Bacha Baa Botsa . . .
Nka Fumana Nako ea ho Etsa Mosebetsi oa ka oa Sekolo Joang Lapeng?
‘Ke se ke le haufi le ho qeta sekolong se phahameng, ’me ke imetsoe habohloko kelellong. . . . Ke na le mesebetsi e mengata le litlaleho tseo ke lokelang ho fana ka tsona ka pel’a sehlopha, ka sebele ke bothateng. Ha ke na nako ea ho li etsa.’—Ngoanana ea lilemo li 18.
NA U ikutloa u nyahamisoa ke mosebetsi o mongata oa sekolo oo u tlamehang ho tla o etsetsa hae mantsiboea a mang le a mang? Haeba ho joalo, hase uena feela. Tlaleho ea koranta e ’ngoe ea United States e re: “Ha likolo naheng ka bophara li leka ho phahamisa boemo ba tsona ba thuto—le ba litlhahlobo tse tšoanang—li eketsa mosebetsi o mongata oa sekolo o etsetsoang hae. Libakeng tse ling, liithuti tsa sekolo se phahameng li bontša hore li qeta lihora tse tharo bosiu bo bong le bo bong. Mofuputsi e mong Univesithing ea Michigan o bolela hore bana ba banyenyane ba fuoa mosebetsi oa sekolo o etsetsoang hae o mongata ho feta o neng o fuoa bana lilemong tse 20 tse fetileng ka makhetlo a mararo.”
Liithuti United States li tloaetse mosebetsi o mongata oa sekolo o etsetsoang hae. Ka mohlala, le hoja ba ka etsang karolo ea 30 lekholong ea bana ba lilemo li 13 moo, ba bolela hore ba qeta lihora tse fetang tse peli ba etsa mosebetsi oa sekolo lapeng letsatsi le leng le le leng, Taiwan le Korea palo ea bona e ile ea etsa karolo ea 40 lekholong, ha Fora teng e ile ea feta karolo ea 50 lekholong. Katie, seithuti univesithing e ’ngoe United States, oa tletleba: “Ka linako tse ling ke imeloa haholo kelellong ha mosebetsi oa sekolo o etsetsoang hae o pakellana.” Marilyn le Belinda, ba kenang sekolo Marseilles, Fora, ba lumellana le maikutlo a hae. Marilyn o re: “Hangata re qeta lihora tse peli kapa ho feta bosiu ka bong re etsa mosebetsi oa sekolo. Haeba u e-na le mesebetsi e meng e ka thōko eo u lokelang ho e etsa, ho ka ba thata ho fumana nako.”
Nka Fumana Nako Hokae?
Na ho ne ho ke ke ha e-ba monate hore haeba u hloka nako e eketsehileng, u eketse letsatsi ka lihora li se kae feela e le hore u ka qeta mosebetsi oa sekolo le ho phetha mesebetsi eohle eo u lokelang ho e etsa? Ha e le hantle, u ka khona ho finyella ho tšoanang le hoo haeba u ka ithuta molao-motheo oa Bibele o fumanoang ho Baefese 5:15, 16: “Le lule le lebetse ka tieo hore kamoo le tsamaeang kateng hase joaloka batho ba seng bohlale empa ke joaloka ba bohlale, le ithekele nako e loketseng.” Le hoja mongoli oa Bibele a ne a sa nahana ka mosebetsi oa sekolo o etsetsoang hae ha a ngola mantsoe ao, molao-motheo ona o ka sebelisoa bophelong ba letsatsi le letsatsi. Ha u reka ntho e itseng, u lokela ho tela ho hong hore u e fumane. Ntlha mona ke hore, u tla tlameha ho tela ho hong hore u fumane nako ea ho ithuta. Empa u tla tela eng?
Mocha e mong ea bitsoang Jillian oa eletsa: “Ngola fatše hore na ke lintho life tseo ho hlokahalang hore u li etse pele.” Ka mantsoe a mang, fumana hore na lintho tse lokelang ho tla pele ke life. Liboka tsa Bokreste le lintho tsa moea li lokela ho tla pele lethathamong la hao. U se ke ua lebala boikarabelo ba hao lapeng, mesebetsi ea lelapa eo u lokelang ho e phetha, hammoho le mosebetsi oa sekolo.
Ntlha e latelang, ka nako e ka etsang beke, leka ho ngola fatše hore na ha e le hantle u sebelisa nako ea hao joang. U ka ’na ua makalla seo u tla se fumana. U senya nako e kae u shebeletse TV? u phenya Internet? u le libaesekopong? u bua mohaleng? u etetse metsoalle? Joale, lintlha tsa hao tse ngotsoeng fatše li u bolella eng ha li bapisoa le lintho tsa bohlokoa tse lethathamong la hao la lintho tse lokelang ho tla pele? Ho ka ’na ha hlokahala feela hore u hlahlobisise nako eo u e qetang u shebelletse TV, u bua mohaleng, kapa u lekola Internet hore u fumane moo u ka rekang nako e eketsehileng haholoanyane!
Ho Etsa Lintho Tsa Bohlokoa Pele
Sena ha se bolele hore u lokela ho tlohela ho shebella TV kapa ho iketsa mohalaleli ea ikarotseng ho ba bang. Ho ka ’na ha hlokahala hore u iketsetse molao oa “Ho etsa lintho tsa bohlokoa pele.” Temana ea Bibele e ka sebelisoang mona e re: “Nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo.” (Bafilipi 1:10) Ka mohlala, kaha ho kena sekolo ke habohlokoa, u ka iketsetsa molao oa hore u ke ke ua bula TV pele u phetha mesebetsi eo u lokelang ho e etsa, pele u lokisetsa liboka tsa Bokreste, le pele u qeta ho etsa mosebetsi oa sekolo. Ke ’nete hore u ka soetseha ha u fosoa ke lenaneo leo u le ratang haholo thelevisheneng. Empa bonneteng, ke ka makhetlo a makae u ’nileng ua re u shebella lenaneo leo u le ratang feela, eaba u iphumana u se u lutse ka pel’a TV mantsiboea kaofela—ho se letho le leng leo u le entseng?
Ka lehlakoreng le leng, u lokela ho nka ho kopanela libokeng tsa Bokreste e le habohlokoa haholo. Ka mohlala, haeba u tseba hore u tlil’o ngola tlhahlobo, kapa u na le mosebetsi oa sekolo o etsetsoang hae, u ka ’na ua qalella ho o etsa nako esale teng, e le hore ho se ke ha e-ba le ho u sitisang ho ea libokeng. U ka ba ua leka ho buisana le matichere ka boemo ba hao, u ba tsebise kamoo u neng u ka ananela kateng ho fumana temoso esale pele ka kabelo ea mosebetsi leha e le ofe oa sekolo o etsetsoang hae o ka ’nang oa tobana le letsatsi la liboka. Matichere a mang a ka ’na a ikemisetsa ho sebelisana le uena hantle.
Molao-motheo o mong o thusang ke o rutoang tlalehong ea Bibele ea motsoalle oa Jesu ea bitsoang Maretha. E ne e le motho ea maphathaphathe le ea khothetseng haholo, empa o ne a sa behe lintho tsa bohlokoa pele. Ka lekhetho le leng, o ile a itukubetsa ka matla ha a leka ho lokisetsa Jesu lijo tse hlophisitsoeng ka makhethe, ha Maria, ngoan’abo, eena a ne a mametse Jesu ho e-na le ho mo thusa. Ha Maretha a ipelaetsa ka sena, Jesu o ile a re: “Maretha, Maretha, u tšoenyehile le ho khathatseha ka lintho tse ngata. Leha ho le joalo, ho hlokahala lintho tse seng kae, kapa e le ’ngoe feela. Maria o khethile karolo e ntle, ’me a ke ke a e amohuoa.”—Luka 10:41, 42.
Re ithuta’ng ho see? Bebofatsa lintho. Molao-motheo oo u ka o sebelisa joang boemong ba hao? Ha e le hantle, na u “khathatseha ka lintho tse ngata”—mohlomong u leka ho petelletsa mosebetsi oa sekolo o etsetsoang hae le mosebetsi oa nakoana oo u o etsang? Haeba u sebetsa, na lelapa leno le hlile le hloka chelete? Kapa u mpa u batla feela chelete e eketsehileng ea ho reka lintho tseo u li batlang, eseng hakaalo hore ua li hloka?
Ka mohlala, linaheng tse ling bacha ba labalabela ho reka likoloi tse ipitsang ka bona. Moeletsi sekolong se phahameng, Karen Turner, o hlalosa hore “bacha kajeno ba tlas’a khatello e khōlō ea ho ba le chelete hobane ho ba le koloi hoa bitsa.” Leha ho le joalo, Turner o phetha ka ho re: “Bothata bo ba teng haeba u leka ho etsa lintho tse ngata haholo, joaloka ho ea litlelaseng tsa ka mor’a sekolo, u ntse u sebetsa ebile u ntse u e-na le mosebetsi o mongata oa sekolo. Joale seithuti se hula ka thata.” Ke hobane’ng ha u ikimetsa hakaale haeba ho sa hlokahale? Haeba mosebetsi oa hao oa sekolo o ameha hampe, mohlomong u ka leka ho sebetsa lihora tse ’maloa kapa u hle u tlohele ho sebetsa.
‘Reka Nako’ Sekolong
Ho phaella tabeng ea ho fumana nako e eketsehileng ka mor’a lihora tsa sekolo, nahana ka hore na u ka etsa joang hore u sebelise nako ea ha u le sekolong hamolemo. Josue o re: “Ke leka ka hohle kamoo nka khonang ho etsa mosebetsi o mongata oa sekolo o etsetsoang hae ke sa ntsane ke le sekolong, nakong e beheletsoeng ka thōko bakeng sa ho bala. Seo se mpulela monyetla oa hore ke botse tichere haeba ho e-na le seo ke sa kang ka se utloisisa letsatsing leo tlelaseng.”
Ntho e ’ngoe eo u ka e nahanelang ke ho fokotsa litlelase tseo u li tsamaeang tseo lithuto tsa tsona e seng tse tlamang. Hape, u ka ’na ua rata ho emisa ho ea litlelaseng tse etsoang ka mor’a nako ea sekolo. Ka ho etsa liphetoho likarolong tsena, u ka ipulela nako e eketsehileng ea ho ithuta.
Ho Sebelisa Nako ea Hao Hantle Haholoanyane
A re re u se u entse boitelo le liphetoho tsena ’me u fumane nako e eketsehileng ea mosebetsi oa sekolo o etsetsoang hae. U tla sebelisa nako eo hamolemo joang? Haeba nakong eo u ka etsa mosebetsi oa sekolo o eketsehileng ka karolo ea 50 lekholong, na seo hase molemo joaloka ho ekeletsoa nako ka halofo ea eona kaofela? Kahoo, litlhahiso tsa ho sebelisa nako ea hao hamolemo ke tsena.
✔ Rera hantle. Pele u qala mosebetsi oa hao oa sekolo lapeng, nahana ka lintho tse kang tsena: Ke thuto efe eo ke lokelang ho qala ka eona? Mosebetsi o le mong o lokela ho nkuka nako e kae? Ho hlokahala lisebelisoa life—libuka, pampiri, lipene, mochine o sebetsang lipalo?
✔ Fumana sebaka seo u ka ithutelang ho sona. Bakeng sa liphello tse molemo, e lokela hore e be sebaka se se nang litšitiso. Elyse o re: ‘Haeba u e-na le deske, e sebelise. U khona ho tsepamisa mohopolo haholoanyane ha u lutse ka kotloloho ho feta ha u paqame betheng.’ Haeba u se na kamore ea hao u le mong, mohlomong banab’eno ba tla rata ho u fa nako ea khotso le khutso ha u ntse u ithuta. Kapa mohlomong u ka ikela serapeng sa boikhathollo kapa laebraring ea sechaba. Haeba u e-na le kamore ea hao, u se ke ua sitisa boiteko ba hao ka ho bulela TV kapa ’mino ha u ntse u leka ho ithuta.
✔ E-ba le linako tsa khefu. Ka mor’a nako, haeba mohopolo o se o hana ho tsitsa, ho khefutsa ka nakoana ho ka thusa hore u boele u kene temeng.
✔ U se ke ua chechisa nako! Katie ea boletsoeng pejana, o re: “Ke itloaelitse ho chechisa nako. Ha ke khone ho qalella ho etsa mosebetsi oa ka oa sekolo ho fihlela motsotsong oa ho qetela.” Qoba ho ’na u chechisa nako ka hore u be le kemiso e tiileng ea ho etsa mosebetsi oa hao oa sekolo, ’me u e khomarele.
Mosebetsi oa sekolo o bohlokoa, empa joalokaha Jesu a ile a bolella Maretha, lipakane tsa bohlokoa ka ho fetisisa—e leng ‘likarolo tse ntle’—ke tsa moea. Tiisa hore mosebetsi oa sekolo ha o nkele mesebetsi ea bohlokoa sebaka, e kang ho bala Bibele, ho kopanela mosebetsing oa boboleli le ho ba teng libokeng tsa Bokreste. Mesebetsi ena ke eona e tla u ruisa molemo ka ho sa feleng bophelong!—Pesaleme ea 1:1, 2; Baheberu 10:24, 25.
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Ho leka ho etsa mesebetsi e mengata haholo ho ka u thatafalletsa ho fumana nako ea ho etsa mosebetsi oa sekolo
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ho hlophisa lintho hantle ho ka u nolofalletsa ho fumana nako e eketsehileng ea ho etsa mosebetsi oa sekolo