Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 4/8 maq. 12-13
  • U Khanna ka Lehlakoreng Lefe la Tsela?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Khanna ka Lehlakoreng Lefe la Tsela?
  • Tsoha!—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mekhoa ea Boholo-holo ea ho Khanna
  • Ho Fetohela Lehlakoreng le Letona
  • Likepe, Lifofane, Literene le Litaaso
  • Hlaolela Mekhoa ea ho Khanna ka Polokeho
    Tsoha!—1988
  • Ho Khanna ka Polokeho—Ho Hlokahala ka ho Potlakileng
    Tsoha!—1988
  • Likotsi Tsa Likoloi—Na U Sireletsehile?
    Tsoha!—2002
  • Na ke se ke Loketse ho Khanna?
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 4/8 maq. 12-13

U Khanna ka Lehlakoreng Lefe la Tsela?

Ka Mongoli oa Tsoha! Brithani

Ke khahlametsa moeti oa ka oa Moamerika boema-fofane ’me ke ea le eena moo ke pakileng koloi teng. Ke re ho eena, “Lula setulong se ka pele,” ’me ka potlako o leba monyako oa mokhanni. Joale o re: “Aa, ke lebetse hore hana lōna le khanna ka lehlakoreng lesele.”

Le ’na ho hlakile hore nka be ke ile ka bua ntho e tšoanang haeba ke ne ke etetse United States. Empa ha re tseleng e lebang hae, ke ile ka etsa qeto ea ho fumana hore na ke hobane’ng ha linaheng tse ling ho khannoa ka lehlakoreng le letšehali la tsela, ha linaheng tse ngata ho khannoa ka lehlakoreng le letona.

Mekhoa ea Boholo-holo ea ho Khanna

A re ke re hlahlobeng histori ea boholo-holo, lilemo tse ka bang likete tse peli morao koana, ha Brithani e ne e hapiloe ke Baroma. Baepolli ba lintho tsa khale ba epolotse ntho e fanang ka leseli mekhoeng ea ho khanna ea mehleng eo ea khale. Ka 1998, ba ile ba fumana tsela e sirelelitsoeng hantle e neng e leba koaring ea Baroma e neng e le haufi le Swindon, Engelane. Ka lehlakoreng le leng la tsela ho fatehile haholoanyane ho feta ka lehlakoreng le leng, e leng se neng se ka etsahala ha likosekara li leba koaring li sa nka letho ’me li khutla li laetse majoe. Ho fateha hoo ha tsela ke sesupo sa hore bonyane sebakeng sena, Baroma ba ne ba khanna ka letsohong le letšehali.

Ha e le hantle, ba bang ba lumela hore ka tloaelo bakalli ba boholo-holo ba lipere ba ne ba tsamaea ka lehlakoreng le letšehali la tsela. Kaha batho ba bangata ba sebelisa letsoho le letona haholo, bakalli ba lipere ba ne ba ka khona ho tšoara litomo ka letsoho le letšehali ebe le letona le lula le lokolohile—e le ho lumelisa bakalli ba fetanang le bona kapa e le ho itšireletsa ka sabole haeba ho hlokahala.

Ho Fetohela Lehlakoreng le Letona

Ho ea bofelong ba lilemo tsa bo-1700, ho ile ha fetoheloa ka letsohong le letona linaheng tse kang United States, ha bakhanni ba ne ba qala ho sebelisa likariki tse khōlō tse tsamaisang thepa tse huloang ke lipane tse ’maloa tsa lipere. Likariki tseo li ne li se na setulo sa mokhanni, ka hona, mokhanni o ne a kalla pere e ka thōko lehlakoreng le letšehali ’me a tšoara sephali ka letsoho le letona. A lutse lehlakoreng la letsoho le letšehali, mokhanni o ne a khetha hore likariki tse ling li mo fete hona ka letsohong le letšehali e le hore a ka etsa bonnete ba hore ha a ka har’a tsela bakeng sa likariki tseo a tla fetana le tsona. O ne a etsa seo ka ho khanna ka lehlakoreng le letona la tsela.

Leha ho le joalo, Manyesemane ha aa ka a fetola letsoho le letšehali. A ne a e-na le likariki tse nyenyane, ’me mokhanni o ne a lula ka kariking, hangata a lula lehlakoreng le letona la setulo sa ka pele. Ha a le moo, o ne a ka sebelisa sephali sa hae se selelele ka letsoho le letona se sa tšoasehe thepeng eo a e hulang. A le ka letsohong le letona la kariki, mokhanni o ne a ka bona hore likariki tseo a fetanang le tsona li na le sebaka se lekaneng ka ho khanna a le lehlakoreng le letšehali la tsela. Linaha tse ileng tsa fetoha karolo ea ’Muso oa Brithani li ile tsa latela mokhoa ona oa ho khanna ka letsohong le letšehali, le hoja ho ile ha e-ba le tseo e leng mekhelo. Ka mohlala, Canada, qetellong e ile ea fetohela letsohong le letona e le ho nolofatsa lintho ha ho tšeloa malibohong pakeng tsa naha ena le ea United States.

Liketsahalo tsa lipolotiki Fora li ile tsa ba le liphello tse khōlō mekhoeng ea ho khanna. Pele ho Phetohelo ea Fora ka 1789, batho ba phahameng pusong ba ne ba khanna likariki tsa bona ka lehlakoreng le letšehali la tsela, ba qobella batho ba boemo bo tlaase hore ba khanne ka ho le letona. Empa ha Phetohelo e se e qalile, batho bana ba phahameng ba ile ba leka ka hohle-hohle ho ipata ka hore ba tsamaee le ba tlaasana lehlakoreng le letona la tsela. Ka 1794, ’muso oa Fora o ne o thehile molao oa hore ho khannoe ka letsohong le letona Paris, ’me hamorao ha namela le libakeng tse ling ha mabotho a hapang a Napoléon I a ne a kenella libakeng tse ngata tsa k’honthinente ea Europe. Ha ho makatse hore ebe Napoléon o ne a rata ho tsamaea ka letsohong le letona. Buka e ’ngoe e fanang ka boitsebiso e hlalosa hore kaha o ne a le leqele, “mabotho a hae a ne a tlameha ho hoanta ka lehlakoreng le letona e le hore letsoho la hae leo a tšoarang sabole ka lona le ka ba lehlakoreng la sera leha e le sefe.”

Europe, linaha tse khahlanong le Napoléon li ile tsa lula li khanna ka letsohong le letšehali. Russia le Portugal li ile tsa fetohela letsohong le letona mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo. Austria le Czechoslovakia li ile tsa fetohela letsohong le letona ha Manazi a Jeremane a ne a ba hapa bofelong ba lilemo tsa bo-1930, ’me Hungary le eona ea latela. Kajeno ke linaha tse ’nè feela tsa Europe tse ntseng li khanna ka letsohong le letšehali: Brithani, Ireland, Cyprus le Malta. Ho thahasellisang ke hore le hoja Japane e ne e e-s’o ka e e-ba koloni ea Brithani, le eona e khanna ka lehlakoreng le letšehali.

Likepe, Lifofane, Literene le Litaaso

Ho thoe’ng ka likepe le lifofane? Ka tloaelo, metsing likepe li tsamaea lehlakoreng le letona. Lifofane le tsona li fofa ka lehlakoreng le letona. Literene tsona? Linaheng tse ling lintho tse laolang ho tsamaea ha tsona ke tsona tse bontšang hore na e tla tsamaea lehlakoreng lefe haeba liporo li le peli. Liporo tsa mehla ena tsa literene hangata li ka lumella terene hore e lebe leha e le nģa efe seporong leha e le sefe, empa ka tsamaiso ea khale ea literene, terene e ne e ka tsamaea e lebile nģa e le ’ngoe fela seporong. Hore na e tsamaea e lebile hokae, bonyane tlas’a maemo a itseng, ho ne ho tsoa ka hore na seporo seo sa terene se entsoe naheng efe.

Ho thoe’ng ka litaaso? Ka tloaelo ho khothalletsoa hore haeba ho se tselana ea maoto kapa tselana e ka thōko bakeng sa litaaso, ho molemo hore motho a tsamaee a shebane le likoloi tse tlang, ho sa tsotellehe hore na likoloi tseo li tsamaea ka lehlakoreng lefe. Haeba likoloi li khannoa ka letsohong le letona, joale litaaso li khothalletsoa hore li tsamaee ka letsohong le letšehali la tsela e le hore li shebane le likoloi tse tlang. Brithani, moo re khannang ka lehlakoreng le letšehali la tsela, re leka ho hopola ho tsamaea ka letsohong le letona. Joale, ho thoe’ng ka motsoalle oa rōna oa Moamerika? Ho hlakile hore o etsa ho fapaneng!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela