Bacha Baa Botsa . . .
Hantle-ntle Phoso ke Efe ka Puisano ea ho Kopanela Liphate Thelefonong?
HO EA ka makasine ea Amerika e tummeng, “puisano ea ho kopanela liphate thelefonong e nketse mangolo a lerato sebaka ka ho ba mokhoa oa puisano ea litaba tsa lerato o ratoang ke balekane ba lulang libakeng tse arohaneng.”
Puisano ea ho kopanela liphate thelefonong ke eng? E akarelletsa ho buisana thelefonong kapa ho mamela litaba tse tsosang takatso e matla ea ho kopanela liphate.a Ba kopanelang mokhoeng ona ba atisa ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho ikhotsofatsa. Ebang puisano ena e litšila e pakeng tsa baratani kapa batho ba sa tsebaneng, e tloaelehile ka tsela e tšosang. Ha e le hantle, ba bang ba e buella phatlalatsa.
Mosali e mong o re: “Ke ho kopanela liphate ho sireletsehileng ka ho fetisisa.” Kamoo ho bonahalang kateng, batho ba bangata ba lumellana le eena. Ka mohlala, ka October 2000, karabelo ea sehlopha sa litsebi litabeng tsa bophelo bo botle keketsehong ea batho ba tšoaetsoang HIV, e bile ho sebelisa likoranta bakeng sa ho khothalletsa puisano ea ho kopanela liphate thelefonong.
Leha ho le joalo, batho ba bang ba khothalletsa puisano ea ho kopanela liphate thelefonong feela bakeng sa phaello. Litšebeletso tsa puisano ea ho kopanela liphate thelefonong—moo batho ba lefang chelete bakeng sa ho mamela manyala—li fetohile indasteri e kenyang liranta tse limilione-milione United States feela.
Ha e le hantle ho tlile joang hore mokhoa oo o ate hakaale? Buka ea The Fantasy Factory e beha taba ka tsela ena: “Ho atamelana haufi ’meleng le maikutlong ho kotsi. Ho na le likotsi tsa mafu a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate, ho hloka seriti ha litaba tsa boitšoaro bo bobe li hlahella, tšabo ea ho nyatsoa le liphello tse mpe tsa ho ba le takatso ‘e sa tloaelehang’ ea ho kopanela liphate. Puisano ea ho kopanela liphate thelefonong e fokotsa likotsi tsena.”
Ke ’nete hore batho ha ba kopane ka ’mele puisanong ea ho kopanela liphate thelefonong. Empa na see se bolela hore ha ho letho le phoso ka eona kapa ho hang ha e kotsi?
Na Puisano ea ho Kopanela Liphate Thelefonong ha e Kotsi?
Takatso ea ho kopanela liphate e matla ka ho khetheha nakong ea bocha. Bibele e bitsa nako ena ea ha litakatso tsa ho kopanela liphate li le matla haholo “palesa ea bocha.” (1 Bakorinthe 7:36) Nakong ena ea bohlokoa bophelong, mocha oa Mokreste o lokela ho ithuta ho “ruela sejana sa hae khalaletsong le tlhomphong.” (1 Bathesalonika 4:4) Sena se bolela hore u lokela ho ithuta tsela ea ho hlōla le ho laola litakatso tsa hao tsa botona le botšehali. Sena ke sa bohlokoa haholo e le hore u ka ba le pono e molemo le e loketseng mabapi le ho kopanela liphate.
Leha ho le joalo, puisano ea ho kopanela liphate thelefonong e ruta motho ho inehella litakatso tsa botona le botšehali ho e-na le ho li laola. Ho feta moo, e khothalletsa motho ho ba le pono e litšila, e khopameng ka batho ba bong bo fapaneng le ba hae. Bibele e ruta hore ke balekane ba lenyalo feela ba ka kopanelang liphate. (Baheberu 13:4) Empa puisano ea ho kopanela liphate thelefonong e khothalletsa bacha ho thabela ho kopanela liphate ba e-s’o kene lenyalong. Bibele e ruta hore thabo ea sebele e tlisoa ke ho fana—eseng ho amohela. (Liketso 20:35) Empa puisano ea ho kopanela liphate thelefonong e ruta motho hore a sebelise ba bang bakeng sa ho ikhotsofatsa ka boithati. Bibele e ruta banyalani ho hōlisa katamelano e haufi ka ho ratana le ho tšepana. (Baefese 5:22, 33) Leha ho le joalo, puisano ea ho kopanela liphate thelefonong e khothalletsa ho hloka mofuthu le ho se tsebane.
Temallo e Kotsi
Korinthe ea boholo-holo e ne e tsebahala e le motse oa boitšoaro bo hlephileng ba botona le botšehali. Kahoo, e bile ka lebaka le utloahalang moapostola Pauluse a ileng a ngolla Bakreste ba moo a re: “Ke tšaba hore ka tsela e itseng, joalokaha noha e ile ea eka Eva ka mano a eona, likelello tsa lōna li ka bolisoa hore li tlohe botšepehing le tlhoekong e lokelang Kreste.” (2 Bakorinthe 11:3) Puisano ea ho kopanela liphate thelefonong ke o mong oa mekhoa eo Satane Diabolose a e sebelisang ho silafatsa bacha kajeno.
Ho bacha ba bang, ho letsetsa mecha e buang ka litaba tsa ho kopanela liphate ho fetohile temallo e sa laoleheng. Mohlankana e mong eo re tla re ke Jim o bontša kamoo ba bang ba ka “tšoasehang” kateng. Jim o ile a bona nomoro ea mecha e buang ka litaba tsa ho kopanela liphate lematjaneng la phatlalatso. O ile a tšoara nomoro eo ka hlooho ’me hamorao a e letsetsa ka lebaka la bohelehele. Joale a qala ho letsetsa nomoro eo khafetsa. Ho e-s’o ee kae o ne a se a e-na le sekoloto sa thelefono sa R4 300!
Ho tsosa litakatso tsa botona le botšehali u se lenyalong ho khahlanong le keletso ea Lentsoe la Molimo. Lea phehella le re: “Le bolaee litho tsa ’mele ea lōna tse lefatšeng mabapi le bohlola, ho se hloeke, takatso ea botona kapa ea botšehali.”—Bakolose 3:5.
Likotsi Tsa Eona Leferehong
Ho thoe’ng ka bacha ba seng ba tiile ba ratanang ka morero o tiileng? Ho hlakile hore ke ha tlhaho hore batho ba ratanang ba batle ho bontšana maikutlo. Morao koo linakong tsa Bibele, moroetsana e mong ea tšabang Molimo o ile a bua tjena ka mohlankana ea mo lebelelitseng: “’Na ke oa moratuoa oa ka, ’me takatso ea hae e ho ’na.” (Sefela sa Lifela 7:10) Ha letsatsi la lechato le ntse le atamela, ho nepahetse ebile ho loketse hore batho ba lebeletsaneng ba buisane ka lintho tse ling tse tebileng. Leha ho le joalo, na puisano ea ho kopanela liphate thelefonong ke tsela e seng kotsi ea ho bontšana lerato?
Che. Esita le batho ba lebeletsaneng ba lokela ho latela keletso ea moapostola Pauluse e reng: “Bohlola le ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong kapa meharo le ho boleloa li se ke tsa boleloa har’a lōna, feela joalokaha ho tšoanela batho ba halalelang; leha e le boitšoaro bo hlabisang lihlong kapa puo ea booatla kapa mesoaso e nyonyehang, lintho tse sa tšoanelang, empa ho e-na le hoo e be ho leboha. Etsoe sena lea se tseba, le se hlokomela e le lōna, hore ha ho sehlola kapa motho ea sa hloekang kapa motho ea meharo—e leng ho bolelang ho ba morapeli oa litšoantšo—ea nang le lefa leha e le lefe ’musong oa Kreste le oa Molimo.”—Baefese 5:3-5; Bakolose 3:8.
Ho hlakile hore puisano e tebileng e reretsoeng ho tsosa mehopolo ea boitšoaro bo bobe kapa e susumetsang motho ho pholla litho tsa botona le botšehali ho ikhotsofatsa e litšila mahlong a Jehova. ’Me e ka lebisa esita le tlōlong e tebileng haholoanyane ea melao-motheo ea bomolimo. Ka mohlala, baratani ba bang, ba ne ba lula libakeng tse arohaneng haholo. Qalong, ba ne ba atisa ho buisana thelefonong e le hore ba ka tsebana. Leha ho le joalo, ka mor’a nakoana, ba ile ba qala ho buisana ka litaba tsa boitšoaro bo bobe. Moqoqo oa bona o ile oa nyebekolla lintho tse litšila. Joale, ha ho makatse hore ebe e ile ea re qetellong ha maemo a bona a ba lumella ho ba hammoho, ka potlako ba ile ba kopanela boitšoarong bo litšila.
Ka sebele, rōna ba ratang ho khahlisa Molimo re tla etsa ka hohle-hohle hore re qobe ho oela lerabeng la puisano ea ho kopanela liphate thelefonong. Re ka atleha joang ho etsa joalo?
‘Teteka ’Mele oa Hao’
Motho a ka lemalla puisano ea ho kopanela liphate thelefonong. Ho hlokahala hore re ‘teteke ’mele ea rōna ’me re e tšoare joaloka makhoba’ e le hore re amoheloe ke Jehova. (1 Bakorinthe 9:27) Haeba hona joale u kopanela puisanong ea ho kopanela liphate thelefonong, ke hobane’ng ha u sa kōpe thuso? Ho ka ba molemo ho qala ka ho bolella batsoali ba hao ba Bakreste. E, ho ka etsahala hore ba u halefele. Empa e ka ’na eaba ke bona ba leng boemong bo molemo ka ho fetisisa ba ho u thusa ka ho beha boitšoaro ba hao leihlo e le hore u se ke ua khutlela mokhoeng oo. Baholo ba phutheho ea heno ea Lipaki Tsa Jehova le bona ba ka rata ho u thusa ebile baa khona.
Haeba u leferehong, ikemisetse ho lula u hloekile, esita leha u bua thelefonong. Moroetsana e mong oa Mokreste ea lebelelitsoeng ea bitsoang Leticia o re: “’Na le mohlankana ea ntebelelitseng re balile hammoho lihlooho tse thehiloeng Bibeleng tse buang ka ho hloeka boitšoarong. Re ananela tsela eo li re thusitseng ka eona ho lula re e-na le matsoalo a hloekileng.” E-ba le sebete sa ho fetola moqoqo haeba o e-ba litšila. Buisanang ka tlhokahalo ea hore le lule le bua ka lintho tse hloekileng.
Linaheng tse ling, mananeong a bosiu haholo thelevisheneng ho etsoa lipapatso tsa puisano ea ho kopanela liphate thelefonong. Mohlomong ho ka ba molemo hore u qobe ho shebella TV ha e se e le bosiu haholo. Kaha ho pholla litho tsa botona le botšehali ho ikhotsofatsa ka ho tšoanang ho tla tsosa mehopolo ea boitšoaro bo bobe, ho e-na le ho e bolaea, ke habohlokoa hore u qobe mokhoa ona o litšila.b U ka atleha ho leleka mehopolo e litšila kelellong ea hao ka ho lula u nahana ka lintho tse lokileng. (Bafilipi 4:8) Tloaelana le metsoalle e buang puo e hloekileng, ’me u bale Lentsoe la Molimo le lingoliloeng tsa Bokreste letsatsi le letsatsi e le hore u imatlafatse boikemisetsong ba hao. Ka tsela ena u ke ke ua fa kelello ea hao monyetla oa ho lula litorong tsa boitšoaro bo bobe ’me li silafatse mohopolo oa hao. Bohato ba bohlokoa ka ho fetisisa ke ba ho rapella thuso ho Molimo. Moapostola Petrose o ile a ngola a re: ‘Lahlelang matšoenyeho ’ohle a lōna ho eena, hobane oa le tsotella.’—1 Petrose 5:6, 7.
Ngoanana e mong oa Mokreste oa Brazil o re: “Khatello eo bacha ba nang le eona ea hore ba kopanele likamano tsa botona le botšehali tse sa lokelang e matla haholo.” Leha ho le joalo, Jehova o tseba mathata ao u talimaneng le ’ona. Kholiseha hore o tla u thusa ka hohle-hohle hore u lule u hloekile mahlong a hae.—Baefese 6:14-18.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Boitšoaro bo bobe bo tšoanang le bona, boo ka linako tse ling ho thoeng ke puisano ea ho kopanela liphate Interneteng, bo akarelletsa lipuisano tse tsosang takatso e matla ea ho kopanela liphate.
b Bakeng sa litlhahiso tsa tsela ea ho hlōla mokhoa oa ho pholla litho tsa botona le botšehali ho ikhotsofatsa, bona buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, leqepheng la 198-211, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Litšoantšo tse leqepheng la 20, 21]
Puisano ea ho kopanela liphate thelefonong le Interneteng e ntse e tloaeleha haholoanyane
[Litšoantšo tse leqepheng la 20, 21]
Baratani ba lokela ho hlokomela hore ba se ke ba bua puo e litšila
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Ho bala Lentsoe la Molimo le lingoliloeng tsa Bokreste ho ka matlafatsa boikemisetso ba hao ba ho lula u hloekile