Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 9/8 maq. 28-29
  • Na Molimo o re Hlohonolofatsa ka Maruo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Molimo o re Hlohonolofatsa ka Maruo?
  • Tsoha!—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Ile ba Hlohonolofatsoa ka Morero
  • Kamoo Jehova a re Hlohonolofatsang Kateng
  • Habohlokoa ho Feta Silevera le Khauta
  • Bophelo bo Khotsofatsang e le Kannete Lefatšeng le Lecha la Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Tlhohonolofatso ea Jehova e’a Ruisa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Maruo ao Molimo a Fanang ka ’Ona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Ikemisetse ho Rua Moeeng
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 9/8 maq. 28-29

Pono ea Bibele

Na Molimo o re Hlohonolofatsa ka Maruo?

“Tlhohonolofatso ea Jehova—ea ruisa, ’me ha a e phaelle ka bohloko.”—LIPROVERBIA 10:22.

NA LENGOLO lee la Bibele le qotsitsoeng ka holimo le bolela hore Molimo o hlohonolofatsa bahlanka ba hae ka leruo la lintho tse bonahalang? Batho ba bang ba lumela joalo. Nahana ka polelo ea ’moleli e mong oa Mopentekonta oa Australia eo e bileng e leng sengoli: “Bukeng [ea ka], ke tl’o le bolella hore na ke hobane’ng ha le hloka chelete e ngata le hore na le ka fumana chelete e ngata joang . . . Haeba le ka fetola tsela eo le nahanang ka eona ’me la ba le boikutlo bo nepahetseng ka chelete, ke lumela hore le tla fumana tlhohonolofatso le katleho e tsoang ho Molimo ’me le ke ke la hlola le e-ba le bothata ba chelete hape.”

Leha ho le joalo, lipolelo tse kang tseo li fana ka maikutlo a hore Molimo ha a re letho ka batho ba futsanehileng. Na ho atleha linthong tse bonahalang ke pontšo ea hore Molimo o hlohonolofalitse motho?

Ba Ile ba Hlohonolofatsoa ka Morero

Tlaleho ea Bibele e akarelletsa maemo ao ho ’ona Molimo a hlohonolofalitseng bahlanka ba hae ka maruo. Ka mohlala, Jakobo o ile a tloha ha habo a nkile lere feela empa ka mor’a lilemo tse 20 a khutla a e-na le linku, likhomo le liesele tse lekaneng hore a be le liahelo tse peli. Ho latela Bibele, katleho ea Jakobo e ne e le mpho e tsoang ho Molimo. (Genese 32:10) Mohlala o mong hape: Jobo o ile a lahleheloa ke letlotlo lohle la hae, leha ho le joalo, hamorao Jehova o ile a mo hlohonolofatsa ka “linku tse likete tse leshome le metso e mene le likamele tse likete tse tšeletseng le lipane tse sekete tsa likhomo le liesele tse tšehali tse sekete.” (Jobo 42:12) Jehova o ile a fa Morena Solomone leruo le lengata hoo le kajeno botumo ba lona bo sa ntseng bo le teng.—1 Marena 3:13.

Ka lehlakoreng le leng, Bibele e tlalehile ka barapeli ba Molimo ba bangata ba neng ba tšepahala, ba mamela, empa ba futsanehile. Ka sebele, Molimo o ne a sa otle ba bang ka bofutsana ha ka lehlakoreng le leng a hlohonolofatsa ba bang ka katleho. Joale morero oa Molimo e ne e le ofe ka hore maemong a mang a fe batho maruo?

Karabo e fapane ho latela boemo ka bomong. Ho hlohonolofatsoa ha Jakobo ka lintho tse bonahalang e ile ea e-ba motheo oa ho haha sechaba, e le ha ho lokisetsoa ho tla ha Peō e tšepisitsoeng. (Genese 22:17, 18) Katleho ea Jobo e ile ea felisa pelaelo leha e le efe ea hore na ke mang ea tliselitseng Jobo mahlomola, ka tsela eo, lebitso la Jehova la halaletsoa. (Jakobo 5:11) ’Me Solomone o ile a sebelisa boholo ba leruo leo a neng a le filoe ke Molimo ho haha tempele e hlollang ka botle. (1 Marena 7:47-51) Ho thahasellisang ke hore Jehova o ile a boela a sebelisa Solomone hore a ngole ka seo a se tsebang ka bohlokoa bo lekanyelitsoeng ba maruo.—Moeklesia 2:3-11; 5:10; 7:12.

Kamoo Jehova a re Hlohonolofatsang Kateng

Jesu o ile a ruta balateli ba hae hore ba be le boikutlo bo nepahetseng ka chelete ha a ba bolella hore ‘ba khaotse ho tšoenyeha’ ka matlotlo. O ile a ba behela lebaka la hore esita le Solomone khanyeng eohle ea hae ha aa ka a apara joaloka likhahla tsa naha. Leha ho le joalo, Jesu o ile a re: “Joale, haeba Molimo a apesa limela tsa naha joalo, . . . na ho e-na le hoo a ke ke a le apesa haholo, lōna ba nang le tumelo e nyenyane?” Jesu o ile a tiisetsa Bakreste hore haeba balateli ba hae ba ka batla ’Muso pele le ho loka ha Molimo, joale ba ne ba tla ekeletsoa ka lijo, liaparo le bolulo. (Matheu 6:25, 28-33) Tšepiso eo e phethahatsoa joang?

Ha keletso ea Bibele e lateloa, ka ho khetheha liphello e ba litlhohonolofatso tsa moea. (Liproverbia 10:22) Leha ho le joalo, ho ntse ho e-ba le melemo e meng. Ka mohlala, Lentsoe la Molimo le laela Bakreste: “Ea utsoang a se ke a hlola a utsoa, empa ho e-na le hoo, a sebetse ka thata.” (Baefese 4:28) Le boetse le re “ea sebetsang ka letsoho le monyebe o tla ba le ho honyenyane, empa letsoho la ea khothetseng ke lona le tla ruisa motho.” (Liproverbia 10:4) Hangata Bakreste ba latelang keletso ena, ba tšepahalang le ba sebetsang ka thata, ke bona bao bahiri ba ratang ho ba hira. Sena e ka ba tlhohonolofatso.

Bibele e boetse e ruta Bakreste hore ba qobe tloaelo ea ho itlosa bolutu ka ho becha, mokhoa o silafatsang oa ho tsuba, le mokhoa o fokolisang oa botahoa. (1 Bakorinthe 6:9, 10; 2 Bakorinthe 7:1; Baefese 5:5) Ba latelang keletso ena ba iphokoletsa litšenyehelo ’me bophelo ba bona boa ntlafala.

Habohlokoa ho Feta Silevera le Khauta

Leha ho le joalo, ho ke ke ha thoe katleho ea lintho tse bonahalang ke eona feela pontšo ea hore motho o amoheloa ke Molimo ’me oa mo hlohonolofatsa. Ka mohlala, Jesu o ile a pepesa boemo bo soabisang moeeng ba Bakreste ba bang ba Laodisia ha a ne a ba bolella: “U re: ‘Ke ruile ’me ke fumane maruo ’me ho hang ha ke hloke letho,’ empa ha u tsebe hore u sōtō ’me ua haula ebile u mofutsana ’me u foufetse ebile u hlobotse.” (Tšenolo 3:17) Ka lehlakoreng le leng, Jesu o ile a re ho Bakreste ba Smyrna ba neng ba futsanehile empa ba phela hantle moeeng: “Ke tseba matšoenyeho le bofutsana ba hao—empa u ruile.” (Tšenolo 2:9) Ho ka etsahala hore ebe bahlorisi ba ne ba hulisa Bakreste bana ka thata licheleteng kaha ba ne ba tšepahala, leha ho le joalo, ba ne ba e-na le maruo a fetang hōle silevera kapa khauta.—Liproverbia 22:1; Baheberu 10:34.

Jehova Molimo o hlohonolofatsa boiteko ba batho ba lekang ho etsa thato ea hae. (Pesaleme ea 1:2, 3) O ba fa matla le matlotlo a hore ba sebetsane ka katleho le liteko, ba hlokomele malapa a bona le ho batla ’Muso oa hae pele. (Pesaleme ea 37:25; Matheu 6:31-33; Bafilipi 4:12, 13) Ka hona, ho e-na le hore Bakreste ba ’nete ba nke lintho tse bonahalang e le tlhohonolofatso e ka sehloohong ea Molimo, ba loanela hore “ba rue mesebetsing e metle.” Ka ho hlaolela kamano e haufi le ’Mōpi, Bakreste ba ‘ipolokela ka mokhoa o sireletsehileng motheo o motle bakeng sa ka moso.’—1 Timothea 6:17-19; Mareka 12:42-44.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela