Bacha Baa Botsa . . .
Ke Eng e Phoso ka ho Itlopa Joala?
“Le hoja e ne e se e le lihora tse ’maloa re e-noa joala, ’na le motsoalle oa ka re ile ra tloha phathing eo ka 1:00 ea ka meso re nkile botlolo ea rōna ea ‘whiskey.’ Re ile ra leba hae—re tsamaea re ntse re e-noa. Ntho eo ke e hopolang ke ha ke bona letsatsi le chaba, ’me ke ile ka hlokomela hore re ne re nkile tsela esele. Ha e le hantle, re ne re ntse re tsamaea ’mileng o moholo oa likoloi. Ke mohlolo hore ebe ha rea ka ra chaisoa.”—Clay.a
HO ITLOPA JOALA. Ba bang ba ho hlalosa e le feela ho noella ho tahoa. Tlaleho ea U.S. National Institute on Alcohol Abuse and Alcoholism e lekile ho toba taba. E boletse hore ho itlopa joala “ka tloaelo ho hlalosoa e le ho noa libotlolo tse hlano kapa ho feta ka ho latellana ho banna, ’me ho basali ke libotlolo tse ’nè kapa ho feta.”
Ba boholong lefapheng la bophelo bo botle United States ba bitsa ho itlopa joala “bothata bo boholo ba bophelo bo botle sechabeng.” Ho latela phuputso ea bana sekolong se mahareng Engelane, Scotland le Wales, “hoo e ka bang kotara ea bana ba lilemo li 13 le 14 ba bolela hore ba kile ba ‘itlhaliela’ ka bonyane libotlolo tse hlano tsa joala ka nako e le ’ngoe.” Hoo e ka bang halofo ea bana bohle ba lilemo li 15 le 16 bao ho entsoeng phuputso ho bona ba itse ba entse ntho e tšoanang.
Phuputsong e ’ngoe ea United States, liithuti tse peli ho tse hlano tsa koleche li kile tsa kopanela ho itlopeng joala bonyane hang ka nako ea libeke tse peli pele ho phuputso eo. Ho latela Lekala la Bophelo bo Botle United States, “hoo e ka bang bacha ba limilione tse 10,4 ba lilemo li 12 ho ea ho 20 ba ipoletse ba noa joala. Ho bao, ba limilione tse 5,1 e ne e le ba itlopang joala ’me ba akarelletsa ba limilione tse 2,3 bao e seng e le litlhotlelo, ba itlopang joala bonyane makhetlo a mahlano ka khoeli.” Phuputso e entsoeng Australia e ile ea senola hore banana ba itlopa joala ho feta bashanyana naheng eo—ba qeta libotlolo tse pakeng tsa tse 13 le tse 30 ka lekhetlo le le leng!
Ho noa ka tsela ena hangata e ba ka khothalletso ea bacha ba bang. Mofuputsi Carol Falkowski, o re: “Lipapali tse ncha tsa ho iteta sebete sa ho noa lia eketseha: ho noa le le sehlopha le noela ho tahoa. Ka mohlala, lipapali tse ling li hloka hore libapali tsohle li re katja! hong thote ea joala bo thata ka nako e itseng lenaneong la TV kapa puisanong ea sehlopha.”
Ho Itlopa Joala—Likotsi Tsa Hona
Le hoja ba bang ba ka ’na ba nka ho noa haholo e le papali, ke papali e kotsi haholo! Tekanyo e feteletseng ea joala e tima boko oksijene; mesebetsi e meng ea bohlokoa e etsoang ke ’mele e ka qala ho khaotsa ho sebetsa. Matšoao a ka ’na a akarelletsa ho hlatsa, ho ilibana, le ho hema butle, kapa ka tsela e sa tsitsang. Mabakeng a mang motho a ka ba a shoa. Hoo e ka bang khoeli ka mor’a hore a qete sekolong se phahameng, Kim ea lilemo li 17 o ile a ea phathing eo “ho nooang hore motho a be a itlose.” Kim o ile a noa libotlolo tse 17 pele a ilibana. Moholoane oa hae o ile a tla nka Kim ’me a mo isa hae. Hoseng ho latelang, ’mè oa Kim o ile a mo fumana a hlokahetse.
Ke ka seoelo ho noa ho tlōla ho ka bakang lefu ka ho toba, empa ho ntse ho le kotsi bophelong. Setsebi sa bophelo ba kelello, Jerome Levin, se re: “Joala bo ka baka tšenyo e khōlō sethong leha e le sefe ’meleng oa hao. Libaka tseo joala bo li senyang haholo ke tsamaiso ea boko le methapo ea kutlo, sebete le pelo.” Sehlooho se seng makasineng ea Discover, se re: “Phuputso e ncha e re batho ba bacha ba noang ba ipitsetsa khathatso. Kaha boko ba bona bo sa ntse bo hōla ho fihlela ba le lilemong tsa bo-mashome a mabeli, bacha ba noang ho tlōla ba ka ’na ba senya karolo e khōlō ea matla a bona a kelello.” Ho lemalla ho noa joala ho boetse ho amahanngoa le ho eketseha ha lihloba, ho ba le menepe pele ho nako, ho nona, ho senyeha ha litho tse ka hare, ho phela ka joala le ho lemalla lithethefatsi.
Ho na le likotsi tse ling tse amanang le ho noa ho tlōla. Haeba u tahoa, ho ka ’na ha e-ba bonolo hore u tšoaroe hampe. U ka ba phofu ea ho hlekefetsoa ’meleng kapa esita le hona ho betoa. Ka nako e tšoanang, u ka ’na ua ba kotsi ho ba bang, oa itšoara ka tsela e tsoileng taolong eo u neng u ke ke ua e nahana le ho e nahana ha u hlaphohetsoe. Ke kahoo Bibele e lemosang hore haeba u noa ho tlōla, “mahlo a hao a tla bona lintho tse sa tloaelehang, ’me pelo ea hao e tla bua lintho tse khelohileng.” (Liproverbia 23:33) Liphello tse bohloko li ka akarelletsa ho senyeha ha setsoalle, ho sebetsa hampe sekolong le mosebetsing, ho ba le tlaleho ea ho tlōla molao le bofutsana.b—Liproverbia 23:21.
Khatello ea ho Noa
Ho sa tsotellehe likotsi tseo, joala bo buelloa haholo ’me bo fumaneha habonolo linaheng tse ngata. Ha e le hantle, lipapatso tsa thelevishene le tsa limakasine li hlahisa ho noa joala e le ntho e khahlisang. Leha ho le joalo, hangata batho ba bacha ba inehela ho itlopeng joala ka lebaka la khatello ea lithaka.
Patlisisong ea ho hlokomelisa ka joala e entsoeng Australia, karolo ea 36 lekholong ea bacha bao ho builoeng le bona e itse e ile ea noa molemong oa hore “e tšoane le ba bang meketjaneng ea boithabiso.” Motsoebereng oa “phathi ea ho noa libiri,” motho eo ka tloaelo a leng lihlong a ka fetoha ea thabisang ba phathing ha lithaka tsa hae li ntse li mo khothalletsa hore a ’ne a noe molebe. Katie e monyenyane o ile a isoa hae a akhehile ka mor’a ho etsa joalo. “Motsoalle” oa hae o ne a mo file joala, a re: “Katie, u se u hōlile joale. U lokela ho ithuta ho noa motjetje.”
Takatso ea ho batla ho ba le nako e monate le ho tšoana le ba bang e matla hoo ho sa tsotelleheng bopaki bo kholisang ba hore ho itlopa joala ho kotsi, ho tsoela pele e le ntho e ratoang.
U Tla Khetha Eng?
Potso ea phahama: Ha ho tluoa tabeng ea ho noa u tla khetha eng? Na u tla hohoba ka mor’a metsoalle ea hao? Hopola seo Bibele e se buang ho Baroma 6:16: “Na ha le tsebe hore haeba le tsoela pele ho itlhahisa ho mang kapa mang le le makhoba ho mo mamela, le makhoba a hae hobane lea mo mamela?” Haeba u lumella metsoalle ea hao hore e u laole nthong e ’ngoe le e ’ngoe, u fetoha lekhoba feela ho bona. Bibele e u khothalletsa hore u inahanele. (Liproverbia 1:4) E na le keletso e ka u thusang hore u qobe ho etsa liphoso tse tebileng. Nahana ka seo e se buang ka joala.
Ha e le hantle, Bibele ha e nyatse ho noa joala, leha e le hore e khahlanong le ha bacha ba ithabisa. Leha ho le joalo, e lemosa khahlanong le ho noa ho tlōla. Liproverbia 20:1 e re: “Veine ke mosomi, joala bo tahang bo morusu, ’me e mong le e mong ea khelosoang ke bona ha a bohlale.” E, joala bo ka etsa hore motho a itšoare ka tsela e bothoto le e lerata! Ke ’nete hore mohlomong ka nakoana bo ka u tlisetsa thabo, empa haeba u inehella bona ho tlōla, bo “loma feela joaloka noha” bo u siee u e-na le maqeba a mangata ’meleng le maikutlong.—Liproverbia 23:32.
Ntho e ’ngoe eo u lokelang ho e nahana ke hore linaheng tse ngata ho na le meeli ea lilemo bakeng sa ho noa joala. Bakreste ba mamela melao e joalo. (Tite 3:1) E teng ho u sireletsa.
Ntlha ea ho qetela, ebile e le ea bohlokoa haholo, nahana ka tšenyo ea moea e ka bakoang ke ho noa ho tlōla. Jehova Molimo o batla hore u mo sebeletse ka “kelello ea hao eohle”—eseng ka kelello e sentsoeng ka ho inehella joala ho tlōla ho sa hlokahale! (Matheu 22:37) Lentsoe la Molimo ha le nyatse feela ‘ho fetella ka veine’ empa hape le ‘litlhōlisano tsa ho noa.’ (1 Petrose 4:3) Kahoo, ho itlopa joala ho khahlanong le thato ea ’Mōpi oa rōna. Ho fetella ho joalo ho ka thibela motho hore a thabele kamano e haufi le Molimo.
U lokela ho etsa joang haeba ho itlopa joala ho u tšoasitse? Batla thuso ka potlako ka ho bua le motsoali kapa Mokreste e mong ea hōlileng tsebong.c E-ea ho Jehova Molimo ka thapelo ’me u kōpe hore a u thuse. Etsoe ke eena “thuso e fumanoang hang-hang nakong ea mahlomola.” (Pesaleme ea 46:1) Kaha ho itlopa joala le ho noa motho a le ka tlas’a lilemo tsa molao hangata ke phello ea khatello ea lithaka, ho ka ’na ha hlokahala hore u etse liphetoho tse khōlō khethong ea hao ea metsoalle le boithabiso. Ho etsa liphetoho tse joalo ho ke ke ha e-ba bonolo, empa ka thuso ea Jehova u ka atleha.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
b Ho latela phuputso e ’ngoe ea United States, “ba itlopang joala ba ne ba e-na le menyetla e robeli ea ho fosoa ke tlelase ho feta ba sa noeng, ea ho salla morao mosebetsing oa sekolo, ea ho tsoa kotsi le ea ho senya thepa.”
c Maemong a mang ho ka ’na ha hlokahala thuso ea ngaka.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 31]
Ho Itlopa Joala—Lipalo-palo Tse Tšosang
Lipalo-palo tse latelang li senola liphello tse bohloko tsa ho itlopa joala har’a liithuti tsa koleche United States:
Lefu: Selemo se seng le se seng ho shoa liithuti tsa koleche tse 1 400 tse pakeng tsa lilemo tse 18 le 24, ka lebaka la likotsi tseo e seng tsa ka boomo tse amanang le joala, ho akarelletsa le likotsi tsa likoloi
Likotsi: Liithuti tse 500 000 tse pakeng tsa lilemo tse 18 le 24 li tsoa likotsi ka lebaka la botahoa
Tlhaselo: Liithuti tse fetang 600 000 tse pakeng tsa lilemo tse 18 le 24 li hlaseloa ke liithuti tse ling tse ntseng li e-noa le tsona
Ho Hlekefetsoa ka ho Kopanela Liphate: Liithuti tse fetang 70 000 tse pakeng tsa lilemo tse 18 le 24 ke liphofu tsa ho hlekefetsoa ka ho kopanela liphate ho amanang le joala kapa ho betoa ke motho eo li mo tsebang
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Mohloli: The U.S. National Institute on Alcohol Abuse and Alcoholism
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Lithaka li ka ’na tsa u khothalletsa hore u itlope joala