Meriana ea Litlama—Na e ka U Thusa?
HO TLOHA mehleng ea boholo-holo ho ’nile ha sebelisoa meriana ea litlama ho phekola maloetse. Ebers Papyrus, e leng buka e hlophisitsoeng Egepeta hoo e ka bang lekholong la bo16 la lilemo B.C.E., e na le meriana e makholo ea setso bakeng sa mafu a sa tšoaneng. Leha ho le joalo, ka tloaelo meriana ea litlama e ne e hlalosoa ka molomo ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong.
Ho sebelisoa ha litlama ke lingaka tsa Bophirimela ho bonahala ho qalile ka mosebetsi oa ngaka ea lekholong la pele la lilemo ea Mogerike Dioscorides, ea ngotseng De Materia Medica. E bile buka ea bongaka e ka sehloohong ka lilemo tse latelang tse 1 600. Likarolong tse ngata tsa lefatše, meriana ea litlama ea setso e ntse e ratoa haholo. Jeremane, mananeo a ’muso a bophelo a ka ba a ’na a buseletsa motho litšenyehelo ha ngaka e mo file meriana ea litlama.
Le hoja ka linako tse ling ho boleloa hore litlama tsa setso le lipitsa tseo batho ba iphekolang ka tsona ke tsona tse sireletsehileng ho feta meriana ea lithethefatsi, le tsona li ntse li e-na le likotsi. Kahoo ho hlaha lipotso: Motho o lokela ho lemoha le ho hopola eng ha a nahanela ho sebelisa meriana ea litlama? Hona na ho na le maemo leha e le afe ao ho ’ona phekolo ea mofuta o itseng e ka bang molemo ho feta e ’ngoe?a
Kamoo Litlama li ka Thusang Kateng
Ho ’nile ha boleloa hore litlama li na le metsoako e phekolang. Tse ling ho nahanoa hore li thusa ’mele hore o itoanele tšoaetsong. Tse ling ho thoe li thusa tšilong, li kokobetsa methapo, lia tšollisa, kapa li thusa ho laola litšoelesa.
Litlama li ka ’na tsa e-ba le molemo oa phepo le oa ho phekola. Ka mohlala, limela tse ling tse etsang hore motho a ntše metsi haholo, tse kang parsley, li boetse li na le potassium e ngata. Potassium e limeleng tsena e nkela e tsoileng le mosese sebaka. Ka ho tšoanang, semela se nang le sethethefatsi se robatsang (Valeriana officinalis), seo e leng khale se sebelisetsoa ho robatsa, se na le k’halsiamo e ngata. K’halsiamo e ka ’na ea eketsa matla a setlama seo a ho robatsa tsamaisong ea methapo.
Mokhoa oa ho Sebelisa Litlama
Litlama li ka sebelisoa ka litsela tse ngata, li ka nooa e le tee, e le pitsa, tsa tsoakoa le joala hape tsa sebelisoa e le tse beheletsang. Litee li etsoa ka ho tšela metsi a belang holim’a setlama. Empa ba boholong ba lemosa hore litlama tse sebelisoang e le tee ka kakaretso ha lia lokela ho belisoa metsing. Litlama tse nooang e le pitsa, tse entsoeng ka lintho tse kang methapo ea litlama le makhapetla, li belisoa metsing hore li ntše metsoako ea tsona e sebetsang.
Ho thoe’ng ka tse tsoakiloeng le joala? Buka e ’ngoe e re tsena “ke litlama tse tlhotliloeng ka lipiriti kapa brandy, kapa vodka.” Joale ho na le tse beheletsang, tse ka lokisoang ka litsela tse sa tšoaneng. Hangata li sebelisoa likarolong tsa ’mele tse kulang kapa tse opang.
Ho fapana le livithamine le lithethefatsi tse ngata, boholo ba litlama bo nkoa e le lijo ’me hangata li nooa e le tsona feela, motho a sa ja. Hape li ka nooa li sitsoe, e leng ho ka etsang hore ho be bonolo ho li sebelisa hape li latsoehe hamolemonyana. Haeba u etsa qeto ea ho sebelisa litlama, ke bohlale hore u li sebelise u tataisoa ke setsebi.
Ka tloaelo, ho ’nile ha etsoa tlhahiso ea hore ho sebelisoe litlama maemong a kang ha motho a tšoeroe ke sefuba, mala a sa sile, a pipitletsoe, a hlobaela le ho nyekoa ke pelo. Leha ho le joalo, ka linako tse ling litlama li boetse li sebelisetsoa mafu a tebileng—eseng feela e le pheko empa hape e le tse a thibelang. Ka mohlala, Jeremane le Austria, setlama se bitsoang palmetto (Serenoa repens) se sebelisoa e le pheko e ka sehloohong bakeng sa prostatic hyperplasia (ho ruruha ha tšoelesa ea senya). Linaheng tse ling boloetse bona bo qetella bo tšoere banna ba etsang karolo ea 50 ho ea ho 60 lekholong. Leha ho le joalo, ke habohlokoa hore ngaka e fumane hore na ho ruruha hoo ho bakoa ke eng ho etsa bonnete ba hore boemo boo ha bo hloke hore lingaka li sebelise meriana e matla, joaloka tabeng ea kankere.
Tlhokomeliso
Le hoja ka kakaretso setlama se seng se ka ’na sa nkoa se sireletsehile, tlhokomeliso e lokela ho ba teng. Le ka mohla u se ke ua tlohela ho itebela hobane feela sehlahisoa se seng ho thoe ke “sa tlhaho.” Buka e ’ngoe ea boitsebiso e buang ka litlama e re: “’Nete e babang ke hore litlama tse ling ho totobetse hore li kotsi. [Ka masoabi] batho ba bang ha ba hlomphe litlama leha e le life—ebang li kotsi kapa ha li kotsi.” Motsoako oa lik’hemik’hale litlameng o ka fetola lebelo leo pelo e otlang ka lona, khatello ea mali le boemo ba tsoekere maling. Kahoo, batho ba nang le mathata a pelo, khatello e phahameng ea mali, kapa ho hlokeha ha taolo ea tsoekere maling ho kang lefu la tsoekere ba tlameha ho ba hlokolosi ka ho khetheha.
Leha ho le joalo, hangata liphello tse bohloko tsa litlama li fella ka hore lintho li u hane. Tsena li akarelletsa ho opeloa ke hlooho, molikoalikoane, ho nyekoa ke pelo, kapa ho tsoa lekhopho. Hape ho boleloa hore litlama li baka “mathata a phekolo” ka ho hlahisa matšoao a kang a ntaramane kapa a mang. Motho ea noang litlama a ka ’na a bonahala a mpefala pele a fola. Ka kakaretso ho boleloa hore sena se bakoa ke ho ntšoa ha litšila tse chefo ’meleng mekhahlelong e qalang ea ho phekoloa ka litlama.
Taba ea hore ho ’nile ha shoa batho nako le nako ka lebaka la ho sebelisa lihlahisoa tsa litlama ho totobatsa hore hoa hlokahala hore motho a be hlokolosi le ho latela tataiso e utloahalang. Ka mohlala, setlama se bitsoang ephedra, seo ka tloaelo se sebelisetsoang ho fokotsa ’mele, se ka boetse sa phahamisa khatello ea mali. Ho batho ba fetang 100 ba tlalehiloeng ba shoele United States ba ’nile ba amahanngoa le lihlahisoa tsa ephedra, le hoja ngaka ea mafu ea San Francisco, Steven Karch, a re: “Maemo ao ke a tsebang feela moo batho [ba ileng ba sebelisa ephedra] ba ileng ba shoa, e ne le ba nang le boloetse bo bobe ba mothapo oa pelo kapa ba ileng ba noa moriana ho tlōla tekano.”
Dr. Logan Chamberlain, mongoli oa buka e buang ka litlama tse tlatsetsang, oa lumela: “Hoo e ka bang tlaleho e ’ngoe le e ’ngoe lilemong tsa morao tjena ka liphello tse kotsi tsa litlama, e hlahile maemong ao ho oona batho ba sa kang ba latela litaelo. . . . Tekanyo ea hore ho nooe moriana o mokae lihlahisoeng tse tšepahalang e sireletsehile hape e ea lekanyetsa. U se ke ua nahana hore u ka li hlokomoloha ntle leha u fumane keletso e ntle ho morekisi oa litlama ea koetlisitsoeng.”
Morekisi oa litlama Linda Page o fana ka keletso ena e lemosang: “Esita le maemong ao motho a kulang haholo, ho noa moriana ka tekanyo ke eona tsela e nepahetseng, eseng ho noa ho tlōlisa. Liphello tse molemo li ka fumanoa ka ho ipha nako e eketsehileng le ho iphekola hantle. Ho nka nako ho haha bophelo bocha.”
Buka e ’ngoe e buang ka thuto ea litlama e hlalosa hore litlama tse ling li na le mokhoa oa ho itšireletsa ha li sebelisoa ho tlōla tekano. Ka mohlala, setlama se seng se sebelisetsoang ho khatholla ’mele sea hlatsisa ha se nooa ho feta tekano. Leha ho le joalo, tšobotsi ena, e sa sebetseng litlameng tsohle, ha e bolele hore joale ho ka tloheloa ho khomarela tekano e sireletsehileng ea ho nooa ha moriana.
Leha ho le joalo, hore setlama se tle se sebetse ba bangata ba lumela hore ho tlameha ho sebelisoe se lekaneng le hona ka mokhoa o nepahetseng. Ka linako tse ling, tsela feela ea ho etsa joalo ke ka ho noa lero le tlhotliloeng. Ho joalo ka ginkgo biloba, eo e leng khale e sebelisetsoa ho ntlafatsa mohopolo le ho phalla ha mali, kaha ho hlokahala lik’hilograma tse ngata tsa mahlaku bakeng sa tekanyo e le ’ngoe ea moriana hore o sebetse.
Motsoako o ka ’Nang oa E-ba Kotsi
Litlama li ka ama le meriana e nang le lithethefatsi e fanoeng ke ngaka ka litsela tse sa tšoaneng. Ka mohlala, li ka ’na tsa hōlisa kapa tsa fokotsa ho sebetsa ha moriana, tsa etsa hore o tsoe ’meleng ka potlako ho feta kamoo ho tloaelehileng, kapa tsa eketsa hore ho be le liphello tse kotsi. Semela se bitsoang St. John’s wort, seo hangata Jeremane se fanoang ke lingaka bakeng sa ho tepella maikutlo ho tlaase ho isa ho ho itekanetseng, ho etsa hore meriana e mengata e nang le lithethefatsi e tsoe ’meleng ka potlako ho feta ka tsela e tloaelehileng ka makhetlo a mabeli, kahoo se fokotsa matla a eona. Kahoo, haeba u noa meriana e nang le lithethefatsi eo u e filoeng ke ngaka, ho akarelletsa le lipilisi tse thibelang kemolo, bonana le ngaka ea hao pele u noa litlama.
Buka e buang ka metsoako ea meriana e phekolang ea litlama e re: “Joala, matekoane, k’hok’heine, lithethefatsi tse ling tse fetolang maikutlo le koae li ka sokela bophelo ha li tsoakoa le litlama tse ling. . . . Ho ba le kahlolo e molemo ho tla etsa hore u qobe [lithethefatsi tse joalo], haholo-holo ha u kula.” Hape, basali ba immeng le bo-’mè ba anyesang ba lokela ho nka keletso eo ka ho teba. Ke ’nete hore mabapi le koae le lithethefatsi tse lemalloang, Bakreste ba sirelelitsoe ke ho mamela taelo ea Bibele ea hore “itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea.”—2 Bakorinthe 7:1.
Mabapi le litlama, buka e ’ngoe e fana ka temoso ena: “Haeba u ima nakong eo u ntseng u sebelisa litlama, bolella ngaka ea hao ’me u khaotse ho li sebelisa ho fihlela u buisane le eona. Leka ho hopola hore na u sebelisitse tse kae le hore na ke nako e telele hakae u li sebelisa.”
Buka e ’ngoe ea boitsebiso ha e bua ka litlama, e re: “Likotsi tsa ho iphekola [ka litlama] li ngata.” Lebokoseng le tsamaisanang le sehlooho sena, le reng, “Likotsi Tsa ho Iphekola,” u tla fumana lethathamo la likotsi tse ka bang teng tse amang litlama.
Joaloka lihlahisoa tsohle tsa meriana, litlama li lokela ho hlomphuoa, motho a be le tsebo ka tsona, hape a li sebelise ka tekano—’me hopola hore bakeng sa lintho tse ling hona joale ha ho na pheko. Bakreste ba ’nete ba lebeletse nako eo ntho e bakang ho kula le lefu—e leng ho se phethahale hoo re ho futsitseng ho batsoali ba rōna ba pele—e tlang ho felisoa ka ho feletseng tlas’a puso e molemo ea ’Muso oa Molimo.—Baroma 5:12; Tšenolo 21:3, 4.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tsoha! hase koranta ea bongaka, kahoo ha e buelle phekolo leha e le efe ka ho toba kapa lijo, litlama kapa ho hong. Boitsebiso bo sehloohong sena ke bo akaretsang feela. Babali ba tlameha ho iketsetsa qeto litabeng tsa bophelo bo botle le tsa bongaka.
[Lebokose le leqepheng la 30]
Likotsi Tsa ho Iphekola
Likotsi tse latelang ke tsa ho sebelisa litlama ka ntle ho thuso ea litsebi.
E ka ’na eaba ha u tsebe hantle hore na u jeoa ke eng.
Mokhoa oa hao oa ho iphekola e ka ’na eaba ha ua nepahala bakeng sa bokuli ba hao, esita le haeba u fumane hantle hore na u jeoa ke eng.
Lenaneo la hao la ho iphekola le ka ’na la liehisa phekolo e ka folisang boloetse ka ho feletseng ’me e le e hlokahalang ebile e loketse.
Ho iphekola ha hao ho ka ’na ha hohlana le lithethefatsi tseo u li filoeng ke ngaka—ka mohlala meriana ea lintho tse u hanang, kapa meriana ea khatello ea mali.
Ho iphekola ha hao ho ka ’na ha phekola bothata bo fokolang boo u nang le bona empa ha mpefatsa boloetse bo bong bo kang khatello e phahameng ea mali.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Mohloli: Rodale’s Illustrated Encyclopedia of Herbs