Ho fa Bana Seo ba se Hlokang
’NETE ke hore bana ba hloka tlhokomelo e ngata ’me kamoo ho bonahalang kateng, ba bangata ha ba fumane seo ba se hlokang. Boemo ba bacha kajeno bo bontša hore ho hlile ho joalo. Mofuputsi e mong ea qotsitsoeng ho The Globe and Mail ea Toronto, Canada, o ile a tletleba ka hore: “Bacha ba rōna ha ba e-s’o be thōko hakana le malapa a bo bona, le ho haelloa ke phihlelo le bohlale bo sebetsang joaloka hona joale.”
Ho senyehile hokae? Na bothata boo ho ka thoe bo bakiloe ke ho hlōleha ho hlokomela bohlokoa ba ho lebisa tlhokomelo baneng ha ba sa le banyenyane? Setsebi sa kelello se thusang basali ba amohelang chelete e tlaase ho ithuta mokhoa oa ho hlokomela bana ba bona ba sa tsoa tsoaloa se hlalosa tjena: “Kaofela re hloka ho ithuta hore na re be batsoali joang. ’Me ho hlokahala re tsebe hore nako eo re e qetang le bana ba rōna e tla putsoa ka makhetlo a imenneng hangata.”
Esita le masea a hloka ho lauoa kamehla. Eseng metsotsoana e seng mekae mona le mane empa kamehla—e, letsatsi lohle. Nako e qetoang le bana ho tloha boseeeng ba bona ke ea bohlokoa hore ba hōle hantle.
Ho Hlokahala Tokisetso
E le ho phetha boikarabelo ba bona bo boima, ho hlokahala hore batsoali ba lokisetse ho fihla ha ngoana oa bona. Ba ka ’na ba ithuta molao-motheong oo Jesu Kreste a o boletseng mabapi le bohlokoa ba ho rera hantle esale pele. O itse: “Ke mang ho lōna ea batlang ho haha tora ea sa luleng fatše pele ’me a bale litšenyehelo?” (Luka 14:28) Ho hōlisa bana—e leng seo hangata se bitsoang mosebetsi oa lilemo tse 20—ho rarahane haholo ho feta ho haha tora. Kahoo ho tšoana le ha ho ka thoe ho hōlisa bana ka katleho ho hloka polane joalokaha sehahi se hloka polane.
Ntho ea pele, ke habohlokoa ho itokisa kelellong le moeeng bakeng sa ho jara boikarabelo ba botsoali. Phuputso basaling ba 2 000 ba baimana Jeremane e fumane hore bana ba bo-’mè ba thabetseng ho tla ba le lelapa ba ne ba phetse hantle haholoanyane—maikutlong le ’meleng—ho feta bana ba bo-’mè ba neng ba sa batle masea a bona. Ka lehlakoreng le leng, mofuputsi e mong o ile a hakanya hore mosali ea keneng lenyalong le mabifi o kotsing e khōlō ea ho ba le lesea le holofetseng maikutlong kapa ’meleng ka karolo ea 237 lekholong ho feta mosali ea kamanong e sireletsehileng.
Joale, ho hlakile hore bo-ntate ba phetha karolo ea bohlokoa hore ngoana a hōle ka katleho. Dr. Thomas Verny o itse: “Ha ho ntho e kotsi haholoanyane ngoaneng, maikutlong le ’meleng, ho feta ntate ea hlekefetsang kapa ea hlokomolohang mosali oa hae oa moimana.” Ka sebele, ho ’nile ha hlalosoa hore ntate ea ratang ’mè oa ngoana ke mpho e molemohali eo ngoana a ka e fuoang.
Lihormone tse amanang le ho tšoenyeha le khatello ea kelello tse qhatsehelang maling a ’mè, li ka ama lesea le ka pōpelong. Leha ho le joalo, ho nahanoa hore ke ho tšoenyeha feela ho tebileng ha mosali kapa ha nako e telele ho kotsi, ho e-na le liketsahalo tse itseng tsa ho se thabe kapa tsa ho hatelleha kelellong. Ho bonahala ntho ea bohlokoahali e le hore na ’mè ea ’meleng o ikutloa joang ka ngoana ea e-song ho tsoale.a
Ho thoe’ng haeba u moimana ’me monna oa hao ha a u tšehetse, kapa ho thoe’ng haeba uena ka bouena ha u batle taba ea ho ba ’mè? Ke ntho e tloaelehileng hore maemo a ka ’na a bakela mosali hore ikutloe a tepeletse maikutlo ka boimana ba hae. Leha ho le joalo, kamehla hopola hore ngoana oa hao ha a na molato. Joale, u ka lula u khutsitse maikutlong joang ho sa tsotellehe maemo a bohloko?
Tataiso e bohlale e fanoeng Lentsoeng la Molimo, Bibele, e ’nile ea e-ba thuso ho ba limilione. E re: “Nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.” U tla makala hore na ho phela ka mantsoe ao ho ka u thusa hakaakang ho latela keletso ena: “Le se ke la tšoenyeha ka letho.” (Bafilipi 4:6, 7) U tla utloa tlhokomelo ea letsoho la ’Mōpi, ea tla u hlokomela.—1 Petrose 5:7.
Ke Phihlelo e Tloaelehileng
Libekeng tse seng kae tsa pele ka mor’a ho beleha, bo-’mè ba bang ba banyenyane ba nyahama ka tsela e ke keng ea hlalosoa le ho tepella ka tsela e sa tloaelehang. Esita le basali ba neng ba thabetse ho ba le ngoana ba ka ’na ba feto-fetoha maikutlo. Maikutlo a joalo a feto-fetohang a tloaelehile. Sena se bakoa ke hore ka mor’a hore basali ba pepe ba ka ba le liphetoho tse khōlō lihormoneng. Hape ke ntho e tloaelehileng hore ’mè e mocha a imeloe ke lintho tse batlahalang tsa ho ba ’mè—ho fepa, ho chencha maleiri le ho hlokomela lesea, le sa tsebeng letho ka nako.
’Mè e mong o ile a ba le maikutlo a hore lesea la hae le ne le lla feela hore le mo hlokofatse. Hase feela setsebi se seng sa ho hōlisa bana Japane se ileng sa re: “Ha ho motho ea sa beng le khatello ea kelello e bakoang ke ho hōlisa ngoana.” Ho latela setsebi sena, “ntho ea bohlokoahali ke hore le ka mohla ’mè a se ke a itšehla thajana.”
Esita leha ’mè a ikutloa a tepeletse maikutlo ka linako tse ling, a ka sireletsa ngoana oa hae hore a se ke a angoa ke ho feto-fetoha ha maikutlo a hae. Makasine ea Time e tlalehile: “Bo-’mè ba tepeletseng maikutlo ba khonneng ho hlōla ho hlonama ha bona, ba fa masea a bona tlhokomelo le ho ba bapalisa haholo, ba bile le bana ba nang le boko bo sebetsang haholo.”b
Kamoo Ntate a ka Thusang
Hangata ntate oa ngoana o boemong bo botle haholo ba ho fana ka thuso le tšehetso tse hlokahalang. Ha lesea le lla har’a bosiu, mabakeng a mangata ntate a ka hlokomela seo lesea le se hlokang e le hore molekane oa hae a ka robala. Bibele e re: “Kamehla banna ba tlameha ho tšoara basali ba bona ka ho ba nahanela bophelong ba bona hammoho.”—1 Petrose 3:7, The Jerusalem Bible.
Jesu Kreste o behetse banna mohlala o phethahetseng hore ba o latele. O bile a tella balateli ba hae bophelo ba hae. (Baefese 5:28-30; 1 Petrose 2:21-24) Kahoo, banna ba telang boiketlo ba bona ka hore ba nke bohato ba ho hōlisa bana ba etsisa Kreste. Ka sebele, ho hōlisa bana ke mosebetsi o kopanetsoeng, boiteko boo ho bona ho nang le tšebelisano eo ho hlokahalang hore batsoali ka bobeli ba be le seabo ho eona.
Boiteko bo Kopanetsoeng, ba Tšebelisano
Yoichiro, ntate oa ngoanana ea lilemo li peli, o re: “Joaloka monna le mosali, re buisane haholo ka hore na re lokela ho hōlisa morali oa rōna joang. Nako le nako ha ho hlaha bothata, re buisana ka hore na re lokela ho bo rarolla joang.” Yoichiro oa hlokomela hore mosali oa hae ho hlokahala hore a phomole, ’me hangata o tsamaea le morali oa hae ha a il’o etsa mesebetsi e meng ea lelapa.
Mehleng ea pele, ha ka tloaelo malapa a ne a sa le maholo a bile a momahane, batsoali ba ne ba thusoa ke bana ba baholoanyane le beng ka bona ho thusana ho hlokomela bana. Kahoo ha ho makatse hore ebe mosebetsi Setsing sa Khōliso ea Bana, Kawasaki, Japane, oa hlokomela: “Mabakeng a mangata, bo-’mè ba tla imoloha ha ba buisana le ba bang ka taba ena. Ka thuso e fokolang feela, bo-’mè ba bangata ba ’nile ba atleha ha ba tobane le mathata.”
Makasine ea Parents e bolela hore batsoali “ba hloka sehlopha sa batho bao ba ka buisanang le bona ho ba bolella se ba tšoenyang.” Sehlopha se joalo sa batho se ka fumanoa hokae? Ka ho ba ba bulehetseng likhopolo tse ncha le ho mamela batsoali ba bona kapa ba bohali le ba bohoeng, bo-’mè le bo-ntate ba bacha ba ka rua molemo haholo. Ke ’nete hore bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba lokela ho ananela hore liqeto tsa ho qetela ke tsa banyalani bana ba bacha.c
Mohloli o mong oo hangata batsoali ba bacha ba ka itšetlehang ka oona ke balumeli-’moho le bona. Phuthehong ea Lipaki Tsa Jehova, u ka ’na ua fumana batho ba bileng le phihlelo ea lilemo ea ho hōlisa bana le ba ka ratang ho mamela mathata a hao. Ba ka u fa litlhahiso tse ling tse molemo. Hangata, u ka kōpa thuso ho “basali ba hōlileng”—e leng kamoo Bibele e bitsang ba nang le phihlelo e khōloanyane bophelong ba Bokreste—ba ratang ho thusa basali ba bacha.—Tite 2:3-5.
Ke ’nete hore ho hlokahala hore batsoali ba khethe ha ba mamela maikutlo a ba bang. Yoichiro o re: “Ka nako le motsotso, batho ba re potolohileng ba ile ba fetoha litsebi tsa ho hōlisa bana.” Mosali oa hae, Takako, oa lumela: “Qalong, ke ne ke tšoenngoa ke litlhahiso tseo ba bang ba re fang tsona, kaha ke ne ke e-na le maikutlo a hore ba nyatsa ho haelloa ke phihlelo ha ka joaloka motsoali.” Empa, ka ho ithuta ho ba bang, banna le basali ba bangata ba thusitsoe hore ba be le pono e lekalekaneng ea ho hlokomela bana ba bona ka seo ba se hlokang.
Thuso e Molemohali e Fumanehang
Esita le haeba ho bonahala ho se ea ka u thusang, ho na le mohloli o le mong o tšepahalang oa matla. Ke Jehova Molimo, ea re bōpileng, eo mahlo a hae a ka bonang “le lesea le sa tsoa emoloa” la ba tsoaloang lefatšeng. (Pesaleme ea 139:16) Jehova o kile a re ho batho ba hae ba mehleng ea boholo-holo, joalokaha ho tlalehiloe Lentsoeng la hae, Bibele: “Na mosali a ka lebala ngoana oa hae ea anyang hoo a ke keng a hauhela mora oa mpa ea hae? Esita le basali bana ba ka lebala, leha ho le joalo ’na nke ke ka u lebala.”—Esaia 49:15; Pesaleme ea 27:10.
Ka sebele, Jehova ha a lebale batsoali. Ka Bibeleng, o ba file tataiso e molemohali ea ho hōlisa bana. Ka mohlala, lilemo tse ka bang 3 500 tse fetileng, moprofeta oa Molimo Moshe o ile a ngola: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka mafolofolo a hao ’ohle.” Eaba Moshe o re: “Mantsoe ana [ho akarelletsa khothatso ea ho rata Jehova le ho mo sebeletsa] ao ke u laelang ’ona kajeno a be pelong ea hao; u a rute mora oa hao ka ho pheta-pheta ’me u bue ka ’ona ha u lutse ka tlung ea hao le ha u tsamaea tseleng le ha u robetse le ha u tsoha.”—Deuteronoma 6:5-7.
Ho latela maikutlo a hao khopolo ea bohlokoa ea tataiso ee ea Lentsoe la Molimo ke efe? Na hase hona hore ho ruta bana ba hao e lokela ho ba ntho e etsoang kamehla, le e tsoelang pele e sa khaotse letsatsi le leng le le leng? Ha e le hantle, ha hoa lekana ho fa bana ba hao nako eo ho thoeng ke ea bohlokoa seoelo. Kaha linako tsa bohlokoa tsa puisano ke tseo hangata li itlelang feela, ho hlokahala u be ea fumanehang baneng ba hao kamehla. Ho etsa joalo ho tla u nolofalletsa ho phethahatsa taelo ea Bibele: “Koetlisa moshanyana ho ea ka tsela e mo loketseng.”—Liproverbia 22:6.
Ho koetlisa bana ka tsela e nepahetseng ho akarelletsa ho ba balla. Bibele e re bolella hore morutuoa Timothea oa lekholong la pele la lilemo “ho tloha boseeng [o] tsebile lingoliloeng tse halalelang.” Kahoo, kamoo ho bonahalang kateng ’m’ae, Eunice le nkhon’ae Loise ba ile ba mo balla ha e sa ntse e le lesea. (2 Timothea 1:5; 3:14, 15) Ho molemo ho qala ho etsa sena hang ha u qala ho bua le lesea la hao. Empa u ka le balla eng, hona u ka ruta lesea hamolemohali joang?
Etsa hore ngoana oa hao a utloe ha u bala Bibele. Ho bonahala e ne e le seo Timothea a neng a se balloa. Ho boetse ho na le libuka tse tloaelanyang bana le Bibele ka litšoantšo tse mebala-bala. Tsona li etsa hore ngoana a hle a bone lintho tseo Bibele e li rutang ka leihlo la moea. Ka mohlala, ho na le Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele le Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Ka libuka tse joalo, lithuto tsa Bibele li ’nile tsa hatisoa likelellong le lipelong tsa bana ba limilione.
Joalokaha Bibele e bolela, “bara [le barali] ke lefa le tsoang ho Jehova; litholoana tsa mpa ke moputso.” (Pesaleme ea 127:3) ’Mōpi oa hao o behile “lefa” tlhokomelong ea hao, lesea le ratehang, leo e ka bang mohloli oa ho thaba le ho ba motlotlo. Ho hōlisa bana, haholo-holo hore e be barorisi ba ’Mōpi oa bona, ka sebele ke mosebetsi o putsang!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hase lihormone tsa khatello ea kelello feela tse ka bang le liphello tse kotsi leseeng le ka pōpelong empa le bokoali, joala le lithethefatsi tse ling. Bo-’mè ba immeng ba etsa hantle ha ba lulella hōle le lintho leha e le life tse kotsi. Ho feta moo, ke habohlokoa ho bonana le ngaka mabapi le liphello tse ka bakoang ke meriana eo ’mè a e noang leseeng le ka pōpelong.
b Haeba ’mè a ikutloa a nyahame ka ho tebileng a bile a hloka tšepo hammoho le ho ikutloa a se na kamano e haufi-ufi le lesea le lefatše, e ka ’na eaba o na le ho tepella maikutlo ho bang teng ka mor’a ho pepa. Haeba ho joalo, o lokela ho bona ngaka ea hae e mo pepisitseng. Ka kōpo bona Tsoha! ea August 8, 2002, leqepheng la 14-18 le June 8, 2003, (ka Senyesemane) leqepheng la 21-3.
c Ka kōpo bala sehlooho se reng “Bo-nkhono le Bo-ntate-moholo—Thabo ea Bona le Liphephetso,” tokollong ea Tsoha! ea April 8, 1999.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Maikutlo a ’mè ka lesea la hae le e-s’o tsoaloe ke a bohlokoa
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Le hoja ’mè e mocha a ka ’na a ba le maikutlo a feto-fetohang ka mor’a ho beleha ngoana oa hae, ho na le ho hongata hoo a ka ho etsang ho etsa hore lesea le ikutloe le ratoa ebile le sireletsehile
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Bo-ntate ba na le boikarabelo ba ho ba le seabo sa ho hlokomela bana ba bona
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ho balla ngoana ho lokela ho qala boseeeng