Botle Boo e Hlileng e Leng Bona ba Bohlokoa
BATHO ba hoheloa ke batho bao ba nkang hore baa ipiletsa. Empa ke eng e etsang hore u ipiletse? Etsoe ho na le meeli ho seo u ka se etsang ho lokisa litšobotsi tse itseng tseo u li futsitseng. Ho feta moo, botle ba ’mele boa fela, kaha ha ho motho ea ka qobang ho senyeha ha litšobotsi ho bakoang ke ho tsofala le ke ho kula. Na ho na le mofuta o mong oa botle oo e leng oa bohlokoa haholoanyane, o tšoarellang ’me e le o ka fumanoang ke bohle?
Bohlokoa ba Botle ba ka Hare
Bibele e re tiisetsa hore ’Mōpi, Jehova Molimo, o nka botle ba ka hare e le ba bohlokoa haholo. Nahana ka mehlala e itseng.
Ha Jehova a ne a bolella moprofeta Samuele hore a e’o khetha morena oa Iseraele ho bara ba Jese, moprofeta eo o ile a haptjoa ke Eliabe ea motle. Samuele o ile a re: “E tlameha ebe enoa ke eena eo Morena a mo khethileng.” Empa Jehova o ile a re ho Samuele: “U se ke ua nahana hore Eliabe ke eena hobane feela a le molelele a bile a le motle. Hase eena eo ke mo khethileng. Batho ba ahlola ba bang ho ea ka hore na ba shebahala joang, empa ’na ke ahlola batho ka seo ba leng sona ka lipelong.”—1 Samuele 16:6, 7, Contemporary English Version.
Mora oa ho fela, e leng Davida, qetellong e bile eena ea khethoang. Le hoja ho boletsoe hore o ne a e-na le “mahlo a matle” ’me a e-na le “ponahalo e ntle,” ho ka etsahala hore Davida o ne a se botle bo hapang joaloka baholoane ba hae ba neng ba se ba hōlile. Empa “moea oa Jehova oa qala ho sebetsa ho Davida ho tloha letsatsing leo ho ea pele.” Le hoja a ne a sa phethahala ’me a ile a etsa libe tse tebileng haholo, o ile a tsebahala ka botle ba pelo le ho ba mohlanka oa Molimo ea tšepahalang ho fihlela lefung. (1 Samuele 16:12, 13) Ntle ho pelaelo, o ne a ipiletsa ho Molimo ka lebaka la botle ba hae ba ka hare.
Ha ho bapisoa, nahana ka Absalome, mora e mong oa Davida. O ile a ipaka e le motho e mobe ho sa tsotellehe botle ba hae bo neng bo tsotoa. Bibele e re ka eena: “Joale ha ho bapisoa le Absalome ho ne ho se monna e motle hakaalo Iseraele eohle hoo a rorisoang haholo hakaalo. O ne a se na sekoli ho tloha bohatong ba leoto ho isa har’a hlooho.” (2 Samuele 14:25) Leha ho le joalo, takatso ea Absalome ea bophahamo e ile ea mo susumelletsa hore e be lerabele le loantšang ntat’a lona le ho nka puso ka likhoka. O bile a beta lirethe tsa ntat’ae. Ka lebaka leo, Molimo o ile a halefela Absalome ’me a shoa habohloko.—2 Samuele 15:10-14; 16:13-22; 17:14; 18:9, 15.
Na u utloa u khahloa ke Absalome? Le hanyenyane. Ha e le hantle, e ne e le motho eo batho ba sa mo rateng. Ponahalo ea hae e ntle ha e ea ka ea koahela boikakaso le ho se tšepahale ha hae, leha e le hona hore e ile ea mo qobisa tlokotsi. Ka lehlakoreng le leng, Bibele e na le mehlala e mengata ea batho ba bohlale, ba ipiletsang bao ho seng letho le buuoang ka ponahalo ea bona. Ho hlakile hore hoo e neng e le habohlokoa e ne e le botle ba bona ba ka hare.
Botle ba ka Hare Boa Hohela
Na botle ba ka hare bo ka hohela ba bang? Georgina, eo e ka bang lilemo tse leshome joale a nyetsoe, o re: “Lilemo tsena tsohle, ke ’nile ka haptjoa haholo ke monna oa ka ka lebaka la botšepehi ba hae ho ’na. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hae ke ho thabisa Molimo. Sena se thusitse haholo hore e be motho ea nahanelang le ea lerato. O oa ’nahanela ha a etsa liqeto ’me o etsa hore ke ikutloe ke ananeloa. Kea tseba hore e hlile o oa nthata.”
Daniel, ea nyetseng ka 1987 o re: “Ho ’na mosali oa ka o motle. Hase litšobotsi tsa hae tse ntle feela tse nkhahlang, empa botho ba hae ke bona bo etsang hore ke mo rate le ho feta. Kamehla o nahana ka ba bang le hore na a ka ba thabisa joang. O na le litšobotsi tse babatsehang tsa Bokreste. Sena se entse hore ke thabele ho phela le eena.”
Lefatšeng lena le amehileng ka ponahalo ea ka ntle, ho hlokahala hore re se shebe feela se ka ntle. Re tlameha ho hlokomela hore ho thata ho finyella botle “ba sebele”—haeba ke ntho e ka finyellehang—empa melemo ea bona e fokola haholo. Empa ho hlaolela ho ba le litšobotsi tse ratehang tse tla etsa hore re be le botle ba ka hare ke ntho e ka finyelloang. Bibele e re: “Khahleho e ka ’na ea thetsa, ’me botle e ka ’na ea e-ba lefeela; empa mosali ea tšabang Jehova ke eena ea iphumanelang thoriso.” Ho fapana le seo, Mangolo aa lemosa: “Joaloka lesale la nko la khauta sefeneng sa kolobe, mosali e motle empa a furalla ho ba le kelello o joalo.”—Liproverbia 11:22; 31:30.
Lentsoe la Molimo le re thusa hore re nke ntho ea bohlokoa e le “motho ea ka sephiring oa pelo ka seaparo se ke keng sa bola sa moea o thōtseng le o bonolo, oo e leng oa bohlokoa haholo mahlong a Molimo.” (1 Petrose 3:4) Ka sebele, botle bo joalo ba ka hare ke ba bohlokoa ho feta ba ka ntle hōle. ’Me bohle ba ka bo finyella.
[Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]
Litšoaneleho tse ntle li ka etsa hore motho a be motle ho feta ntlafatso leha e le efe e ka etsoang ’meleng