Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 11/8 leq. 11
  • Na Botenya ke Bothata ba Sebele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Botenya ke Bothata ba Sebele?
  • Tsoha!—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U ka Hlalosa Botenya Joang?
  • Botenya—Bo Bakoa ke Eng?
    Tsoha!—2004
  • Ke’ng se ka Etsoang—Ha Bana ba le Batenya?
    Tsoha!—2009
  • Ha ho Nona ho se Molemo
    Tsoha!—1997
  • Ho Loantša Bothata ba ho Nona Haholo Bongoaneng
    Tsoha!—2012
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 11/8 leq. 11

Na Botenya ke Bothata ba Sebele?

“Ho ba motenya ho bacha ekare ke seoa.”—S. K. Wangnoo, setsebi se ka sehloohong sa tšebetso ea litšoelesa le lihormone, Sepetlele sa Indraprastha Apollo, Delhi, India.

JOALOKAHA mantsoe a ka holimo a bontša, malapa a mangata a Maindia a maemong a bohareng a fetotse tsela eo a phelang ka eona, e leng ntho e etsang hore bacha ba be batenya. Seoa sena se fetohile koluoa e nametseng le linaheng tse ngata kaha batho ba bangata ha ba sa ikoetlisa ’me ba lemalla ho ja lijo tse se nang molemo phepong. Moeletsi litabeng tsa bongaka bo sebetsanang le bacha ka ho khetheha o itse: “Moloko o latelang [Brithani] e tla ba . . . oa batho ba batenya ka ho fetisisa historing ea batho.” Guardian Weekly e ile ea tlaleha: “Nakong e fetileng, botenya e ne e le bothata ba batho ba baholo. Hona joale Brithani e na le moloko oa bana bao mekhoa ea bona ea ho ja le ea bophelo ba ho etsa lintho ba lutse, e lebisang bothateng bo ileng ba bonoa pele United States. Ho ba batenya ka nako e telele ho tla etsa hore ba be le monyetla oa ho tšoaroa ke mafu a kang la tsoekere, la pelo le kankere.”

Bangoli ba buka ea Food Fight ba re: “Ho ja le ho noa ho tlōla tekano ho nketse khaello ea phepo e nepahetseng sebaka ’me taba ea ho ja e se e le bona bothata bo ka sehloohong lefatšeng.” Ha Don Peck a ngola ho The Atlantic Monthly, o itse: “Maamerika a ka bang limilione tse robong hona joale ‘a matenya hoo a ka kulang,’ ho bolelang hore a feta boima ba ’ona ba ’mele ka liponto tse lekholo [lik’hilograma tse 45] kapa ho feta.” Mathata a amanang le boima ba ’mele a etsa hore batho ba ka bang 300 000 ba shoe pele ho nako selemo le selemo sechabeng seo, “e leng sesosa se seholo se fetoang feela ke ho tsuba.” Peck o qeteletse ka ho re: “Haufinyane botenya e tla ba bothata bo boholo bophelong bo botle ba baahi ho feta ba tlala le ba mafu a tšoaetsanoang.” Ka hona, ke mang ea ka hlokomolohang tšokelo ea botenya? Bukeng ea hae ea Eat, Drink, and Be Healthy, Dr. Walter C. Willett o ngotse: “Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke haeba u sa tsube, ’me ea bobeli ea bohlokoa ke ea hore na u boima bo bokae sekaleng, e leng tsona tse tla ama bophelo ba hao nakong e tlang.” Lentsoe la bohlokoa mona ke bokamoso ba hao tabeng ea bophelo bo botle.

U ka Hlalosa Botenya Joang?

Motho ha a le motenya ke ha a le mokae, eseng feela taba ea hore o nonne ho feta boima ba hae ba ’mele? Mayo Clinic e Rochester, Minnesota, U.S.A., e re: “Ka tlhaloso e bonolo, ho ba motenya ke ho nona ho tlōla hoo motho a fetang boima ba ’mele ka lebaka la mafura a sa hlokahaleng ’meleng.” Empa u ka tseba joang hore motho o nonne ho feta boima ba hae ba ’mele? Chate e bapisang bolelele le boima ba ’mele e ka fana ka tataiso e batlang e nepahetse ea hore na motho o mpa a nonne ho feta boima ba ’mele na kapa o se a fetetse boemong boo a nkoang a le motenya. (Bona chate leqepheng la 13.) Leha ho le joalo, chate ena ha e kenyelletse taba ea hore ’mele e bōpehile ka tsela e sa tšoaneng. Mayo Clinic e re: “Mafura a teng ’meleng ke oona a bontšang hore na boemo ba motho ke bofe, eseng taba ea boima ba ’mele.” Ka mohlala, moatlelete a ka ba le boima bo boholo ba ’mele ka lebaka la mesifa e tiileng kapa ka lebaka la boima ba masapo a hae. Lisosa tsa ho nona ho feta boima ba ’mele kapa ho ba motenya ke life? Sehlooho se latelang se tla tšohla potso eo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela