelo ba Hao
  • Tsoha!—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boroko—Na ke Boiketlo Kapa Boa Hlokahala?
    Tsoha!—2003
  • Ho Fumana Boroko Boo U bo Hlokang
    Tsoha!—2004
  • Boroko—Ke ba Bohlokoa Hakae?
    Tsoha!—2011
  • Bacha ba Lulang ba Otsela—Na See Sea Tšoenya?
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 9/8 leq. 20

Khetho e Amang Bophelo ba Hao

HO JA ka tsela e nepahetseng le ho ipoloka motho a koenne hangata ke phephetso. Maemong a hatellang a kajeno, ho bonahala ho le bonolo haholoanyane ho ja lijo tse ntlafalitsoeng tse “phehehang habonolo” ho feta ho pheha lijo tse sa tsoa khuoa, hape ho bonolo ho qeta nako motho a ituletse feela a shebeletse TV kapa a le k’homphieutheng ho e-na le ho etsa mesebetsi ea matsoho. Leha ho le joalo, khetho ena e ka ’na ea pepesetsa palo e ntseng e eketseha ea batho ba baholo le bana mathateng a tebileng a bophelo.

Asia, makasine ea Asiaweek e re “lijo tse nonneng haholo le mokhoa o ntseng o hōla oa ho tloaela ho lula nako e telele li baka seoa sa lefu la tsoekere.” Ho tšoenyang le ho feta ke hore, lefu lena le tšoara le bana. ’Me Canada, The Globe and Mail e tlaleha hore “bafuputsi ba fumane hore ke ngoana a le mong feela ho ba supileng ba lilemong tsa pele ba kena bocheng ea jang litholoana le meroho ka ho lekaneng, [le] hore ke feela ba ka holimonyana ho halofo ba bapalang ka ho lekaneng hore ba ka fufuleloa.” Tlaleho eo e bolela hore mokhoa o joalo oa bophelo o etsa hore bacha bana “ba potlakele ho tšoaroa ke lefu la pelo ha ba le lilemong tsa bo-30.”

Ka ho tšoanang, litsebi tsa boroko li bolela hore ho ka hlokahala hore batho ba baholo ba robale lihora tse ka bang robeli bosiu bo bong le bo bong le hore ho ka hlokahala hore bacha ba robale tse fetang tseo. Ha e le hantle, phuputsong e ’ngoe Univesithing ea Chicago, bahlankana ba phetseng hantle ba ileng ba robala lihora tse ’nè feela ka masiu a latellanang a tšeletseng ba ile ba qala ho bonahatsa matšoao a mathata a bokuli a atisang ho amahanngoa le batho ba hōlileng. Le hoja batho ba bangata ba tela lihora tsa bohlokoa tsa boroko ka lebaka la mosebetsi, sekolo, kapa boithabiso, litholoana e ka ’na ea e-ba tseo ba sa li lebellang. Mofuputsi oa boroko oa Univesithi ea Cornell, New York, James Maas, oa hlokomela: “Ho etsa ho itseng feela ho fapane le ho ba ea falimehileng, ea khonang ho qapa lintho, ’me a sa otsele ha a khanna ’mileng o moholo.”

Ke ’nete hore ho na le lintho tse ling tse ka amang boiketlo ba rōna. Ka mohlala, ho ba le pono e nepahetseng ho ka re tsoela molemo bophelong. ’Me ho ba le morero oa sebele bophelong ho ka re susumelletsa hore re etse khetho e tla re thusa hore re lule re phetse hantle ’meleng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela