Bacha Baa Botsa . . .
Nka mo Bolella Joang Hore na ke Ikutloa Joang?
“Ke rata ho tseba karabo ea potso ena, Ke mang ea lokelang ho bolella e mong hore o oa mo rata—monna kapa mosali?”—Laura.a
KE MOTHO eo u sa tsoa kopana le eena morao tjena kapa e ka ’na eaba ke motho eo e leng khale u mo tseba—’me u rata hore e se ke ea e-ba motsoalle feela tjee. U kholisehile hore o ikutloa ka tsela e tšoanang, o mpa a cha ntši feela kapa a le lihlong ho bua. Kahoo ua ipotsa hore na ke bohlale hore u hl’o ipuelelle.b
Pele re tsoela pele, a re qaleng ka ho nahanela maikutlo a batho ba u pota-potileng—ba lapeng leno le motseng oa haeno. Ka mohlala, na ke tloaelo ea sebaka seo hore batsoali ba hao ba u batlele molekane?c Ke ’nete hore u ka ’na ua ba le maikutlo a hore lefereho le lenyalo ke taba ea botho. Ho ntse ho le joalo, Bakreste ba leka ho qoba ho khopisa ba bang ho sa hlokahale. Hape ba batla le ho nahanela maikutlo a litho tsa lelapa le bao ba ba ratang.
Leha ho le joalo, linaheng tse ngata kajeno ho tloaelehile hore batho ba ikhethele eo ba ka intšang le eena e le hore ba ka tsebana pele ba ka etsa qeto ea ho nyalana. Na e ne e tla ba phoso hore mosali e be eena ea qalang ka ho ipherehela monna? Le mona, maikutlo a lelapa le batho ba motse a ka ’na a kenella. Na bohato boo bo tla tšosa kapa bo khopise ba bangata?
Bibele e boetse e fana ka leseli lefe tabeng ea hore na mosali a ka hla a ipuelella? Mehleng ea Bibele, mosali e mong ea tšabang Molimo ea bitsoang Ruthe o ile a atamela monna ea bitsoang Boaze ka taba ea lenyalo. ’Me Jehova Molimo o ile a hlohonolofatsa boiteko ba hae! (Ruthe 3:1-13) Ke ’nete hore Ruthe e ne e se e se ngoana; e ne e le mohlolohali, ’me ho hlakile hore o ne a hōlile ka ho lekaneng hore a ka nyaloa. Hape o ne a sa bapale ka maikutlo a lerato a Boaze kapa hona ho nkeha feela maikutlong. Ho e-na le hoo, o ile a latela ka hloko melao ea Molimo ka lenyalo.—Deuteronoma 25:5-10.
Mohlomong u hōlile ka ho lekaneng hore u ka nahana ka lenyalo, ’me ho na le mohlankana e mong ea itseng eo u mo thahasellang. Leha ho le joalo, ho phetlela motho pelo ea hao eo eena e ka ’nang eaba ha a na maikutlo a tšoanang ke taba e hlokang hore motho a be hlokolosi, ebile e kotsi. Ho tšoana le ho ntša pelo ea hao ’me u e behe matsohong a motho e mong osele. Na o tla e tšoara ka tlhokomelo kapa o tla e lihela fatše? Tsela e molemohali ea ho qoba masoabi a sa hlokahaleng kapa ho sithabela maikutlong ke ho latela melao-motheo ea Bibele.
Etsa ka Masene
Ho bonolo ho tšoaseha litorong tsa lerato. U ka ba ’na ua ipona u se u le letsatsing la lechato le ka mor’a moo. Leha ho le joalo, le hoja litoro tsa mofuta ona e ka ba tse thabisang, li ea thetsa. Li ka u tsosetsa litakatso tse matla tseo u ke keng ua li khotsofatsa. Ho joalokaha Bibele e bolela, “tebello e chechisetsoang morao e kulisa pelo.” (Liproverbia 13:12) Litoro tseo le tsona li ka khopamisa kahlolo ea hao. Leha ho le joalo, Liproverbia 14:15 e re: “Ea masene o nahana ka mehato ea hae.” Ho ba masene ho bolela ho ba ea nang le kelello le kahlolo e molemo. U ka ba masene joang ha u se u rata motho e mong?
Ntho ea pele, leka ho “sebetsa ka tsebo.” (Liproverbia 13:16) Joalokaha moroetsana e mong a boletse, “ka sebele u ke ke ua rata motho e mong pele u mo tseba.” Pele motho e mong a ka hapa pelo ea hao, hlokomela seo a se etsang le kamoo a buang kateng. Hlokomela hore na u tšoara batho ba bang joang. Mohlankana e mong o ile a fana ka tlhahiso ena, “Botsa metsoalle ea hae ka eena, hammoho le batho ba baholo ba mo tsebang hantle.” Na o “buuoa hantle” ke ba phuthehong ea habo ea Bokreste? (Liketso 16:2) Hape, moroetsana e mong ea bitsoang Isabel o fana ka tlhahiso ena, “ho intša le le sehlopha le ho tseba lelapa labo hamolemo ho ka thusa haholo.” Ho intša ka sehlopha ho u fa monyetla oa hore u mo shebe u se tlas’a khatello e khōlō.
Ho tseba motho ka tsela ena ho nka nako ebile ho hloka mamello. Empa ho tla u nolofalletsa ho bona boikutlo, litšobotsi le litšoaneleho tse tla tiisa kapa li fetole maikutlo a hao. Liproverbia 20:11 e re: “Esita le ka liketso tsa hae moshanyana [kapa mohlankana] o iketsa hore a hlokomeloe mabapi le hore na mosebetsi oa hae o hloekile ’me o lokile.” E, qetellong liketso tsa hae li tla senola seo a leng sona.
Ka hona, ka bohlale hatella teko ea hore u tsoele pele ’me u senole maikutlo a hao pele ho nako. Haeba u potlakile ’me a u lumela, u ka ’na ua fumana hamorao hore ha a tšoanelehe ho ba molekane oa lenyalo.d Kaha u se u itlamme ka eena, ho khaotsa kamano eo ho ka ’na ha utloisa mohlankana bohloko—mohlomong ka ho tebileng.
Maikutlo ao U Fanang ka ’Ona
E ka ’na eaba mohlankana enoa le eena o u shebile! Na u itlhahisa ka tsela eo litšoaneleho tsa hao tsa bomolimo li hlahellang? Isabel o re: “Ke hlokometse hore banana ba bangata ha ba apare ka tsela e loketseng. Haeba u batla hore motho ea sekametseng linthong tsa moea a u bone, u tlameha ho apara ka tsela e loketseng.” Ho sa tsotellehe hore na feshene ea lefatše e sekametse hokae, ho “ikhabisa ka moaparo o hlophehileng hantle, ka boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong,” ho tla u etsa ea khahlehang ho monna ea nang le litšoaneleho tsa bomolimo.—1 Timothea 2:9.
Bibele e boetse e khothalletsa Bakreste ba bacha hore e be “mohlala ho bueng.” (1 Timothea 4:12) Tsela eo u buang ka eona e senola ho hoholo ka uena. U lokela ho etsa’ng ha menyetla ea ho qoqa le mohlankana eo e hlaha? Haeba o lihlong, e ka ’na eaba ha aa phutholoha ebile o tšohile. Mosali e mong e mocha ea bitsoang Abbie o re, “U ka ba ’na ua qala moqoqo ho bona hore na o itšoara joang.”
Joang? Haeba u bebera ka uena u sa qete, a ka ’na a fihlela qeto ea hore u moithati ebile ha u nahane. Bibele e khothalletsa hore ‘le se hlokomele lithahasello tsa litaba tsa lōna feela, empa hape le hlokomele lithahasello tsa ba bang.’ (Bafilipi 2:4) Ho botsa lipotso tse seng kae tse loketseng ka eena kapa seo a se thahasellang ho ka mo thusa hore a phutholohe.
Ena hase nako ea ho retelehela “lelemeng le qhekellang” kapa “molomong oa bohata” oa thoriso ea boikaketsi. (Pesaleme ea 120:2) Monna ea nang le temoho o tla hlokomela hore puo e joalo ke e ikaketsang. Ka nako e tšoanang qoba ho bua lintho hobane feela u nahana hore o batla ho li utloa. Sena ke ’nete haholo-holo haeba le qala ho bua ka lintho tse tebileng ’me le buisana ka lintho tse kang lipakane tsa botho tsa moea. Kamehla bua ka tsela ea tlhaho, u be ea tiileng, ea nang le ’nete le ea se nang boikaketsi. Ke ka tsela eo feela le ka tsebang hore na bophelo ba lōna bo lebile ng’a e le ’ngoe kapa che.
Haeba ho se na Karabo
Joale, ho thoe’ng haeba le ka mor’a boiteko bo joalo bo entsoeng ka bohlale, ho ntse ho se na le tlhasenyana feela ea lerato? Mohlomong ho se ho fetile libeke—kapa likhoeli—’me o ntse a sa bontše thahasello. Na u lokela ho qhelela seo ka thōko feela e le lihlong? U ka ’na ua ipotsa: ‘Haeba a hlile a le lihlong hakaalo, na o loketse lenyalo? Haeba nka nyaloa ke eena, na o tla etella pele e le hlooho ea lelapa, kapa o tla lebella hore ke etse joalo?’ (1 Bakorinthe 11:3) Potso e ’ngoe e ka nahaneloang, ‘Na o hlile o lihlong kapa o mpa a sa nthahaselle hobane a sa nthate?’ Ena e tla ba qeto e bohloko ho e etsa. Empa ho amohela boemo ho ka u qobisa masoabi a ho bolella motho ea sa u rateng maikutlo a hao.
U ka ’na ua nahana hore u bone bopaki ba hore thahasello ea lerato e teng. U nahana hore o mpa a lieha haholo ho le bontša le hore o tla arabela ha a khothalletsoa hanyenyane feela. Mohlomong ho ka ba joalo. Empa haeba u etsa qeto ea hore u qale, u tlameha ho hlokomela hore hona ho kotsi. U lokela ho nahana ka ho teba eseng feela ka seo u tlang ho se bua empa hape le ka hore na nako e loketseng ea ho se bua ke efe.
Ka mohlala u ka ’na ua etsa qeto ea hore ho bontša hore u thabela tlhokomelo ea hae ho tla ba molemo ho feta ho bua puo-phara hore u oa “mo rata.” Ha le iketlile ebile boemo e le bo loketseng, u ka ’na ua re feela u ka rata ho mo tseba hamolemo. U se ke ua khathatseha haeba lipolelo tsa hao li utloahala li sa qaqa. Maikutlo a bontšang hore u tiile a mantsoe a hao a ka bua ho feta mantsoe ka booona. Hape, hopola hore u mpa u bolela takatso ea ho qala lefereho, eseng ho kōpa hore a u nyale. Leha ho le joalo, sena se ka ’na sa mo makatsa, kahoo mo fe nako ea ho nahana ka seo u se buileng.
Haeba u bile le nako ea ho tseba mohlankana enoa ’me u iponetse hore o mosa ebile o oa nahanela, ha ho hlokahale hore u tšabe karabelo e seng mosa kapa ho tlotloloha. Empa u lokela ho itšoara joang haeba karabo ea hae e le che e mosa empa e le e tiileng? Hona mohlankana o lokela ho itšoara joang boemong bo joalo? Sehlooho se tlang se tla tšohla lipotso tsena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
b Le hoja sehlooho sena se lebisitsoe ho basetsana, bahlankana le ba bang ba nahanang ka ho kena leferehong le bona ba tla fumana keletso ea Mangolo e thusa.
c Manyalo a lokiselitsoeng hase kamehla a fellang ka ho se thabe. Ka mohlala, mehleng ea Bibele, Isaka le Rebeka ba ile ba kena lenyalong le lokiselitsoeng, ’me Isaka “a mo rata.” (Genese 24:67) Re ithuta’ng ho see? U se ke ua potlakela ho hlokomoloha tloaelo ea sebaka hafeela e se khahlanong le molao oa Molimo.—Liketso 5:29.
d Khaolo ea 28 ho ea ho ea 31 ea buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova, e ka u thusa ho fumana hore na motho e ka ba molekane ea tšoanelehang.
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Ho bona kamoo a itšoarang kateng ho ka ’na ha fetola maikutlo a hao ka eena
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Haeba u rata motho e mong, bua le batho ba baholo ba nang le boikarabelo ba mo tsebang