Oli—Na e Tla ke e Fele?
“Kantle ho [mohloli oa matla], indasteri e ea ema . . . Ho ne ho ke ke ha hahuoa likoloi, literaka, literene, likepe kapa lifofane . . . Ntle ho mehloli ea matla, matlo a ne a tla lula a bata ’me a se na khanya, lijo li ne li ke ke tsa phehoa. . . . Ntle ho mehloli ea matla, ha e le hantle re ne re tla khutlela mehleng ea boholo-holo.”—Ho tsoa ho “U.S. Geological Survey World Petroleum Assessment 2000.”
LITSEBI tsa mohloli oa matla li bolela hore qetellong mehloli ea oli e ka ’na ea e-psha. Ba bang ba hakanya hore mehloli ea oli lefatšeng e tla tšoarella ho fihlela lilemo tse 63 ho ea ho tse 95 ho tloha hona joale. Ho sa le joalo, ho ntse ho sebelisoa mehloli e meng ea matla, eo e meng ea eona e ’nileng ea sebelisoa ka mashome a lilemo. Har’a e ka sebelisoang hape—kapa e ka nchafatsoang ka potlako—ke mefuta e latelang: letsatsi, moea, leqhubu, metsi le mocheso oa leoatle. Empa hona joale, ho sa na le mathata a maholo a amanang le tlhahiso ea eona le ho e aba.
Tebello ea ho sebelisa mehloli ea matla ho fihlela e pshele ebe ke hona ho sebelisoang mehloli e ka nchafatsoang, ha e tšepise. Lik’hamphani tsa oli li ikemiselitse ho nka monyetla ka nako e lekanyelitsoeng eo li reng oli e setse pele e fela. Ka bomalimabe, ho na le lebaka le utloahalang la ho lebella hore mathata a lichaba le a tikoloho a amanang le oli a tla lula a le teng hafeela e ntse e le teng. Ha ho potang hore motso oa mathata ana hase oli ka boeona. Ke meharo ea motho le ho nyoreloa matla tse entseng hore oli e tume hampe.
Ho thabisang ke hore bokamoso ba oli—esita le ba mehloli eohle ea matla a mang—ha bo matsohong a lichaba. Ha e le hantle bo matsohong a ’Mōpi le Mohlokomeli oa lefatše, Jehova Molimo, ea tšepisitseng hore haufinyane mathata ’ohle a tikoloho le a lichaba a amanang le tšebeliso e ntle le e mpe ea lihlahisoa tsa lefatše a tla fela. (Tšenolo 4:11) Joalokaha Bibele e bolela, nako e atametse eo ka eona Molimo a tla “felisa ba senyang lefatše.” Puso e lokileng ea Molimo e tla fella ka “leholimo le lecha le lefatše le lecha,” lefatše leo ho lona ho ke keng ha e-ba le tšebeliso e mpe ea boithati le ho hloka toka, moo lirafshoa tsa lefatše li tla sebelisoa ka ho hloka boithati molemong oa moloko oohle oa batho ba mamelang.—Tšenolo 11:18; 21:1-4.
[Litšoantšo tse leqepheng la 12]
Mehloli e meng e ka sebelisoang bakeng sa matla e akarelletsa beteri e sebelisang matla a letsatsi le lienjene tse fehloang ke moea