Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 1/8 maq. 26-30
  • Ho Ngoliloe Hore ke Tla mo Bona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Ngoliloe Hore ke Tla mo Bona
  • Tsoha!—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Phetoho e Utloisang Bohloko
  • Mosebetsi o se Nang Morero
  • Ke Etsa Qeto ea ho Fetola Bophelo ba Ka
  • Tsela e Lebang Katlehong ea Sebele
  • Tlhohonolofatso Tšebeletsong ea Molimo
  • Ke Leboha Tšehetso e sa Hlōleheng ea Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Bibele e Fetola Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Bibele e Fetola Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Ho Ipabola ’Minong oa Opera
    Tsoha!—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 1/8 maq. 26-30

Ho Ngoliloe Hore ke Tla mo Bona

Joalokaha ho boletse Rosalía Phillips

“U tla hlahella ka mahetla! Etsoe u na le talenta!” A lutse pianong ea hae, motsamaisi oa rōna o ile a mpolella mantsoe ao metsotsoana pele kharetene ea sethala e buloa. Litho tse ’nè tsa sehlopha li ile tsa etsa pontšo ea ho nkamohela. Ke apere mose oa ka o mofubelu, o neng o rokeletsoe mekhabiso e benyang, ke ne ke le sebini se secha sehlopheng seo. Ke ile ka otloa ke letsoalo. E ne e le ka lekhetlo la pele ke hlaha ho e ’ngoe ea liholo tsa boithabiso tsa bohlokoa ka ho fetisisa Mexico City, ke qala ho hlahisa tsebo ea ka indastering ea boithabiso! E ne e le ka March 1976 ’me ho ne ho setse khoeli feela ke e-ba lilemo li 18.

E NE e le lilemo tse tharo Ntate a hlokahetse, ’me ke ne ke sa ntse ke mo hopola haholo. Sechaba le sona se ne se mo hopola. O ne a ratoa le ho ananeloa haholo ’me a nkoa e le e mong oa bo-rametlae ba hlahelletseng ka har’a naha, kaha o ne a hlahile lifiliming tse fetang 120 nakong eo libaesekopo tsa Mexico li neng li atleha ka ho fetisisa. Lebitso la hae, e leng Germán Valdés, “Tin-Tán,” le ne le manehiloe menyakong ea liholo tsohle tsa boithabiso tsa Amerika Bohareng le Amerika Boroa, hammoho le libakeng tsa batho ba buang Sepanishe United States le Europe. Esita le kajeno, lilemo tse 30 a hlokahetse, lifilimi tsa hae li ntse li bontšoa khafetsa thelevisheneng.

Ho tloha ha ke sa le monyenyane, lapeng e ne e le sebaka seo batho ba hlahelletseng ba kopanang ho sona. ’Mè le banab’abo ba banana ba ile ba theha sehlopha sa ho bina sa batho ba bararo se bitsoang Las Hermanitas Julián (Barali ba Julián). Khaitseli ea hae, Julio Julián, o ne a tumme ka tinoro ea ’mino oa opera, Europe, ha mosali oa hae oa Lesepanishe, Conchita Domínguez, a ne a bina ntsoe la pele. Ho feta moo, Rangoane Manuel “Loco” (lehlanya) Valdés, le Rangoane Ramón Valdés, ea tsebahalang haholo ka Don Ramón, ba ne ba tumme e le bo-rametlae thelevisheneng.

Libaka tsa libaesekopo, liholo tsa boithabiso tse bontšang lishou tse fapaneng le libaka tsa ho rekota e ne e le libaka tseo khaitseli ea ka, Carlos, a neng a li tloaetse, le ’na ka ho tšoanang, kaha hangata Ntate o ne a tsamaea le rōna ha a ea mosebetsing le ha a nka maeto a mosebetsi; ke tsela eo a neng a boloka lelapa la hae le momahane ka eona. Ho ne ho e-na le phapang e kaakang ea ponahalo ea ka ntle tikolohong ea khoebo ea boithabiso ha e bapisoa le lapeng, moo ho neng ho e-na le kutloano ea sebele ’me ho rena lerato! Ke hopola Ntate e le motho ea neng a le lerato haholo, a le mafolofolo le ho rata bophelo. O ne a fana haholo, esita le ka tsela e feteletseng ka linako tse ling. O ile a nthuta hore thabo e tlisoa ke ho fana, eseng ho ba le lintho.

Phetoho e Utloisang Bohloko

Ho ella bofelong ba 1971, ’na le khaitseli ea ka ’Mè o ile a re bolella litaba tse bohloko tsa hore lingaka li fumane hore Ntate o ne a tšoeroe ke lefu le sa phekoleheng. Selemo le halofo kaofela, ke ile ka bona mesarelo ea Ntate, ha a hula ka thata le hoja a ne a noa meriana e matla.

Ke ntse ke hopola hantle letsatsi leo ka lona ambulense e ileng ea tla lapeng ’me ea mo nka ea mo isa sepetlele. Ke ile ka tseba hore a ke ke a hlōla a khutla. Ke sitoa ho hlalosa bohloko boo ke ileng ka bo utloa. Ke ile ka etsa qeto ea hore le ’na ke tlameha ho utloa bohloko kaha le eena o ne a utloa bohloko. Ke ile ka tima sakerete ka ho e petelletsa seatleng sa ka ’me ka lla habohloko. Ka la 29 June, 1973, Ntate o ile a hlokahala. Ke ile ka qala ho ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha motho ea molemo hakaale, ea thabisang batho hakana, a tlameha ho re siea? O hokae hona joale? Na a ka nkutloa ha ke bua le eena? Ke sa phelela’ng ha e le moo a se a sa phele?’

Mosebetsi o se Nang Morero

Ka mor’a ho ipha nako ea ho hlaphoheloa maikutlong, ke ile ka qala ho ithutela ho khabisa matlo. Leha ho le joalo, ke ne ke e-na le borabelenyana, eaba ke tlohela sekolo. ’Na le ’Mè re ile ra etsa qeto ea hore re eketse nako ea ho thabela botsoalle le ba bang. Re ile ra tsamaea liphathi tsa maemo tsa batho ba hlahelletseng lefatšeng la boithabiso. Hangata qetellong mong’a phathi o ne a re, “Rosalía, ak’u re binele e ’ngoe ea lipina tsa hao hle.” Ba ne ba rata lentsoe la ka le sefutho seo ke neng ke bina ka sona, ba re ke futsitse talenta ea batsoali ba ka.

Ho e ’ngoe ea liphathi tseo, mongoli oa lipina le motsamaisi oa sehlopha sa ’mino sa Arturo Castro and His Castros 76, o ile a nkutloa ha ke bina ’me a nkōpa hore ke bine le sehlopha sa hae. Qalong, ke ne ke sa ratisise. Le hoja ke ne ke rata ’mino ’me ke ne ke tseba ho letsa katara le ho ngola lipina ho tloha ha ke ne ke le lilemo li 14, ke ne ke sa rate hore ke iphelise ka ho ba sebini. Empa ’Mè o ile a nkhothalletsa, ’me lelapa leso le ne le e-na le chelete e lekaneng hore le ka ntšehetsa, kahoo qetellong ke ile ka lumela. Seo ke sona se lebisitseng ketsahalong ela eo ke e hlalositseng pejana ea ho hlaha ha ka ka lekhetlo la pele holong ea boithabiso.

Li tloha feela, ke ile ka ba le mosebetsi o tsitsitseng. Sehlopha sa rōna se ile sa etela libaka tse fapa-fapaneng Mexico, se bina habeli ka bosiu bo le bong. Re ile ra sebetsa Guatemala, Venezuela, New York le Las Vegas. Ke ile ka sebetsa le sehlopha seo lilemo tse peli. Joale ka fuoa monyetla oa ho etsa libaesekopo. Ka makhetlo a mabeli ke ile ka hlaha lifiliming empa e se ’na sebapali se ka sehloohong, ’me filiming e ’ngoe ea e-ba ’na sebapali se ka sehloohong, moo ke ileng ka fumana likhau tse peli tsa bohlokoa.

Ka letsatsi le leng ke ile ka fumana mohala o tsoang k’hamphaning ea thelevishene e li hulang pele ka har’a naha. Ba ile ba mpha monyetla oa konteraka ea bona e khethehileng “ea ho ba e mong oa likhalala tseo ba li sebelisang” hape ba re ke be sebapali se li hulang pele paleng e tsoelang pele e neng e tla rehelloa ka lebitso la ka. Sena se ne se tla mphihlisa sehlohlolong lefatšeng la boithabiso. Ke ne ke tla fumana moputso o motle, esita le haeba ke ne ke sa sebetse kamehla. Kaha ke ne ke ikutloa ke sa tšoaneloe ke seo hape ke tšaba ho lahleheloa ke tokoloho, ke ile ka hana konteraka eo. Ke ile ka amohela mosebetsi oa pale e tsoelang pele, empa e le hobane ke batla ho tsoela pele ka lithuto tsa ka univesithi tsa lishou tse bapaloang liholong tsa boithabiso. Empa ke ne ke ntse ke sa thaba. Ho ne ho ntšoenya ho bona batšoantšisi ba sebetsa ka thata ka lilemo hore ba qetelle ba fuoe monyetla oa ho ba libapali tse ka sehloohong paleng, ha ’na ke ne ke o fuoa—hobane feela ke le morali oa Tin-Tán.

Joale ke ile ka qala ho rekota. Rekoto ea pele e ile ea akarelletsa pina e neng e tla bapaloa paleng e tsoelang pele, ’me e ne e le ’na ea qapileng mantsoe a eona le ho a ngola. Hamorao ke ile ka rekota sebakeng se tummeng haholo sa ho rekota London. Ke ile ka rekota ka ho eketsehileng, ka bapala libaesekopong le lipaleng tse tsoelang pele. Likoranta li ile tsa qala ho ngola ka ’na maqepheng a ka holimo-limo karolong ea tsa boithabiso, kahoo, u ka ’na ua re ke ne ke le sehlohlolong sa katleho. Empa ho ne ho ntse ho e-na le ho haellang. Ke ne ke lemoha kamoo batšoantšisi ba ikhohomosang kateng le kamoo ba neng ba e-na le moea oa tlholisano kateng, ’me boitšoaro bo bobe le ho se tšepahale li ne li rena ho bona. Ha kea ka ka hlola ke tšepa motho.

Joale ka hoetla ea 1980, ke ile ka kopana le Malome Julio ’mokeng oa lelapa. O ne a entse qeto ea ho tlohela opera, ’me ke ile ka mo mamela ha a bua ka paradeise eo Molimo a e tšepisitseng. Malome Julio o ile a re ho hloka toka le mahlomola li ne li tla fela lefatšeng ’me ho rene lerato. Hape o ile a re lebitso la Molimo oa ’nete ke Jehova. Se ileng sa nkhahla le ho feta ke ha ke utloa hore Paradeiseng baratuoa ba rōna ba shoeleng ba tla tsosoa. Tšepo ea ho bona Ntate hape e ile ea nthabisa. Ke ne ke ntse ke mo hopola ’me ke labalabela tšehetso le lerato la hae. E ne e tla ba ho babatsehang hakaakang ho ba le eena hape! Empa ka hare maikutlong a ka ke ne ke nka seo e le ntho e ke keng ea etsahala. Malome Julio o ile a mpha Bibele ’me a ’mema, ’na le ’Mè, hore re ee kopanong ea Lipaki Tsa Jehova e neng e tla ba teng libekeng tse ’maloa tse tlang. Re ile ra mo bolella hore re ka ’na ra tla.

Ke Etsa Qeto ea ho Fetola Bophelo ba Ka

Ka bosiu bo bong ke ne ke ntse ke tsuba ke le betheng, ha ka nako e tšoanang ke ne ke ntse ke bala Bibele eo Malome a mphileng eona. Seo ke ileng ka se bala ho Liproverbia se ile sa etsa hore ke fihlele qeto ea hore leseli, kutloisiso le bophelo li tsoa ho Molimo, ha lefifi, pherekano le lefu li ne li tsoa mohloling osele. Bosiung bona boo, ke ile ka tima sakerete ea ho qetela bophelong ba ka ’me ka emela hore ’Mè a fihle. Ke lla, ke ile ka kōpa hore a ntšehetse liqetong tse khōlō tseo ke neng ke tla li etsa. Ka mor’a moo, ke ile ka ea holong ea boithabiso moo ke neng ke ntse ke itlhakisa bakeng sa ho bapala ke le Cordelia paleng e ngotsoeng ke Shakespeare ea King Lear. Ke ile ka itokolla papaling eo ’me ka hlala mohlankana oa ka, eo e neng e le e mong oa batšoantšisi ba li hulang pele.

Leha ho le joalo, ke ne ke ntse ke e-s’o ithute ho sebeletsa Molimo, kahoo, ho ne ho se seo ke itšetlehang ka sona. Ke ile ka tepella haholo maikutlong. Ka rapela Molimo hore a nthuse hore ke ikutloe ke ntse nka ba oa bohlokoa ho sa natsoe talenta eo ke e futsitseng kapa hona ho tuma. Ke ile ka ikhula metsoalleng ea ka kaofela le linthong tseo ke neng ke tloaetse ho li etsa.

Tsela e Lebang Katlehong ea Sebele

Ha ke ntse ke ferekane joalo, ke ile ka hopola memo ea Malome ea hore re ee kopanong. Eaba kea mo letsetsa, ’me a tla ntata ho ea lebaleng la lipapali. Seo ke ileng ka se bona moo se ile sa nkama pelo. Ke ile ka bona batho ba hlophisehileng ba neng ba sa bue mahlapa kapa hona ho tsuba, ’me ba ne ba sa leke ho khahla ba bang. Seo ke ileng ka se utloa se tsoa Bibeleng se ile sa nkhopotsa seo ke neng ke se balile bukeng e reng, Is the Bible Really the Word of God?a eo ke ileng ka e fumana ka tlung nakoana ka mor’a lefu la Ntate.

Hona nakong ena ke ile ka fuoa monyetla o mong oa ho ba sebapali se ka sehloohong paleng e tsoelang pele. Ke ne ke rata karolo eo ke lokelang ho e bapala, kaha e ne e bonahala e lumellana le litekanyetso tsa boitšoaro tsa Molimo tseo ke neng ke ithutile tsona kopanong. Ka lebaka la seo, ke ile ka amohela karolo eo. Ka lehlakoreng le leng, ka hloohong ea ka ho ne ho luma mantsoe ana a Bibele: “Le se ke la kena jokong e sa lekaneng hammoho le ba sa lumelang. Etsoe . . . leseli le na le karolo efe le lefifi?”—2 Bakorinthe 6:14.

Takatso ea ho sebeletsa Molimo e ne e hōla ka ho ’na. Ke ne ke batla ho kopanela libokeng le Malome le ’Mangoane Holong ea ’Muso. Phutheho ea bona e ne e le bohōle ba hora ho tloha lapeng, empa ke ile ka ea ka Lisontaha tse tharo tse latelang. Malome o ile a etsa qeto ea ho nkisa phuthehong e sebakeng sa heso. Re ile ra fihla ha liboka li tsoa, ’me moo ke ile ka kopana le Isabel, moroetsana ea lilemong tsa ka. O ne a ikokobelitse ’me a le mosa. Ha Malome a mo tsebisa hore ke ’na Rosalía Valdés, ha aa ka a lebisa tlhokomelo le e nyenyane lebitsong la ka. Seo se ile sa nthabisa haholo. O ile a re o tla ithuta Bibele le ’na lapeng.

Re ile ra qala ho ithuta ka buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng.b Isabel o ile a fetola kemiso ea nako ea hae a sa khanane molemong oa ka. Ka linako tse ling o ne a tlameha ho nkemela ho fihlela bosiu, ha ke se ke qetile ho nkuoa filimi paleng e tsoelang pele. Ke ne ke thabile hakaakang hore ebe ho ne ho e-na le motho ea nthahasellang hobane feela a batla ho nthuta linnete tsa Bibele! E ne e le motho ea se nang boikaketsi, ea tšepahalang le ea mekhoa e metle, e leng litšobotsi tseo ke neng ke nahana hore motho a ka ba le tsona feela ha a ile a ithutela filosofi le bonono. Re ile ra lokisetsa hore re bale nakoana e telele, ka linako tse ling makhetlo a mangata ka beke.

Qalong ho ne ho le thata ho tlohela likhopolo tse fosahetseng tseo ke neng ke e-na le tsona, empa butle-butle linnete tsa Bibele li ile tsa kena ’me tsa leleka likhopolo tseo. Ke hopola kamoo ke ileng ka angoa ke tšepiso ea Molimo kateng: “Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng; ka sebele u tla lebisa tlhokomelo sebakeng sa hae, ’me o tla be a le sieo. Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.” (Pesaleme ea 37:10, 11) Hape, ka nako eo, tšepo ea hore ke tla boela ke bone Ntate Paradeiseng e ne e qala ho ba ea sebele ho ’na. Hangata ke ne ke nahana ka mantsoe a Jesu: “Le se ke la hlolloa ke sena, hobane hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tsoe, ba entseng lintho tse molemo ba ee tsohong ea bophelo.”—Johanne 5:28, 29.

Ke ile ka phetha mosebetsi oa ka paleng e tsoelang pele, ’me ka potlako ka fuoa menyetla e meng. Le hoja mesebetsi eo e ne e ka ’na ea etsa hore ke tume le ho feta, ho bapala karolo eo ho ne ho tla fana ka maikutlo a hore ke lumella boitšoaro bo bobe, borapeli ba litšoantšo le likhopolo tse ling tse fosahetseng. Ke ne ke ithutile hore Satane e ne e le motho oa sebele le hore ha a batle ha re sebeletsa Jehova. Ka hona, ke ile ka hana menyetla eo ’me ka qala ho ea libokeng tsohle. Joalokaha ho ka lebelloa, ’Mè le khaitseli ea ka ba ne ba sa utloisise hore na ke hobane’ng ha ke tlohella menyetla e mengata hakaalo le chelete e ngata joalo. Empa hape ba ne ba bona liphetoho tseo ke li etsang. Ke ne ke tlohela ho ba motho ea sa thabang, ea tepelletseng maikutlo ’me ke e-ba motho ea mafolofolo le ea thabileng. Qetellong ke ne ke e-na le morero bophelong!

Ke ile ka ba le takatso ea ho bolella ba bang seo ke ithutileng sona ’me ka potlako ka ba mohoeletsi oa molaetsa o babatsehang oa ’Muso oa Molimo. Ha ke ne ke bolela, ka linako tse ling ho ne ho e-ba thata hore mong’a ntlo a mamele seo ke se buang; ba bangata ba ne ba lemoha hore ke ’na ea hlahang ho tsa boithabiso. Ka makhetlo a ’maloa, ’na le motho eo ke neng ke tsamaea le eena re ne re fihla malapeng a batho nakong eo ba shebeletseng pale e tsoelang pele eo ke hlahang ho eona thelevisheneng. Beng ba matlo ba ne ba sa kholoe mahlo a bona hore ke ’na ea emeng monyako!

Ka la 11 September, 1982, ke ile ka kolobetsoa e le pontšo ea boinehelo ba ka ho Jehova. Joale bophelo ba ka bo ne bo e-na le morero, ’me ka pel’a ka ho ne ho larile mosebetsi oa mofuta o fapaneng. Cheseho ea Isabel tšebeletsong e ile ea nkhothatsa. O ne a sebeletsa e le pula-maliboho oa kamehla, kamoo basebeletsi ba nako e tletseng ba Lipaki Tsa Jehova ba bitsoang kateng. Hang-hang ke ile ka qala ho tsamaea le eena ha a ntse a ithuta Bibele le ba bang. Isabel o ile a fetoha motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo.

’Na le ’Mè re ile ra lokela ho khotsofalla boemo bo tlaasana ba bophelo kaha ke ne ke se ke tlohetse mosebetsi oa ka oa ho ba motšoantšisi. Ka nako e tšoanang, ke ile ka qapa lipina tsa rekoto ea ka ea bone, tse neng li akarelletsa lipina tse binang ka litekanyetso tsa boitšoaro le tumelo ea ka e ncha. Ke ile ka ngola pina ka tšepo ea ka e matla ea hore ke tla boela ke bone Ntate. Ke ile ka bitsa pina eo “Ho Ngoliloe—Ke Tla mo Bona.” Ha ke ne ke e binela ’Mè ka lekhetlo la pele, e ile ea mo ama ka ho teba. O ile a hlokomela hore na ke ne ke kholisehile hakaakang! Ke ile ka thaba haholo ha a bolela hore o batla ho ithuta Bibele. Lilemo tse peli hamorao, e ile ea e-ba mohlanka ea kolobelitsoeng oa Jehova. O ntse a le mafolofolo tšebeletsong le le holimo lena.

Ha nako e ntse e ea, ho ne ho se ho e-ba bonolo hore ke hane mesebetsi eo ke e fuoang. ’Me ha ke le tekong kapa boemong bo nkhohellang bobeng, ho nahana ka boemo ba ha Ntate le rōna re se re le kaofela paradeiseng e ntle ho ne ho matlafatsa tšepo ea ka le boikemisetso ba ka ba ho sebeletsa Jehova.

Ka letsatsi le leng ke ile ka kōptjoa hore ke be karolo ea ba hlahang lenaneong la bana la Maspanishe la Sesame Street. Ke ile ka nahana hore nke ke ka loka ’me ka bolella mohlahisi oa lona hore melao-motheo ea Bibele eo ke e lumelang e ne e ke ke ea ntumella ho buella lintho tse kang matsatsi a phomolo le matsatsi a tsoalo. Mohlahisi o ile a arabela ka hore haeba nka amohela mosebetsi, o ne a tla hlompha tumelo ea ka ’me re ne re ka saena konteraka e hlalositseng ka ho hlaka boemo ba ka. Ka hona, ke ile ka amohela mosebetsi oo ’me ka hatisa mananeo a 200. Oo e bile mosebetsi oa ho qetela ke le motšoantšisi.

Ho ne ho setse konteraka e le ’ngoe eo ke neng ke e-s’o e qete le k’hamphani ea ho rekota; kahoo ke ile ka rekota lipina tseo ke ingoletseng tsona tse leshome ho eona, ho kopanyelletsa le pina eo ke neng ke e qapile ka Ntate le tsoho ea bafu. Ke ile ka ba le monyetla oa ho bina pina eo thelevisheneng le libakeng tse ling tseo ke neng ke bina ka ho toba ho tsona, moo hangata ke neng ke bua ka tumelo ea ka. Leha ho le joalo, k’hamphani ea ho rekota e ile ea qala ho nkhatella ka matla hore nke ke hlahe ka tsela e hohelang. Ke ile ka fana ka lengolo la ho itokolla mosebetsing.

Tlhohonolofatso Tšebeletsong ea Molimo

Ka December 1983, ’na le Isabel re ile ra ea bona mehaho ea Lipaki Tsa Jehova e Brooklyn, New York. Ha re le moo ke ile ka kopana le mohlankana eo hamorao e neng e tla ba monna oa ka, e leng Russell Phillips. Re ile ra ngollana nako e ka etsang lilemo tse peli. Ke ntse ke hopola hantle letsatsi leo ke neng ke qala ho ba pula-maliboho oa kamehla ka lona—Russell o ile a nthomella lirosa li tsoa New York!

Ke ile ka bula maliboho le Isabel nako e etsang selemo. Joale o ile a memeloa ho ea ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova Mexico. Moqoqo oa hae ka kabelo ea hae e ncha o ile oa etsa hore ke be le moea oa ho eketsa tšebeletso ea ka, ’me haeba Jehova a ne a ho lumella, le ’na ke sebeletse Bethele.

Russell e ’nile ea e-ba tlhohonolofatso e ’ngoe bophelong ba ka. Ka lebaka la ho rata ha hae Jehova le mokhatlo oa Hae o hlophisitsoeng, ke ithutile ho rata tšebeletso ea nako e tletseng. O ne a rata Bethele, kaha o ne a sebelelitse Bethele ea Brooklyn ka lilemo tse tharo. Ka mor’a hore re nyalane, re ile ra sebetsa hammoho re le bo-pula-maliboho ba kamehla Colorado, U.S.A. Hamorao, re ile ra memeloa ho ba basebetsi ba machaba kahong ea makala a macha linaheng tse ling. Re ile ra makala hakaakang ha re bolelloa hore re abetsoe Mexico! Ka April 1990, re ile ra amohela ka thabo tokelo e hlollang ea ho ba litho tsa lelapa la Bethele Mexico. Mohlala oa Russell o ile oa nkhothatsa haholo. Ke ne ke khahloa ke moea oa hae oa boitelo o ileng oa mo susumelletsa hore a tlohele naha ea habo le lelapa labo molemong oa ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso mona Mexico.

’Na le Russell re ile ra thabela tokelo ea rōna ea tšebeletso haholo lekaleng la Mexico. Empa lintho li ile tsa fetoha ka potlako ha ke e-ba moimana. Litaba tseo li ile tsa re oela holimo re sa nahana. Leha ho le joalo, kamehla re ne re ananela batsoali ba hōlisetsang bana ba bona tseleng ea ’nete, ’me ka thabo re ile ra amohela boemo bona joaloka kabelo e ncha. Ka October 1993, Evan o ile a hlaha, ’me lilemo tse peli le halofo hamorao ha hlaha Gianna. Le hoja ho hōlisa bana ho hloka boiteko bo sa khaotseng, nako le nako ha ngoana oa rōna ea lilemo li 11 le ea lilemo li robeli ba bolela tumelo ea bona ha ba le tšebeletsong, sena se etsa hore re ikutloe re putsitsoe.

Hona joale Russell o sebeletsa Komiting ea Kaho ea Liholo Tsa ’Muso, ’me ’na ke sa tsoa khutlela tšebeletsong ea nako e tletseng ea ho ba bopula-maliboho. Lilemong tse 20 tse fetileng, ke thusitse litho tse 12 tsa lelapa, hammoho le batho ba bang ba robeli, hore ba ithute ’nete ea Bibele le ho sebeletsa Jehova.

Ha bana ba ka ba mpotsa, “’Mè, na ho ile ha e-ba thata hore u tlohele bophelo ba indasteri ea boithabiso?” Ke qotsa mantsoe a moapostola Pauluse: “Ka sebele . . . ke nka lintho tsohle e le tahlehelo ka lebaka la bohlokoa bo fetisisang ba tsebo ea Kreste Jesu Morena oa ka. Ka lebaka la hae ke amohetse tahlehelo ea lintho tsohle ’me ke li nka e le lithōle tse ngata, e le hore nka rua Kreste.” (Bafilipi 3:8) Ke thabile hakaakang hore ebe Jehova o ntokolotse bophelong ba lefeela le bo se nang morero ’me a ntumella hore ke be karolo ea batho ba hae ba babatsehang! Ha ke phetse ho mo leboha ka litlhohonolofatso tse ngata-ngata tseo a faneng ka tsona ka Mora oa hae, Jesu Kreste. Hangata ke bina ka thabo pina eo ke e ngotseng ka Ntate. Ke kholisehile hore ke tla boela ke mo bone.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova empa hona joale ha e sa hatisoa.

b E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova empa hona joale ha e sa hatisoa.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

’Na le batsoali ba ka le khaitseli ea ka ha ke ne ke le selemo feela

[Setšoantšo se leqepheng la 28, 29]

Ke bina le sehlopha sa Arturo Castro and His Castros 76

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Angel Otero

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

’Na le lelapa la ka kajeno

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]

Activa, 1979

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela