Pono ea Bibele
Na Molimo o Amohela Lenyalo la Batho ba Bong bo Tšoanang?
NAKONG ea tšebeletso ea kereke, banna ba babeli ba ema ka pel’a mobishopo ea tsebahalang oa Episcopal ba tšoarane ka matsoho. Ba etsa “selekane . . . ka pel’a Molimo le kereke.” A apere lipurapera tse tšoeu tse khabileng ka khauta, mobishopo o hlohonolofatsa kopano ea bona phatlalatsa. Ka mor’a moo batho bao ba babeli baa hakana le ho akana ’me batho baa ema ba ba hlabela litlatse. Ho latela mobishopo enoa, kamano e joalo ea bosodoma “e ea halalela ’me e lokela ho hlohonolofatsoa, . . . e lokela ho bitsoa seo e leng sona: e halalelang.”
Leha ho le joalo, baeta-pele ba bang ba bolumeli ba hlahisa maikutlo a matla khahlanong le kopano ea batho ba bong bo tšoanang. “Re tšoentsoe haholo ke qeto ena [ea mobishopo],” ho rialo Cynthia Brust, ’muelli oa American Anglican Council, e leng sehlopha sa Balumeli ba tloaelehileng ba Episcopal. O ile a boela a re: “Ho hlohonolofatsa batho ba bong bo tšoanang ho hanana le thuto e hlakileng ea Bibele ka lenyalo le ho kopanela liphate, . . . tse lokelang ho lekanyetsoa feela ho monna le mosali lenyalong le halalelang.”
Khang e chesang holim’a taba ena ha e felle bolumeling feela. Lefatšeng ka bophara, ho tsohile khang ea lipolotiki e mahlo-mafubelu, hobane liphello sechabeng, lipolotiking le moruong, tse amang lipenshene, tokisetso e kopanetsoeng ea tlhokomelo ea bophelo le makhetho li khōlō haholo.
Litaba tse amang litokelo tsa sechaba le ho amoheloa ka molao hangata li rarahane ebile maikutlo a sechaba ha a tšoane litabeng tseo. Bakreste ba ’nete ba hlokolosi hore ba se jele paate ka ho qoba lingangisano tsa lipolotiki. (Johanne 17:16 )a Leha ho le joalo, ba bang ba hlomphang Bibele ba iphumana ba ferekane ka taba ena ea lenyalo la batho ba bong bo tšoanang le bosodoma. U talima lenyalo la batho ba bong bo tšoanang joang? Molao oa Molimo ke ofe ka lenyalo? Boikutlo ba hao bo na le tšusumetso efe kamanong ea hao le Molimo?
’Mōpi oa Rōna o Behile Molao
Ke khale ’Mōpi oa rōna a behile melao e laolang lenyalo le pele mebuso e qala ho le laola. Buka e qalang ea Bibele e ea re bolella: “Monna [o] tla siea ntat’ae le ’m’ae a khomarele mosali oa hae ’me e tla ba nama e le ’ngoe.” (Genese 2:24) Lentsoe la Seheberu “mosali,” ho latela Vine’s Expository Dictionary of Biblical Words, “le fana ka maikutlo a motho e motšehali.” Jesu o ile a tiisa hore batho ba kopantsoeng hammoho lenyalong e lokela ho ba “e motona le e motšehali.”—Matheu 19:4.
Kahoo, Molimo o ne a rerile hore lenyalo e be tlamo e sa feleng le e haufi-ufi pakeng tsa monna le mosali. Banna le basali ba entsoe ka tsela eo e mong e bang motlatsi oa e mong e le hore ba ka khona ho khotsofatsana maikutlong, moeeng le litlhokong le litakatsong tsa ho kopanela liphate.
Tlaleho e tsebahalang ea Bibele ka Sodoma le Gomora e senola maikutlo a Molimo ka bosodoma. Molimo o ile a re: “Mohoo oa pelaelo ka Sodoma le Gomora, e, o moholo, le sebe sa bona, e, se boima haholo.” (Genese 18:20) Ho hlepha ha bona boitšoarong nakong eo ho ile ha bonahala ha baeti ba babeli ba ne ba etetse Lota ea lokileng. “Banna ba Sodoma . . . ba pota-pota ntlo, ho tloha ho moshanyana ho ea ho monna-moholo, batho bohle e le mokhopi o le mong. Eaba ba ntse ba hoeletsa Lota ba re ho eena: ‘Banna ba tlileng ho uena bosiung bona ba hokae? Re ntšetse bona e le hore re kopanele liphate le bona.’” (Genese 19:4, 5) Bibele e re: “Banna ba Sodoma ba ne ba le babe ’me e le baetsalibe ba baholo khahlanong le Jehova.”—Genese 13:13.
Banna bao ba ne ba fetohile “ba chesitsoeng hampe takatsanong ea bona, ba batona le ba batona.” (Baroma 1:27) Ba ne ba ‘setse nama morao bakeng sa tšebeliso eo e seng ea tlhaho.’ (Juda 7) Linaheng tseo matšolo a litokelo tsa basodoma a atileng, ba bang ba ka ’na ba hana ho sebelisoa ha poleloana “eo e seng ea tlhaho” ho hlalosa boitšoaro ba basodoma. Leha ho le joalo, na Molimo hase eena moahloli ea nang le lentsoe la ho qetela ha ho tluoa litabeng tsa tlhaho? O ile a laela batho ba hae ba boholo-holo: “U se ke ua robala le e motona ho tšoana le ha u robala le mosali. Ke ntho e manyala.”—Levitike 18:22.
Ho Ikarabella ha Hao ho Molimo
Bibele e hlakile: Molimo ha a amohele kapa hona ho lumella boitšoaro ba bosodoma. Hape ha a amohele batho ba ‘lumellanang le ba tloaetseng ho bo etsa.’ (Baroma 1:32) ’Me “lenyalo” le ke ke la etsa hore bosodoma bo bonahale eka boa hlompheha. Tataiso ea Molimo ea hore “lenyalo le ke le hlomphehe har’a bohle” ha e akarelletse kamano ea bosodoma, eo a e nkang e le manyala.—Baheberu 13:4.
Ho ntse ho le joalo, ka thuso ea Molimo, mang kapa mang a ka ithuta ho ‘ila bohlola,’ bo akarelletsang liketso tsa bosodoma, ’me a “ruela sejana sa hae khalaletsong le tlhomphong.” (1 Bathesalonika 4:3, 4) Bonneteng, sena hase bonolo kamehla. Nathanb, eo pele a neng a phela bophelo ba bosodoma, o re: “Ke ne ke nahana hore nke ke ka hlola ke khaotsa.” Empa o ile a fetoha ka thuso ea “moea oa Molimo oa rōna.” (1 Bakorinthe 6:11) Joalokaha Nathan a sibolotse, ha ho bothata bo boholo hoo Jehova a ke keng a bo rarolla, eena ea ka fanang ka matla le thuso e hlokahalang ho finyella litekanyetso tsa Hae le ho fumana litlhohonolofatso tsa Hae.—Pesaleme ea 46:1.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Esita leha melao ea naha e hanana le matsoalo a tsona a koetlisitsoeng ke Bibele, Lipaki Tsa Jehova ha li kopanele mekolokong ea boipelaetso kapa matšolong leha e le afe a lipolotiki ho fetola melao e joalo.
b Hase lebitso la hae hantle.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 16]
Photo by Chris Hondros/Getty Images