Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 11/8 leq. 31
  • Melemo ea ho Balla Bana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Melemo ea ho Balla Bana
  • Tsoha!—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa Hore le Tloaetse Bana ho Bala?​—Karolo ea Pele: Theknoloji Kapa Libuka?
    Se ka Thusang Lelapa
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Balla Bana ba Hao?
    Tsoha!—2001
  • Thusa Bana ba Hao Hore ba Rate ho Bala le ho Ithuta
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Ikitlaelletse ho Bala
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 11/8 leq. 31

Melemo ea ho Balla Bana

KA MONGOLI OA TSOHA! POLAND

Bahlophisi ba letšolo la selemo le selemo la “Poland Eohle e Balla Bana,” ba re: “Ho bala ke senotlolo sa tsebo le bohlale ba kelello. . . . Ho bula menyetla ea ho kena letlotlong la monahano le tsebo ea motho.” Haeba sena ke ’nete, ke hobane’ng ha batho ba bangata ba baholo le bana ba nka ho bala e le ntho feela tjee e hlokahalang?

Baqapi ba phutuho ena ba re: “Tloaelo ea ho bala le ho rata libuka e lokela ho hlaoleloa bongoaneng.” Ba bolella batsoali: “Haeba u batla hore bana ba hao ba be bohlale ba be ba atlehe sekolong le bophelong, ba balle ka lentsoe le phahameng letsatsi le leng le le leng metsotso e 20.”

Hape batsoali ba khothalletsoa hore ba se ke ba liehisa ho balla bana ba bona empa “ba hle ba qalelle kapele-pele kamoo ho ka khonehang.” Neng? Batsoali baa khothalletsoa: “A re balleng lesea, re le sekile ka matsohong, re le talimile ka lerato, ’me re tsosa thahasello ea lona ka lentsoe la rōna. Ka tsela ena ho thehoa katamelano e tla lula e le teng ea ho rata ho bala ka boikutlo ba ho sireletseha le ho thaba. Ho phaella moo, ho susumetsa khōlo ea lona ea kelello.”

Bahlophisi ba phutuho eo ba hatisa hore “ho balla bana hona joale ho bohlokoa ho feta pele,” ’me ba supa le melemo e meng. Ho balla holimo ho ruta bana ho nahana, “ho ba thusa ho utloisisa batho ba bang, lefatše le hore ba ikutloisise, . . . ho tsosa thahasello, ho hōlisa monahano, ho susumetsa khōlo ea maikutlo, ho etsa hore a nahanele le ho ba le kutloelo-bohloko, ho ruta melao ea boitšoaro, . . . ho etsa hore motho a itšepe.” Kantle ho pelaelo, ke “pheko ea litšusumetso tse ngata tse sa batleheng . . . tse sokelang likelello le lipelo tsa bana,” kamoo baeta-pele ba letšolo lena ba phethelang kateng.

Hore ho bala ho tle ho atlehe ka ho khethehileng, ho lokela ho sebelisoe lingoliloeng tse khothalletsang bacha hore ba atamele haufi le ’Mōpi oa bona oa leholimo. Bibele ke buka e molemohali bakeng sa ho re thusa ho atamela haufi le Molimo. Bibele e re, Timothea e monyenyane o ile a rutoa “lingoliloeng tse halalelang” “ho tloha boseeng.” (2 Timothea 3:15) Lenaneong la ho balla bana ka lentsoe le phahameng, batsoali ba ka akarelletsa libuka tse thehiloeng Bibeleng tse kang Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele le Ithute ho Mosuoe e Moholo, tseo ka ho khetheha li ngoletsoeng bana ’me li hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela