Maikutlo a Tšoenyehileng
NICOLE o ’nile a ba le linako tseo a ikutloang a nyahame ka tsona ho tloha ha a le lilemo li 14. Leha ho le joalo, ha a le lilemo li 16 o ile a qala ho ikutloa ka tsela e fapaneng—o ne a ikutloa a thabile ka tsela e makatsang le ho ikutloa a le mafolofolo ka tsela e sa tloaelehang. A e-na le maikutlo a mangata kelellong, puo ea hae e sa kopane hantle ’me a bile a haelloa ke boroko, o ne a boetse a e-na le pelaelo e se nang motheo ea hore metsoalle ea hae e mo sebelisa hampe. Ka mor’a moo, Nicole o ile a bolela hore eena a ka fetola ’mala oa ntho ha a batla. Ke boemong bona moo ’mè oa Nicole a ileng a lemoha hore ho hlokahala thuso ea lingaka, ka hona o ile a isa Nicole sepetlele. Ka mor’a hore lingaka li behe maikutlo a feto-fetohang a Nicole leihlo, qetellong li ile tsa fumana se mo jang: Nicole o ne a e-na le lefu la ho ferekana kelellong.a
Joaloka Nicole, batho ba limilione lefatšeng ka bophara ba na le ho feto-fetoha ha maikutlo ho sa laoleheng—ebang ke lefu la ho ferekana kelellong kapa mofuta o itseng oa ho tepella ho hoholo maikutlong. Mafu ana a ka senya bophelo ba motho haholo. Mokuli e mong oa lefu la ho ferekana kelellong ea bitsoang Steven o re: “Ke ile ka sithabela haholo maikutlong ka lilemo tse ngata. Ke ne ke nyahama haholo, ebe ka mor’a moo ke ba le thabo e feteletseng le ho ba mafolofolo a sa tloaelehang. Phekolo le meriana eo ke ileng ka e fuoa e ile ea nthusa, empa e ne e ntse e le ntoa.”
Mafu a ho feto-fetoha ha maikutlo ho sa laoleheng a bakoa ke eng? Motho o ba boemong bofe ha a tepeletse maikutlong kapa a e-na le lefu la ho ferekana kelellong? Bakuli—hammoho le ba ba hlokomelang—ba ka fuoa tšehetso eo ba e hlokang joang?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka kōpo hlokomela hore a mang a matšoao ana a ka ba teng le ha motho a e-na le mofuta o mong oa lefu la kelello, ha a sebelisa lithethefatsi hampe, kapa ha ngoana a kena lilemong tsa bocha, e leng phetoho e tloaelehileng. Ke feela ka mor’a hore motho a hlahlojoe ka ho feletseng ke ngaka e nang le mangolo moo ho ka fihleloang qeto ea hore na o tšoeroe ke eng.