Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 2/8 maq. 3-4
  • Molimo o na le Lebitso!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo o na le Lebitso!
  • Tsoha!—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebitso la Molimo
    Tsoha!—2017
  • Na Molimo o na le Lebitso?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lebitso la Molimo ke Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
  • Kamoo Lebitso la Molimo le ’Nileng la Tsebahatsoa Kateng
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 2/8 maq. 3-4

Molimo o na le Lebitso!

Lebitso la Molimo ke mang? Batho kaofela ba na le mabitso. Ba bangata ba bile ba reha le liphoofolo tsa bona mabitso! Joale na e ke ke ea e-ba ho utloahalang hore Molimo a be le lebitso? Ha ho potang hore ho ba le lebitso le ho le sebelisa ke karolo ea bohlokoa likamanong tsa batho le litšebelisanong tsa bona. Joale na ho lokela hore ho be le phapang ha ho tluoa kamanong ea rōna le Molimo? Ho makatsang ke hore batho ba limilione ba ipolelang hore ba na le tumelo ho Molimo oa Bibele ha ba sebelise lebitso la hae. Empa, lebitso la Molimo le ’nile la tsebahala ka makholo a lilemo. Ha u bala lihlooho tsena tse latellanang, u tla tseba hore na ke mehleng efe moo lebitso la Molimo le ileng la sebelisoa haholo. Habohlokoa haholoanyane, u tla tseba hore na Bibele e re’ng ka ho tseba Molimo ka lebitso.

LEKHOLONG la bo17 la lilemo, linaha tse ’maloa tsa Europe li ne li etsa chelete ea tšepe e nang le lebitso la Molimo. Chelete ea tšepe ea Jeremane e ileng ea etsoa ka 1634 e ile ea bontša ka ho hlaka lebitso, Jehova. Chelete e joalo ea tšepe e ile ea tuma e le chelete ea tšepe ea Jehova ’me e ile ea sebelisoa ka mashome a lilemo.

Jehovaa ke phetolelo ea lebitso la Molimo e ’nileng ea tsebahala ka makholo a lilemo. Puong ea Seheberu, e baloang ho tloha ho le letona ho ea ho le letšehali, lebitso lena le hlaha e le lilumisoa tse ’nè, יהוה. Litlhaku tsena tse ’nè tsa Seheberu—tse fetoletsoeng e le YHWH—li tsebahala e le Tetragrammaton (Litlhaku Tse ’Nè Tsa Seheberu Tse Emelang Lebitso la Molimo). Lebitso la Molimo le ’nile la ngoloa ka tsela ena le licheleteng tsa tšepe tsa Europe ka lilemo tse mashome.

Lebitso la Molimo le ka boela la fumanoa mehahong, lifikeng le mesebetsing ea bonono, hammoho le lifeleng tse ngata tsa kereke. Ho latela encyclopedia ea Jeremane, Brockhaus, ho na le nako eo ka eona ho kileng ha tloaeleha hore likhosana tsa Maprostanta li qhoaele letšoao le tšoantšitseng letsatsi le mongolo oa Litlhaku Tse ’Nè Tsa Seheberu Tse Emelang Lebitso la Molimo. Letšoao leo le neng le boetse le sebelisoa lifolakheng le cheleteng ea tšepe, le ile la tsejoa e le letšoao la Jehova-Letsatsi. Ho hlakile hore batho ba Europe ba neng ba sekametse bolumeling haholo lekholong la bo17 le la bo18 la lilemo ba ne ba tseba hore Molimo ea Matla ’Ohle o na le lebitso. Hape, taba ea bohlokoa ke hore ba ne ba sa tšabe ho le sebelisa.

Lebitso la Molimo le ne le tsebahala le Amerika Mehleng ea Bokoloni. Ka mohlala, nahana ka Ethan Allen, lesole la Phetohelo ea Amerika. Ho latela litlaleho tsa hae, ka 1775 o ile a laela hore lira tsa hae li inehele “ka lebitso la Jehova e Moholo.” Hamorao, nakong ea ha Abraham Lincoln e le mopresidente, baeletsi ba hae ba ’maloa ba ile ba bua ka Jehova hangata ha ba mo ngolla mangolo. Litokomane tse ling tsa histori ea Amerika tse nang le lebitso la Molimo lia fumaneha lilaebraring tse ngata bakeng sa sechaba. Ena ke mehlala e ’maloa feela ea kamoo lebitso la Molimo le ’nileng la hlahella kateng ka makholo a lilemo.

Ho thoe’ng ka kajeno? Na lebitso la Molimo le lebetsoe? Che. Liphetolelo tse fapa-fapaneng tsa Bibele li sebelisa lebitso la Molimo litemaneng tse ngata. Patlisiso e seng kae laebraring kapa ho e etsa ka metsotso e ’maloa libukeng tse hlalosang mantsoe ho ka senola hore lebitso Jehova le amoheloa hohle e le phetolelo ea Litlhaku Tse ’Nè Tsa Seheberu Tse Emelang Lebitso la Molimo. Ka mohlala, Encyclopedia International e hlalosa lebitso Jehova ka ho hlaka e le “mokhoa oa kajeno oa Seheberu oa ho ngola lebitso le halalelang la Molimo.” Khatiso ea morao tjena ea The New Encyclopædia Britannica e hlalosa hore Jehova ke “lebitso la Molimo la Bojuda le Bokreste.”

U ka ’na ua botsa, ‘Empa na lebitso la Molimo ke ntho ea bohlokoa ho batho kajeno?’ Lebitso la Molimo le sa ntse le manehoa libakeng tse ngata tsa sechaba—ho sa tsotellehe hore na le ngotsoe ka mokhoa ofe. Ka mohlala, lebitso Jehova le ngotsoe lejoeng la sekhutlo la mohaho o mong oa New York City. Hona motseng oo, lebitso leo le boetse le fumaneha ka Seheberu seteisheneng se phetheselang sa terene se ka tlas’a lefatše, ’me le ngotsoe ka mokhabiso o mebala-bala. Leha ho le joalo, ke ’nete hore ho batho ba likete ba fetileng libakeng tsena, ke ba ’maloa feela ba ileng ba nka mengolo ena e le ea bohlokoa.

Na lebitso la Molimo ke la bohlokoa bathong ba sebakeng sa heno? Kapa bongata bo bua ka ’Mōpi e le “Molimo,” joalokaha eka tlotla ee ke lebitso la hae? Mohlomong u ka ’na ua lemoha hore batho ba bangata ha ba nahane le ho nahana hore Molimo o na le lebitso. Uena? Na u ikutloa u lokolohile ho bitsa Molimo ka lebitso la hae, Jehova?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Letoto la lihlooho tsena le bontša lebitso la Jehova le ngotsoe ka mekhoa e 39 joalokaha le sebelisoa lipuong tse fetang 95.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 4]

Morena ea Ileng a Tsebahatsa Lebitso la Jehova

Ka 1852, sehlopha sa baromuoa se ile sa tloha Hawaii ho ea lihlekehlekeng tsa Micronesia. Se ne se nkile lengolo le se tsebahatsang le neng le tiisitsoe ka molao ke Morena Kamehameha III, eo ka nako eo a neng a busa Lihlekehleke Tsa Hawaii. Lengolo lena leo tšimolohong le neng le ngotsoe ka Sehawaii ’me le ngoletsoe babusi ba sa tšoaneng ba Lihlekehlekeng Tsa Pacific, le ne le e-na le karolo e reng: “Ho na le mesuoe ea Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa, Jehova, e tla tloha e fihla lihlekehlekeng tseo tsa hao ho tla u tsebisa ka Lentsoe la Hae bakeng sa poloko ea hao ea ka ho sa feleng. . . . Ke buella mesuoe ena e molemo e le e tšoaneloang ke tlhompho ea hao le botsoalle ba hao ’me ke u khothalletsa hore u mamele lithuto tsa bona. . . . Ke u eletsa hore u lahle litšoantšo tsa melimo ea hao, u nke Morena Jehova e le Molimo oa hao, u Mo rapele le ho Mo rata, ’me O tla u hlohonolofatsa le ho u boloka.”

[Setšoantšo]

Morena Kamehameha III

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Hawaii State Archives

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Tetragrammaton, e bolelang “litlhaku tse ’nè,” tse peletang lebitso la Molimo ka Seheberu

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela