Biri—Pale ea Seno se ’Mala oa Khauta
Ka mongoli oa Tsoha! Czech Republic
HANGATA monna ea hlileng a ommeng nthane o nahana ka eng? Linaheng tse ngata, ebang ke mosebetsi kapa rakhoebo, a ka ’na a nahana ka khalase ea seno se ’mala oa khauta se ratehang. A ka ’na a nahana ka lekoeba le phophomang le lesoeu le tatso e monate e babang. Joale a ka ’na a ipolella, ‘Nka tela eng kapa eng bakeng sa khalase e batang poo! ea biri!’
Biri e batla e le ea khale joaloka moloko oa motho. Ka lilemo tse likete-kete e ’nile ea lula e ratuoa, ’me libakeng tse ngata e fetohile karolo ea bohlokoa ea setso sa sebaka ka seng. Ka bomalimabe, haholo-holo linaheng tse ling tsa Europe, biri e fetohile mohloli oa mathata ho ba inehellang eona ho tlōla. Leha ho le joalo, ha e nooa ka teka-tekano, boleng ba eona bo ikhethang le tatso ea eona li etsa hore ho e noa e be ntho e monate haholo. A re hlahlobeng pale ea seno sena se ratoang.
E Qalile ho Riteloa Neng?
Joalokaha ho bontšitsoe ke matlapa a cuneiform a fumanoeng libakeng tsa batho ba Sumer ea boholo-holo Mesopotamia, biri e ne e se e ntse e le teng moo mathoasong a sekete sa boraro sa lilemo B.C.E. Nakong eona eo, seno sena se ne se boetse se nooa ke Bababylona le Baegepeta. Babylona, moo ho neng ho tsebahala mefuta e 19 e sa tšoaneng ea biri, ho riteloa ha eona ho ne ho bile ho laoloa ke melao e neng e akarellelitsoe Molaong oa Hammurabi. Ka mohlala, melao ena e ne e hlakisitse hore na theko ea biri ke bokae, ’me ho e tlōla leha e le hofe ho ne ho ka fella ka kahlolo ea lefu. Egepeta ea boholo-holo, ho ritela ho ne ho atile, ’me biri e ne e le seno se ratoang. Ho epolloa ha lintho tsa khale mono ho ile ha sibolla risepe ea khale-khale ea ho ritela biri.
Theknoloji ea ho ritela qetellong e ile ea namela le Europe. Bo-rahistori ba bang ba Roma qalong ea Mehla e Tloaelehileng ba boletse hore Macelte, Majeremane le merabe e meng ba ne ba thabela biri. Maviking a ne a lumela hore esita le Valhalla—holo eo bahlabani ba sebete ba neng ba e-ea ho eona ka mor’a lefu, ho latela litšomo tsa batho ba ka leboea ho Scandinavia—mehope ea banna bao e ne e tla phophoma biri.
Mehleng e Bohareng Europe, ho riteloa ha biri ho ile ha etsoa le matlong a baitlami. Baitlami ba banna ba Europe ba ile ba ntlafatsa theknoloji ea thitelo ena ba sebelisa hopose e nang le motsoako o thibelang ho senyeha. Ho kena ha tsoelo-pele ea indasteri lekholong la bo19 la lilemo ho tlisitse mechine ea ho ritela ’me e ile ea ipaka e le bohato ba bohlokoa historing ea seno sena se ratoang. Joale ho ile ha sibolloa lintho tse itseng tsa bohlokoahali tsa saense.
Setsebi sa k’hemistri sa Lefora ebile e le setsebi sa baeloji ea lintho tse phelang tse nyenyane haholo, Louis Pasteur, se ile sa fumana hore tomoso e belisang biri e na le lintho tse nyenyane tse phelang. Seo a se sibolotseng se ile sa etsa hore ho be bonolo ho tseba hantle hore na ke tekanyo e kae ea tsoekere e ka belisang joala. Emil Christian Hansen, setsebi sa limela sa Ledanishe, e bile e mong oa batho ba hlahelletseng historing ea thitelo. Bophelo bohle ba hae o ile a etsa liphuputso le ho beha mefuta e sa tšoaneng ea tomoso ka mahlofo a eona. Har’a lintho tse ling, phuputsong ea hae o ne a amehile ka ho fumana mofuta o nepahetseng hantle oa tomoso ea ho ritela. Ka tsela ena, ha e le hantle Hansen o ile a fetola indasteri ea thitelo ka ho feletseng.
Empa na ho ritela ke ntho e thata hakaalo? U ka ’na ua se ke ua kholoa, empa ho hlile ho thata. Ka bokhutšoanyane a re ke re hlahlobeng sephiri sa tatso e hlabosang ea khalase ea biri.
Pele e Tšeloa Khalaseng ea Hao
Theknoloji ea ho ritela e ’nile ea fetoha haholo ka makholo a lilemo ’me le kajeno e sa ntse e fapana ho ea ka hore na ke bo-mang ba ritelang. Empa, ka kakaretso, hoo e ka bang mefuta eohle ea biri e na le metsoako e mene e ka sehloohong: harese, hopose, metsi le tomoso. Tšebetso eohle ea ho ritela e ka aroloa hane: ho putisa ’mela, ho pheha setoto, ho lomosa le ho belisa.
Ho putisa ’mela. Mothating ona, ho khethoa harese, ea bekhoa le ho tšekoa. Ka mor’a moo, e ineloa ka metsing—e leng se hlokahalang hore harese e tle e mele. Ho mela hoo ho nka matsatsi a pakeng tsa a mahlano le a supileng themphereichareng e ka bang likhato tse 14 tsa Celsius. Tšebetso ena e hlahisa ’mela o motala, o isoang liontong tse ikhethang tsa sebōpi bakeng sa ho o omisa. Mongobo o ’meleng ona o motala o fokotsoa ho fihlela o e-ba pakeng tsa karolo ea 2 le 5 lekholong e le ho o thibela hore o tsoele pele ho mela. Ka mor’a hore le omisoe ka sebōping, lehlomela le ntšoa ’meleng, ’me ’mela oa siloa. Joale o loketse bohato bo latelang.
Ho pheha setoto. ’Mela o sitsoeng o tsoakoa le metsi ho hlahisa setoto, seo se belisoang butle-butle. Ha thempereichara e fihla boemong bo itseng, li-enzyme li qala ho fetola setache tsoekere ea tlhaho. Mohato ona o nka lihora tse fetang tse ’ne ebe ho hlaha setoto, seo ka mor’a moo se tlhotloang ho ntša litlheferesi. Joale ho latela ho belisoa ha setoto, e leng ho emisang ho sebetsa ha li-enzyme. Ha ho ntse ho belisoa setoto ho tšeloa hopose hore ho tle ho hlahe tatso eo e baba-babang. Ka mor’a hore se belisoe lihora tse peli, setoto seo se folisoa ho fihlela thempereichareng e hlokoang.
Ho lomosa. Mohlomong bona ke bohato ba bohlokoahali thitelong. Tsoekere ea tlhaho e setotong e fetoloa joala le carbon dioxide ho sebelisoa tomoso. Ho lomosoa hoo ho nka beke, eseng ho feta moo, ’me thempereichara tšebetsong eo e itšetlehile ka mofuta oa biri e ratholoang—ebang ke ale kapa lager. Hoo ho bitsoang ka hore ke biri e e-song ho bele ho fetisetsoa litankeng tseo joale e tlang ho ratholeha hantle ho tsona.
Ho bela. Boemong bona, biri e ba le tatso ea eona e tloaelehileng le monko; ho hlahisa ha eona carbon dioxide ho boetse ho e etsa hore e tlōle litlhase. Biri e ba e ratholehileng hantle nakong e ka etsang libeke tse tharo ho ea likhoeling tse ’maloa, ho itšetlehile ka mofuta oa biri. Qetellong, ebe biri e tlatsoa ka lifaking kapa ka libotlolong ’me e se e loketse ho romeloa libakeng tse loketseng—mohlomong e qetelle e se e le tafoleng ea hao! Empa u ka lakatsa ho latsoa mofuta ofe oa biri?
Mefuta e sa Tšoaneng ea Libiri
Bonneteng, libiri li ka fapana haholo ho ea ka mefuta ea tsona. U ka thabela ho noa biri e ’mala o loileng kapa o sa loeang, e tsoekere kapa e babang, esita le biri e entsoeng ka harese kapa ka koro. Tatso ea biri e itšetlehile ka lintho tse ngata, ho akarelletsa boleng ba metsi a sebelisitsoeng, mofuta oa ’mela, theknoloji e sebelisitsoeng le mofuta oa tomoso e lomositseng.
E ’ngoe ea libiri tse ikhethang haholo ke pilsner (kapa pils), leting le tloaelehileng le ’mala o mopulutsoana. Mofuta ona oa biri o riteloa libakeng tse makholo tsa thitelo lefatšeng ho pota. Leha ho le joalo, pilsner ea ’makhonthe e riteloa feela motseng oa Plzeň, kapa Pilsen, e Czech Republic. Lekunutu la ho hlahisoa ha eona ha lea itšetleha feela ka theknoloji empa le ka lintho tse sebelisoang tse e etsang—metsi a se nang matsoai, ’mela oa boleng bo phahameng le mofuta o nepahetseng oa tomoso.—Bona lebokose le tsamaisanang le sehlooho sena.
Mofuta o mong o ikhethang oa biri ke biri ea weiss, biri ea koro eo ka ho khetheha e ratoang haholo Jeremane. E ipabolang ka ho fetisisa Brithani ke porter le stout. Porter ke biri e bohale, e belisoang ka tomoso e qitang, e entsoeng ka ’mela o halikiloeng o etsang hore seno sena se be le ’mala o lefifi, o loileng. Porter e qalile ho riteloa ka lekhetlo la pele London lekholong la bo18 la lilemo. Qalong, e ne e reretsoe ho sebelisetsoa ho “matlafatsa” basebetsi ba sebetsang ka thata joaloka batho ba nkang lithōtō (porters ka Senyesemane). Stout, e leng biri e lefifi haholo le e borethe—e ileng ea tumisoa Ireland le lefatšeng ke ba ha Guinness—ke mofuta o mong oa porter e tloaelehileng. U ka latsoa stout sa Manyesemane se tsoekere, seo hangata se nang le tsoekere e fumanoang lebeseng, kapa stout e sa natefisoang ea Maaerishe, e batlang e baba ’me e na le tahi e ngatanyana.
Ntlha e ’ngoe ea bohlokoa ho ba bangata ba natefeloang ke biri, ke tsela eo e nooang ka eona, ebang e nooa ka botlolo kapa ka kotikoti kapa ebang e khuoa ka faking. Maamerika a tloaetse ho noa biri ea ’ona e bata poo! Ba bang ba e rata e chesa kapa e batla e pholile ebe ba e tšelloa ka ho toba e tsoa faking e polokelong ea joala bareng.
Ka sebele, biri ke seno se tlang ka mefuta-futa. Ka ho se noa ka ho itekanela, u ka ’na ua rua molemo bophelong. Ha e le hantle, e na le livithamine le matsoai a sa tšoaneng a bohlokoa, a kang riboflavin, folic acid, chromium le zinki. Ho latela ba bang ba boholong, ho noa biri ka ho itekanela ho ka thusa ho thibela lefu la pelo le maloetse a letlalo. Haeba u khethile hantle mefuteng e sa tšoaneng le meetsong e teng ’me u noa ka ho itekanela, u ka ’na ua thabela seno sena se monate le se khathollang. Kahoo nakong e tlang ha ho behiloe khalase ka pele ho uena ea seno se ’mala oa khauta se phophomang lekoeba le lesoeu, hopola histori ea sona e hlollang!
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 29]
Liratholi Tse ka Sehloohong
Mehleng e fetileng, litsebi tse ngata tse ipabolang ka ntho e itseng li ile tsa kenya letsoho tlhahisong ea biri. Tse ling tsa tsona ke tsena.
◼ Rammela—seratholi sa pele tšoantšisong ea ho ritela. O ne a abetsoe ho hlahisa ’mela ka harese kapa koro. O ne a beha leihlo ho meleng ha lithollo le ho putisoa ha ’mela o motala. O ne a jere boikarabelo bo boima, kaha tatso ea biri e hlahisoang e ne e itšetlehile haholo ka boleng ba ’mela.
◼ Seriteli (se bontšitsoeng ka holimo)—se ne se ikarabella ho pheheng. Ntho ea pele, se ne se tsoaka ’mela le metsi ebe joale ha o ntse o tjoatla, se tšela hopose. Qetellong mosebetsi oa sona o ne o hlahisa setoto.
◼ Molaoli oa polokelo ea joala—setsebi se nang le phihlelo se neng se laola ho lomosoa ha biri ka lifaking le ho bela ha eona ha e ntse e ratholeha polokelong ea joala. Ka mor’a moo, o tšela biri e seng e loketse ho nooa ka linkhong tse nyenyane.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
S laskavým svolením Pivovarského muzea v Plzni
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 30]
Pilsner—Seno sa ’Makhonthe se Etsisoang ka ho Fetisisa
E qalile ka 1295. Morena oa Bohemia, Wenceslas II, ke eena mothehi oa motse oa Plzeň, ’me hang-hang ka mor’a moo, o ile a fa baahi ba Plzeň ba 260 tokelo ea ho ritela biri. Qalong, baahi ba ne ba ritella biri matlong a bona ’me e le ka tekanyo e fokolang, empa hamorao ba ile ba theha mekhatlo le ho theha libaka tsa thitelo. Leha ho le joalo, hamorao moruo le mokhoa oa bophelo Bohemia li ile tsa theoha, ’me sena se ile sa ama thitelo. Li hlokomoloha theknoloji e amohelehang le ho sebelisa lirisepe tsa tsona, hangata liriteli li ne li hlahisa seno se se nang tatso seo se neng se ke ke sa tšoaneloa ke ho bitsoa biri.
Mehleng eo, ho ne ho hlahisoa mefuta e ’meli ea biri Europe. Ho ne ho riteloa biri ea thempereichara e phahameng haholo-holo Bohemia, ha biri e ritetsoeng ka thempereichara e tlaase, ea boleng bo phahameng, e ne e tumme haholo-holo Bavaria. Ho ne ho e-na le phapang e khōlō pakeng tsa libiri tsa Bavaria le libiri tsa Plzeň.
Ka 1839 ho ile ha e-ba le phetoho ea bohlokoa. Baahi ba ka bang 200 ba Plzeň ba ile ba etsa qeto ea ho etsa ho hong ka boemo bona. Ba ile ba theha Burgess Brewery, moo ho neng ho tla riteloa feela biri e entsoeng ka thempereichara e tlaase kapa ka setaele sa Bavaria. Josef Groll, seriteli se tummeng, o ile a bitsoa a e-tsoa Bavaria. O ile a qala mosebetsi oa ho hlahisa biri e tloaelehileng ea Bavaria hang-hang. Litholoana e bile tse fapaneng haholo—empa hape e ne e le tse ntle ho feta kamoo a neng a lebeletse. Phihlelo ea Groll ha e kopana le lintho tse sebelisoang tsa moo tse ntle, li thusitse ho hlahisa biri e ileng ea hapa lefatše. Hobane’ng? Ka lebaka la tatso ea eona e ikhethang, ’mala le monko. Leha ho le joalo, botumo ba biri ea Plzeň le bona bo bile le mathata. Liriteli tse ngata, ka ho lakatsa ho rua molemo ntlafatsong ena, li ile tsa qala ho bitsa sehlahisoa sa bona pilsner. Kahoo pilsner ha ea ka ea tuma feela empa hape e bile seno se etsisoang ka ho fetisisa se ’mala oa khauta.
[Litšoantšo]
Josef Groll
Tora ea metsi ea thitelo ea Plzeň
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
S laskavým svolením Pivovarského muzea v Plzni
[’Mapa o leqepheng la 28]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Plzeň
[Setšoantšo se leqepheng la 28, 29]
Setšoantšo sa Egepeta se bontšang ho phehoa ha bohobe le biri
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Su concessione del Ministero per i Beni e le Attività Culturali - Museo Egizio - Torino
[Litšoantšo tse leqepheng la 31]
Hopose, ’mela le ntlo ea thitelo