“U Tl’o li Bala Neng Kaofela?”
Ka July 2001, monna e mong Khabarovsk, Bochabela bo Hōle ba Russia o ile a fumana pokello ea limakasine tsa Tsoha! tse 34 laebraring ea motse. O ile a ngola lebitso la hae fatše ’me a li nka, ’me ha nako ea hore a li khutlise e fihla ka August, o ne a sa batle ho arohana le tsona. Kahoo, o ile a eketsa nako ea hae ho fihlela ka September. O ne a rata limakasine tseo hoo a ileng a boela a li alima ka November, li se li e-na le tse ncha tse tšeletseng.
Pele ho mona, monna enoa o ne a lula a qoba lingoliloeng tsa bolumeli. Ke hobane’ng ha a ile a qala ho bala Tsoha!? O ngotse: “Hobane boholo ba litaba tse ngotsoeng makasineng ena li bua ka mathata a bophelo a thahasellisang le a amang motho e mong le e mong.”
Monna eo o ile a tsoela pele: “Hangata e u nkisa ‘maeto’ a eang metseng ea sejoale-joale le linaheng tse ling, hammoho le ho fana ka boitsebiso ka meetlo ea batho.” O ile a boela a haptjoa ke lihlooho tsa batho ba atlehileng bophelong, ba tšoarelletseng linthong tsa bohlokoa tsa moea le ho thusa ba bang hore ba mamelle litsietsi le mahlomola. O ikutloa joang ka limakasine tsee? “Ka sebele ho ka thoe Tsoha! ke makasine e kopantseng makasine ea Time, ea Popular Science le ea National Geographic hammoho!”
Monna eo o ile a batla litokollo tsa khajana tsa Tsoha! ka Serussia ho fihlela ho tsa 1995. Ho phaella limakasineng tseo tsa Tsoha!, o ile a batla libuka tse ’maloa le libukana tse hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. O ngotse: “U ka ’na ua botsa, ‘U tl’o li bala neng kaofela?’” O ile a araba potso ea hae ka hore o na le nako ea ho bala lingoliloeng tsa bohlokoa, kaha ha a senye nako e ngata a shebile thelevishene kapa a le Inthaneteng.
Tsoha! e fana ka boitsebiso bo bongata ka liketsahalo tsa morao le ho fana ka leseli tharollong ea mathata a kajeno. Ke hobane’ng ha u sa kōpe Lipaki Tsa Jehova hore li u tlisetse limakasine tsa morao-rao tsa Tsoha! khoeli e ’ngoe le e ’ngoe?
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Ho Utloisisa Mafu a ho Feto-fetoha ha Maikutlo ho sa Laoleheng
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Na U Tseba Molimo ka Lebitso?
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Tšokelo ea Nyutlelie—Ke ea Sebele Hakae?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 31]
Nuclear explosion: U.S. Department of Energy photograph