Pono ea Bibele
Ho Hōlisa Bana ka Taeo ea Molimo
“Tsela ea ho Behela Bana ba Hao Melao eo ba ke Keng ba e Tlōla”
“Melao e Mehlano eo U Lokelang ho e Ruta Bana ba Hao Pele ba E-ba le Lilemo Tse Hlano”
“Mekhoa e Mehlano ea ho Sebetsana le Maikutlo eo Ngoana e Mong le e Mong a Lokelang ho e Tseba”
“Matšoao a Mahlano a Hore U Khoehlisitse Letsoho haholo”
“Taeo e Sebetsang ka Motsotso Feela”
HOJA ho laea bana ho ne ho le bonolo, batho ba ne ba sa tl’o khahlehela hakaalo lihlooho tsa limakasine tse kang tse thathamisitsoeng ka holimo. Libuka tse ngata tse buang ka ho hōlisa bana li ne li tla fela. Empa ha ho mohla ho hōlisa bana e kileng ea e-ba ntho e bonolo. Esita le lilemong tse likete tse fetileng, ho ile ha boleloa hore “mora ea sethoto o tlisa masisa-pelo ho ntat’ae, bohlōkō ba pelo ea ’m’ae bo baba seka leshokhoa.”—Liproverbia 17:25, Bibele—Phetolelo e Ncha.
Ho sa tsotellehe likeletso tse ngata tabeng ena, kajeno batsoali ba bangata ha ba tsebe hantle hore na ba lokela ho laea bana ba bona joang. Bibele e fana ka thuso efe?
Tlhaloso ea Sebele ea Taeo
Bibele e bolela ka ho hlaka hore na karolo ea batsoali ke efe tabeng ea ho laea. Ka mohlala, Baefese 6:4 e re: “Lōna, bo-ntate, le se ke la halefisa bana ba lōna, empa le tsoele pele ho ba hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” Lengolo lena ka ho khetheha le bolela hore ntate ke eena ea lokelang ho etella pele ho hlokomeleng bana ba hae. Ke ’nete hore ’mè eena o sebelisana le monna oa hae.
Tabeng ena, The Interpreter’s Dictionary of the Bible, e re: “Ka Bibeleng, taeo e amahanngoa haholo le koetliso, thupelo hammoho le tsebo, athe ka lehlakoreng le leng e amahanngoa le nyatso, khalemelo le kotlo. E sebetsa haholo ho koetliseng ngoana.” Ka hona, hase feela ho khalemela; ho akarelletsa koetliso eohle eo bana ba e hlokang hore ba atlehe. Empa batsoali ba ka qoba ho ba halefisa joang?
E-ba le Kutloelo-bohloko
Ngoana o halefisoa ke eng? Ak’u nahane ka boemo bona. Motho eo u sebetsang le eena ke sefela-peloana ebile o hloka mamello. Ha ho letho le mo thabisang ka uena. Ho bonahala a tšoaea phoso ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e buang kapa eo u e etsang. Hangata ha a rate mosebetsi oa hao ’me u etsa hore le uena u ikutloe u sa ratoe. Na seo se ne se ke ke sa u halefisa le ho u nyahamisa?
Hoa tšoana le ka ngoana ha batsoali ba hae ba lula ba mo omanya kapa ba mo kharumela ka bohale. Ke ’nete hore nako le nako bana ba hloka ho khalemeloa ’me Bibele e neha batsoali matla a ho etsa joalo. Empa ho halefisa ngoana ka ho mo tšoara hampe, ka tsela e seng lerato, ho ka mo lematsa maikutlong, moeeng esita le ’meleng.
U Lokela ho Ela Bana ba Hao Hloko
Batsoali ba lokela ho ipha nako ea bana ba bona. Deuteronoma 6:7 e bolella bo-ntate tjena mabapi le mantsoe ao e leng litaelo tsa Molimo: “U a rute mora oa hao ka ho pheta-pheta ’me u bue ka ’ona ha u lutse ka tlung ea hao le ha u tsamaea tseleng le ha u robetse le ha u tsoha.” Bana ba tsoetsoe le takatso ea ho batla hore batsoali ba bona ba ba tsotelle e le kannete. Ho qoqa le bana ba hao ka lerato kamehla ho ka u thusa hore u utloisise maikutlo a bona. Sena se ka etsa hore ho be bonolo ho finyella lipelo tsa bona ka melao-motheo ea Bibele, u ba susumelletse hore ba ‘tšabe Molimo oa ’nete ’me ba boloke litaelo tsa hae.’ (Moeklesia 12:13) Ena ke karolo ea taeo e tsoang ho Molimo.
Haeba ho hōlisa bana ho ka bapisoa le ho haha ntlo, joale taeo ke se seng sa lisebelisoa tsa ho haha. Ha batsoali ba fana ka eona hantle, ba ka haha bothong ba bana ba bona litšoaneleho tse ratehang le ho ba hlomella hore ba tobane le liteko bophelong. Liproverbia 23:24, 25 e hlalosa liphello tsa seo: “Ruri ntat’a ea lokileng o tla thaba; ea tsoalang ea bohlale le eena o tla thabisoa ke eena. Ntat’ao le ’m’ao ba tla thaba, ’me ea u tsoetseng o tla nyakalla.”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 27]
“TAEO LE KELELLO E LAOLOANG KE JEHOVA”
Baefese 6:4 e bua ka “taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” Lentsoe la pele-pele la Segerike bakeng sa “kelello e laoloang” le fetoletsoe Libibeleng tse ling e le “ho ba hlokolosi,” “keletso” le “khalemelo.” Mantsoe ana kaofela a bontša hore malapa a lokela ho etsa ho fetang feela ho bala Bibele kapa lingoliloeng tse theiloeng ho eona kamehla. Batsoali ba lokela ho etsa bonnete ba hore bana ba bona ba utloisisa se boleloang ke Lentsoe la Molimo, bohlokoa ba ho mamela, lerato leo Jehova a ba ratang ka lona le tšireletso ea hae.
See se ka finyelloa joang? Judy, ’mè oa bana ba bararo, o ile a bona bohlokoa ba ho etsa ho fetang feela ho lula a hopotsa bana ba hae ka melao-motheo ea Molimo. “Ke ile ka bona hore ha ba rate ha ke lula ke pheta-pheta ntho e le ’ngoe ka tsela e tšoanang ho bona. Ke ile ka qala ho batla litsela tse fapaneng tsa ho ba ruta. Tsela e ’ngoe e ile ea e-ba ho sheba lihlooho limakasineng tsa Tsoha! tse nang le lintlha tseo bana ba ka ba li hlokang empa li hlalositsoe ka tsela e ’ngoe. Ka tsela eo, ke ithutile ho fa bana ba ka likhopotso tseo ba li hlokang empa e le ka tsela e sa ba teneng.”
Angelo, eo lelapa la hae le ileng la feta tlas’a mathata, o pheta kamoo a ileng a ruta barali ba hae hore ba thuise ka Lentsoe la Molimo: “Re ne re bala litemana tsa Bibele re le kaofela, ebe ke khetha lipolelo tse itseng ’me ke hlalose kamoo li sebetsang kateng boemong ba barali ba ka. Hamorao ha ba se ba ipalla Bibele ba le bang, ke ne ke hlokomela hore ba ne ba nahanisisa taba, ba thuisa hore na e bolela’ng ho bona.”