Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 9/8 leq. 21
  • Thutsoana e Hloekisang Meno

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thutsoana e Hloekisang Meno
  • Tsoha!—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lithupa Tse Peli Lia Kopanngoa
    Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
  • Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa ho ea Ngakeng ea Meno?
    Tsoha!—2007
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Lefu la Marenene​—⁠Na U Kotsing ea ho Tšoaroa ke Lona?
    Tsoha!—2014
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 9/8 leq. 21

Thutsoana e Hloekisang Meno

KA MONGOLI OA TSOHA! ZAMBIA

AFRIKA—k’honthinente ea batho ba nang le meno a matle, le hoja ho se lifeme tse ngata tse hlahisang borashe ba meno! See se ka etsahala joang? Ho ba bangata, lekunutu la hore ha ba bososela ho hlahe meno a hloekileng, ke sekotoana sa thupa—thutsoana e hlafunoang!

Thutsoana e hlafunoang e kile ea sebelisoa ke Bababylona, ’me hamorao ea sebelisoa ke Baegepeta, Bagerike le Baroma. ‘Borashe bona ba meno’ ba thutsoana bo ne bo boetse bo tloaelehile Arabia ea pele ea Boislamo. Hoo e ka bang lilemo tse 300 tse fetileng, batho ba Europe ba ile ba felloa ke thahasello thutsoaneng ena e hlafunoang, leha ho le joalo, e ntse e tloaelehile likarolong tse ling tsa Afrika, Asia le Bochabela bo Hare.

Bochabela bo Hare, thutsoana ena e hlafunoang e khuoa sehlahleng sa saltbush. Afrika Bophirimela, ho sebelisoa sefate sa lime le sa lilamunu, ha India e boholo ba k’honthinente eona mohloli oa thutsoana e hlafunoang e le neem. Afrika-Bochabela, ho sebelisoa lifate le lihlahla tse ka bang 300 bakeng sa lithutsoana tse hlafunoang. Thutsoana ee e hloekisa meno joang?

Ha motho a ntse a e hlafuna, thutsoana ena e ea hlahlatheha, e fetohe “borashe” bo khorofo. Ha a ntse a tsoela pele ho hlafuna, lijo tse pakeng tsa meno lia tsoa ’me hape mali a phalla ka bolokolohi mareneneng. Hape ho hlafuna ho eketsa mathe ka hanong, e leng metsi a tlhaho a hlatsoang baktheria le ho etsa hore boemo bo se e lumelle ho ata.a

Empa thutsoana ena e hlafunoang hase borashe feela tjee. Lekala le lenyenyane le metso ea limela tse ling li na le lik’hemik’hale tse etsang hore meno a liehe ho bola. Ho bonahetse lithutsoana tse ling li e-na le lik’hemik’hale tse thibelang baktheria le ho loantša fungus. Lekala le lenyenyane la sefate seo ho builoeng ka sona pejana, seo ho hlafunoang lithutsoana tsa sona, le ka thibela le tsona liso. Namibia, lithutsoana tse nkiloeng semeleng se bitsoang muthala li thibela ho hōla ha kokoana-hloko e etsang hore meno a bole, marenene a be le tšoaetso le ho ba le liso qoqothong. Sehloekisa-meno sena sa tlhaho se ka thibela ho fateha ha meno hammoho le ho tiisa metso ea ’ona le marenene. Hona joale lik’hamphani tse ling li etsa sesepa sa meno ka likarolo tse itseng tsa limela tse joalo le boka ba tsona.

Ke ’nete hore ba bang ba khetha ho sebelisa borashe bo tloaelehileng ba meno. Ebang u khetha borashe kapa u khetha ho sebelisa thutsoana joalokaha batho ba boholo-holo ba ne ba etsa, ’nete ea sala: Meno a hloekileng ke karolo ea bohlokoa ea ho hlokomela ’mele.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho hlakile hore lijo le tsona ke tsa bohlokoa. Hangata baahi ba mahaeng Afrika ba ja lijo-thollo le meroho ho feta ba lulang litoropong. Hape ka tloaelo ha ba je lintho tse ngata tse nang le tsoekere, lijo tse ntlafalitsoeng, le ho noa lino-mapholi—e leng tsona tse tsebahalang ka ho bolisa meno.

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

“Neem” ke mohloli o mong oa lithutsoana tse hlafunoang

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

William M. Ciesla, Forest Health Management International, www.forestryimages.org

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela