“U Hopole ’Mōpi oa Hao”
“U hopole ’Mōpi oa hao ha u sa ntse u le mocha! Lilemong tse tlang, u tla imeloa ke mathata ’me u re, ‘Ha ke sa thabela bophelo.’”—Moeklesia 12:1, “Contemporary English Version.”
TEMANA e ka holimo e tsoang Bibeleng e fana ka ntho eo motho a ka nahanang ka eona ka ho teba. U na le monyetla o le mong feela bocheng. Hamorao, u tla hetla morao lilemong tsa bocha ba hao, ebang ke ka ho khotsofala ho thabisang kapa ke ka ho ikoahlaea ho utloisang bohloko. Uena u tla oela kae? U tla etsa hore phello e be efe ho uena?
Bibele e khothalletsa hore “u hopole ’Mōpi oa hao” joalokaha ho qotsitsoe ka holimo. U ka etsa seo joang? Ka ho khomarela melao ea Molimo le melao-motheo e boletsoeng ka Lentsoeng la hae, Bibele. Che, seo ha se bolele hore u tlameha ho phela bophelo bo thata-thata ba batho ba chesehelang bolumeli ka ho feteletseng, u itima menate eohle. Ho fapana le moo, ho hopola ’Mōpi oa hao ho tla fella ka hore u be le thabo e khōlōhali e ka bang teng. Hoo ho ka etsahala joang?
Ka mohlala, ak’u nahane u filoe koloi le lengolo la ho khanna. Bolokolohi bo bocha bo thabisang bo larileng ka pel’a hao bo ka u tlisetsa monyaka. Nahana feela hore na u ka ea libakeng life! Leha ho le joalo, bolokolohi ba hao boo u sa tsoa bo fumana bo tsamaea le boikarabelo bo tebileng. Ha u ntse u khanna, u tlameha ho mamela melao ea tsela ’me u hlokomele matšoao a sephethephethe, meeli ea lebelo le matšoao a temoso. Na boikarabelo boo bo u sitisa ho thabela ho khanna? Le hanyenyane! Ha e le hantle, ke tšireletso. Ka sebele ha ho na thabo ha u hlaheloa ke kotsi, na e teng?
Hoa tšoana le ka bolokolohi boo ’Mōpi oa hao, Jehova Molimo, a u fileng bona. Ha u hōla u e-ba motho e moholo, o u tlohella hore u khethe hore na u tla sebelisa bophelo ba hao joang. (Deuteronoma 30:19; Liproverbia 27:11) Eo ke tokelo e ikhethang hakaakang! Empa bolokolohi boo bo tsamaea le boikarabelo bo tebileng. Lentsoeng la hae, Jehova o behile ‘melao ea tsela’—litekanyetso tseo a batlang hore u phele ka tsona. Na litekanyetso tsee li sitisa thabo ea hao? Le hanyenyane! Ho e-na le hoo, li u thibela ho ba le masisa-pelo le bohloko tse hlaselang bacha ba bangata kajeno.
Hona joale, Federico ea sa tsoa ba lilemo li 30, o tseba ’nete ea taba eo. Ha e sa le mohlankana, o ile a bona bana bao a kenang sekolo le bona ba kopanela mekhoeng eohle eo a neng a tseba hore o lokela ho e qoba. O re: “Ho ne ho bonahala eka ba thabela seo ba se etsang, empa ha ho mohla nkileng ka nahana hore ba ne ba hlile ba thabile.” Ha a hetla morao, Federico o thabile hore ebe o ile a tataisoa ke litekanyetso tsa Bibele lilemong tsa hae tsa bocha. O re: “Ke ’nete hore ke ne ke e-na le mathata ao ke loanang le ’ona, joaloka motho e mong le e mong e mocha. Empa ka sebele Bibele e ile ea ntšireletsa. ’Me kamehla ho ne ho e-ba le Mokreste-’moho le ’na ea nthusang. Ho latela litekanyetso tsa Bibele ho nthabisitse haholoanyane ho feta kamoo nka beng ke ile ka lekanya kateng!”
Jehova Molimo o rata hore u thabe—thabo ea sebele. Hoo ho akarelletsa ho fetang ponahalo ea bohata feela ea thabo eo ha e le hantle e leng e patang masoabi a ka hare. Bibele e re: “Thabela bocha ba hao. E-ba ea thabileng ha u sa ntse u le mocha.” Empa eona temana eo ea Bibele e phaella ka temoso. E re, “Hopola hore Molimo o tla u ahlola bakeng sa eng kapa eng eo u e etsang.”—Moeklesia 11:9, Today’s English Version.
Hopola ’Mōpi oa hao ka ho sebelisa bolokolohi boo a u fileng bona ka bohlale. Haeba u etsa joalo, u ka kholiseha hore ’Mōpi oa hao o tla u hopola le hore o tla u fa thabo e khōlōhali. Bibele e re: “Tlhohonolofatso ea Jehova—ea ruisa, ’me ha a e phaelle ka bohloko.”—Liproverbia 10:22.
E le ho thusa bacha ho sebetsana ka katleho le liteko tsa lilemo tsa bocha, Lipaki Tsa Jehova li hatisitse buka e maqephe a 320 e nang le sehlooho se reng Lipotso Bacha Baa Botsa . . . Likarabo tse Sebetsang. Ho tla fihlela joale, ho se ho hatisitsoe libuka tse ka bang limilione tse 34 ka lipuo tse 77. U ka iphumanela e ’ngoe ka ho iteanya le Lipaki Tsa Jehova tikolohong ea heno.
[Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]
Ho U Thusa Hore U Atlehe Joaloka Motho ea Lilemong Tsa Bocha
Iphe nako ea ho bala Lentsoe la Molimo
Ikitlaetse tšebeletsong
Qoba litloaelano tse mpe
Boloka puisano e haufi-ufi le batsoali ba hao
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Brochure cover: Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.