Bacha ba Buellang Tumelo ea Bona
HO NA le bacha ba bangata ka har’a Lipaki Tsa Jehova. Ba rata Molimo ’me ba leka ho phela ka litekanyetso tse behiloeng Bibeleng. Bacha bana ba motlotlo ka tumelo ea bona, ’me ba bua ka eona le ba bang ka bolokolohi sekolong. Nahana ka mehlala e meng.
◼ Ha Holly a ne a le sehlopheng sa botšelela, eena le barutoana-’moho le eena ba ile ba fuoa mosebetsi oa ho ngola moqoqo tlas’a potso e reng “U ne u ka rarolla bothata ba bokhukhuni joang u sa sebelise pefo?” Holly o ile a nka monyetla ona ho ngola ka tšepo ea hae ea bokamoso e thehiloeng Bibeleng. O ile a hlalosa hore ho theosa le histori, ‘motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.’ (Moeklesia 8:9) Joale a bua ka tšepo e le ’ngoe feela ea sebele bakeng sa moloko oa batho—e leng ’Muso oa Molimo. O ile a ngola: “Kaha Jesu ke Morena ea khethiloeng oa ’Muso oo, mathata ’ohle, ho kopanyelletsa le bokhukhuni, a tla felisoa.” Holly o ile a hlalosa kamoo Jesu a tla finyella se ke keng sa finyelloa ke morena ofe kapa ofe. O ile a ngola: “Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a bontša hore na e tla ba morena oa mofuta ofe. O ne a le lerato, a tsotella batho. O ile a bontša matla ao a nang le oona ka ho folisa ba kulang le ho tsosa bafu. Ha ho na ’Muso oa motho o nang le matla a ho tsosa bafu. Empa ’Muso oa Molimo o tla ba tsosa.” Holly o ile a qetela moqoqo oa hae ka polelo ena, “Tharollo e matsohong a Molimo, eseng a batho.”
Qetellong ea moqoqo oo, tichere e ile ea ngola, “Khele! Ua tla ua ngola ka bokhabane Holly. U nahanne lintlha tsa hao hantle.” Tichere e ne e boetse e khahliloe ke tsela eo Holly a qotsitseng Mangolo ka eona. Sena se ile sa fa Holly monyetla oa hore a bue le tichere ea hae ka Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, e leng lenaneo la beke le beke la ho bua le ho ruta le tšoaroang ke Lipaki Tsa Jehova. Tichere ea hae e ile ea amohela ka thabo buka e sebelisoang Sekolong sa Tšebeletso.
◼ Jessica le eena o bile le monyetla oa ho bua ka tumelo ea hae ha a ngola meqoqo ea sekolo. O re: “Ke ngotse meqoqo e meraro ka tumelo ea ka. O mong o ne o bua ka Lipaki Tsa Jehova le litokelo tsa bolumeli. Tichere e ile ea o beha laebraring e le hore ba batlang ho o bala ba o bale. Haufinyane ke sa tsoa ngola ka kolobetso ea ka le hore na letsatsi leo ke la bohlokoa hakae ho ’na. Re ile ra alimana ka seo re se ngotseng re le liithuti pele re ngola se hlileng se eang ho tichere, ka hona, bao ke leng ka tlelaseng le bona ba ile ba ba le monyetla oa ho bala moqoqo oa ka. Ngoanana e mong o ile a re: ‘Ke mosebetsi o tsoileng matsoho. Ke hantle ho tseba boikarabelo bo tsamaeang le ho ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Kea u lebohela ha u kolobelitsoe!’ Ngoanana e mong eena a re: ‘Moqoqo oa hao oa khahla! Kea thaba hore ebe tumelo ea hao e matla hakana!’ Moshanyana e mong eena o ile a ngola: ‘U tseba litaba tsa hao. Kea u lebohela.’”
◼ Ha Melissa a le lilemo li 11, o ile a ba le monyetla oa ho bua ka tumelo ea hae. “Mooki oa sekolo sa rōna o ile a tla tlelaseng ea rōna ea saense ho tla bua ka tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung. Taba ea tšelo ea mali e ile ea hlahella. Ka mor’a tlelase, ke ile ka bolella tichere ea ka ea saense ka e ’ngoe ea livideo tsa rōna tse buang ka mali. Ke ile ka tla le eona sekolong letsatsing le hlahlamang, ’me tichere ea ka e ile ea ea le eona hae ’me ea e sheba le lelapa la eona. Letsatsi le latelang, e ile ea tla le video eo sekolong ’me ea e bontša litlelase tse peli, ho kopanyelletsa le ea ka. Joale e ile ea bua lintho tse ntle ka Lipaki Tsa Jehova, ea bolella tlelase hore hoja e se ka rōna, ho ka be ho se na liphekolo tse ling tse nkelang ho tšeloa mali sebaka. Ha e khutlisa video e ile ea mpotsa, ‘Nka fumana kopi joang bakeng sa laebrari ea sekolo?’ Ke ile ka e fa kopi e ’ngoe. E ne e thabile haholo, ’me le ’na ke ne ke thabile!”
Holly, Jessica le Melissa ba har’a bacha ba bangata ba Lipaki Tsa Jehova ba latelang keletso ea Bibele ea ho hopola ’Mōpi oa bona. (Moeklesia 12:1) Na le uena u etsa joalo? Haeba u etsa joalo, u ka kholiseha hore u thabisa pelo ea Jehova.—Liproverbia 27:11; Baheberu 6:10.
Ha lōna bacha le bua ka tumelo ea lōna ho bao le kenang sekolo le bona le ho matichere a lōna, sena se fana ka bopaki bo matla ka Jehova Molimo le ka merero ea hae. Se boetse se matlafatsa tumelo ea lōna, ’me se etsa hore le be motlotlo ka tsela e nepahetseng hore ebe le na le tokelo ea ho ba har’a ba sebeletsang Jehova. (Jeremia 9:24) Ho paka sekolong ho boetse ho sebetsa e le tšireletso. Jessica o hlalosa ka tsela ena: “Molemo o mong oa ho bua ka tumelo ea ka ke oa hore liithuti tse ling ha li leke ho nqobella hore ke etse lintho tse khahlanong le se boleloang ke Bibele.”
[Litšoantšo tse leqepheng la 12]
Holly
[Litšoantšo tse leqepheng la 12, 13]
Jessica
[Litšoantšo tse leqepheng la 13]
Melissa