Kamoo ba Bang ba ka Thusang
MOHLOMONG u tseba motho e mong ea nang le lefu la ho tepella maikutlo kapa la ho ferekana kelellong. Haeba ho joalo, u ka mo tšehetsa joang? D. J. Jaffe oa Mokhatlo oa Sechaba oa Batho ba Nang le Mafu a Kelello o fana ka keletso ena e utloahalang: “U se ke ua kopanya bokuli le mokuli; ho e-na le hoo, hloea bokuli empa u rate motho.”
Mosali ea bitsoang Susanna o bile le mamello le lerato la ho etsa joalo. O ne a e-na le motsoalle ea nang le lefu la ho ferekana kelellong. Susanna o re: “Ho ne ho e-ba le linako tseo a neng a sa batle le ho mpona ka leihlo.” Ho e-na le hore a tele motsoalle oa hae, Susanna o ile a etsa lipatlisiso ka lefu lena la ho ferekana kelellong. O re: “Ke hona ke bonang hore na boitšoaro ba motsoalle oa ka bo ne bo angoa hakaakang ke ho kula ha hae.” Susanna o na le boikutlo ba hore ho etsa boiteko ba ho utloisisa mokuli ho ka hlahisa meputso e babatsehang. O re: “Ho ka u thusa hore u rate le ho ananela haholo motho enoa ea ratehang ea tšoeroeng ke lefu lena.”
Ha ea kulang e le e mong oa litho tsa lelapa, ke habohlokoa ho mo tšehetsa ka pelo eohle. Mario ea boletsoeng lihloohong tse ka pele ho sena o ile a ithuta sena li sa tloha feela. Mosali oa hae, Lucia, eo le eena a boletsoeng pejana, o na le lefu la ho ferekana kelellong. Mario o re: “Qalong ke ile ka thusoa ke ho ea ngakeng le mosali oa ka le ho ithuta ka lefu lena le sa tloaelehang e le hore nka tloaelana le boemo bona boo re tobaneng le bona. Hape ’na le Lucia re ile ra bua ka lona haholo ’me ra lula re sebetsana le boemo ka bong ha bo hlaha.”
Tšehetso e Tsoang Phuthehong ea Bokreste
Bibele e khothalletsa Bakreste bohle hore ba “bue ka mokhoa o tšelisang le meea e tepeletseng maikutlo” le hore ba “be le tiisetso ho bohle.” (1 Bathesalonika 5:14) U ka etsa see joang? Pele, ke habohlokoa hore u utloisise phapang pakeng tsa bokuli ba kelello le ba moea. Ka mohlala, mongoli oa Bibele, Jakobo, o ile a bontša hore thapelo e ka etsa hore ea sa ikutloeng hantle moeeng a fole. (Jakobo 5:14, 15) Leha ho le joalo, Jesu o ile a lumela hore ba kulang ’meleng ba hloka ngaka. (Matheu 9:12) Ho hlakile hore ke ntho e nepahetseng kamehla le e molemo ho rapela Jehova ka ntho leha e le efe e re tšoenyang, ho akarelletsa le ho phela ha rōna hantle ’meleng. (Pesaleme ea 55:22; Bafilipi 4:6, 7) Empa Bibele ha e re ho eketsa mosebetsi oa lintho tsa moea ka bohona ho tla phekola bokuli.
Ka hona, Bakreste ba nang le temoho ba qoba ho fa batho ba nyahameng maikutlo a hore ke bona ba ikarabellang bakeng sa ho kula ha bona. Lipolelo tse joalo ho ne ho tla be ho se moo li fapaneng teng le tse ileng tsa fanoa ke batšelisi ba bohata ba Jobo. (Jobo 8:1-6) Taba ke hore maemong a mangata, ho tepella maikutlo ho ke ke ha ntlafala ntle le hore mokuli a fumane phekolo ea lingaka. Sena ke sa bohlokoa haholo haeba motho a tepelletse maikutlo haholo, mohlomong a bile a nahana ho ipolaea. Maemong a joalo, ho hlokahala hore a bonoe ke lingaka.
Leha ho le joalo, ho na le ho hongata hoo Bakreste ba habo ba ka ho etsang ho mo tšehetsa. Ho hlakile hore ho hlokahala mamello. Ka mohlala, likarolo tse itseng tsa mosebetsi oa Bokreste li ka imela ba nang le lefu la ho feto-fetoha ha maikutlo ho sa laoleheng. Mokuli oa lefu la ho ferekana kelellong, ea bitsoang Diane, o re: “Ke loana ka thata hore ke nke karolo tšebeletsong. Ke phephetso ho tlisetsa batho litaba tse molemo le tse thabisang tse tsoang ka Bibeleng ha ’na ka bonna ke sa ikutloe ke thabile.”
E le hore u tšehetse ba kulang, leka ka matla hore u be le kutloelo-bohloko. (1 Bakorinthe 10:24; Bafilipi 2:4) Leka ho bona lintho ka tsela eo mokuli a li bonang ka eona. U se ke ua imetsa mokuli ka ho lebella lintho tseo a ke keng a li finyella. Carl, ea loantšanang le ho tepella maikutlo o re: “Hona joale ha ke amoheloa kamoo ke leng kateng, ke utloa eka butle-butle ke boetse ke ba le kamano e mofuthu le batho. Ka lebaka la thuso ea metsoalle ea ka e ’maloa e seng e hōlile e sa feleng pelo, ke khonne ho haha kamano e haufi le Molimo ’me ke fumane thabo e khōlō ka ho thusa ba bang hore ba etse se tšoanang.”
Ha ba kulang ba fumana tšehetso, ba ka imoloha haholo mahlomoleng a bona. Nahana ka mohlala oa mosali oa Mokreste ea bitsoang Brenda, ea nang le lefu la ho ferekana kelellong. O re: “Nakong eo ke nyahameng ka eona, metsoalle ea ka phuthehong e ’nile ea ntšehetsa le ho nkutloisisa ka mokhoa o babatsehang, ho se mohla ba nkahlolang ka hore kea fokola moeeng. Ho na le linako tseo ba ileng ba ntumella hore ke tsamaee le bona ho ea tšebeletsong ’me ba ntlohela hore ke mamele feela kapa tseo ka tsona ba ’nileng ba mpehela setulo Holong ea ’Muso e le hore nka kena ka mor’a hore bohle ba lule fatše.”
Thuso ea baholo ba Bakreste ba lerato le ba nang le kutloelo-bohloko e bile thuso e khōlō ho Cherie, ea boletsoeng sehloohong se ka pele, ea nang le bothata ba ho tepella maikutlo. O re: “Ke utloa ke imoloha ha baholo ba ntiisetsa hore Jehova oa nthata, ba mpalla litemana tsa Lentsoe la Molimo, Bibele, leha ba bua ka morero oa Jehova oa paradeise ea khotso le boiketlo, leha ba rapela le ’na—esita le thelefonong. Kea tseba hore Jehova kapa barab’eso ha baa ntahla, ’me seo ke mohloli o moholo o mphang matla.”
Ha ho pelaelo hore ha litho tsa lelapa le metsoalle ba fana ka tšehetso e molemo, ba ka phetha karolo e khōlō boiketlong ba mokuli. Lucia o re: “Ke nahana hore hona joale ke khona ho laola bophelo ba ka haholoanyane. ’Na le monna oa ka re sebelitse ka thata hore re fihle mona moo re leng teng, ’me hona joale lintho li ntlafetse haholo bakeng sa rōna.”
Ba bangata bao hona joale ba loantšanang le mefuta e sa tšoaneng ea mafu a kelello baa hlokomela hore ho loantšana le mafu ana a bohloko hase ntho ea nakoana. Leha ho le joalo, Bibele e tšepisa hore lefatšeng le lecha la Molimo, “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” (Esaia 33:24) Ho tla be ho se ho se maloetse le mahloko a tšoenyang ba bangata hakana kajeno. Ka sebele hoa khatholla ho nahana ka tšepiso ea Molimo ea lefatše le lecha leo ho lona maloetse ’ohle—ho kopanyelletsa le lefu la ho ferekana kelellong—a tla beng a se a le sieo ka ho sa feleng. Nakong eo, Bibele e re ha ho sa tla ba le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko.—Tšenolo 21:4.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]
Jesu o ile a lumela hore ba kulang ba hloka ngaka.—MATHEU 9:12
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]
Bibele e tšepisa hore lefatšeng le lecha la Molimo, “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”—ESAIA 33:24