Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 4/8 maq. 10-11
  • Se Molemo ho Feta Liphetoho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Se Molemo ho Feta Liphetoho
  • Tsoha!—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tsetselela Liphetoho
    Tsoha!—2004
  • Jesu o Phekola Banna ba Foufetseng Hape o Thusa Zakiase
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Jesu oa Ruta Jeriko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Na Bo-raliphetoho ba na le Tharollo?
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 4/8 maq. 10-11

Se Molemo ho Feta Liphetoho

HAEBA sefate se hlahisa litholoana tse mpe, bothata bo ke ke ba rarolloa ka ho poma makala a seng makae. Sefate seo se tlameha ho rengoa ’me se qotsuloe ka metso. Joale ho lokela ho lengoe sefate se seng, se behang litholoana tse ntle.—Matheu 7:16-20.

Ka lebaka le tšoanang, esita le bo-raliphetoho ba nang le lipakane tse ntle ba mpa feela ba leka ho lokisa matšoao a tsamaiso e fosahetseng ea batho—bobolu, ho hloka toka, ho haella ha lintho tse hlokahalang le bosholu ba likhoka. Leha ho le joalo, sesosa se ka sehloohong se tebile ho feta moo. Ho hlokahalang hore ho fetoloe ke tsamaiso eohle. Sena ke seo Bibele e se tšepisang.

’Muso oa Molimo ke puso ea leholimo e tlang ho etsa ho eketsehileng ho feta feela ho haha mokhatlo oa batho bocha, ho o bōpa bocha, ho o hlophisa bocha, kapa ho o fetola. Puso eo e tla hlahisa tsela e ncha ka ho feletseng ea ho tsamaisa litaba tsa batho, e kopanye batho bohle tlas’a puso eo. Puso eo e tla hlokomela litaba tse kang tsa thuto, mosebetsi, phumantšo ea matlo, phepo e nepahetseng, bophelo bo botle ba ’mele le tikoloho.

Pesaleme ea 72:12-14 ka boprofeta e hlalosa seo Morena oa Bomesia a tlang ho se etsetsa moloko oa batho: “O tla lopolla ea futsanehileng ea hoeletsang ho kōpa thuso, le ea hlorileng le mang kapa mang ea se nang mothusi. O tla utloela ea tlaase bohloko le ea futsanehileng, o tla pholosa meea ea ba futsanehileng. O tla lopolla meea ea bona khatellong le pefong.”

Empa hore mokhatlo oa batho o tle o lokolohe ka ho feletseng bobolung, ho hlokeng toka le khaellong ea lintho tse hlokahalang, ka sebele hase feela hore ’muso o lokela o fetoloa, empa batho le bona ba tla tlameha ho fetoha. Kahoo, ’Muso oo o tla tataisa motho e mong le e mong mabapi le hore na a phele bophelo bo thabileng, bo nang le morero le bo putsang joang. Bibele e tšepisa hore ’Muso oa Molimo o tla thusa bafo ba oona ba lefatšeng hore ba iphetole. Joang?

’Muso oo o tla ruta bafo ba oona ka litsela tsa Jehova Molimo, kahoo o ba thusa ho ba le tumelo le lerato. (Esaia 11:9) Lerato ho Molimo le susumelletsa pelo ketsong. Ka mohlala, lekholong la pele la lilemo, Jesu o ile a kopana le Zakiase, ’mokelli oa lekhetho ea ka sehloohong ea neng a aletsa lipokotho tsa hae ka ho lefisa batho lekhetho le phahameng. Jesu ha aa ka a hatella ofisiri ena e senyehileng hore e hlajoe ke lihlong e be ea fetoha litseleng tsa eona. Ho e-na le hoo, Jesu o ile a thusa Zakiase hore a hlokomele phoso ea hae ’me a bake. Zakiase o ile a susumetsoa ke tsebo e nepahetseng ea melao-motheo ea bomolimo le ho rata Molimo. O ile a etsa liphetoho tse makatsang.—Luka 19:1-10.

Na eo hase pheko e phahameng bakeng sa mefokolo ea batho? ’Muso o phethahetseng le o lokileng bakeng sa ho hlokomela litaba tsa moloko oa batho hammoho le ho ikhanna ha motho hore a fetole litsela tsa hae. Na joale re tla hloka liphetoho? Ha re sa tla li hloka, hobane Molimo o tla be a entse lintho tsohle hore li be ncha. Lintho tsa pele li tla be li fetile.—Tšenolo 21:4, 5.

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

’Muso oa Molimo o ke ke oa tlisa liphetoho feela empa o tla fetola lintho ka ho feletseng

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Ha a sa le lefatšeng, Jesu o ile a thusa batho hore ba fetohe

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela