Litsela Tse Hlano Tsa ho Fumana Mosebetsi
KE BO-MANG ba fumanang mosebetsi o motle ka ho fetisisa? Na kamehla ke motho ea tšoanelehang ka ho fetisisa bakeng sa mosebetsi? Brian, eo e leng setsebi sa khiro o re, “Che.” “Hangata mosebetsi o fumanoa ke motho ea khothalletseng ho batla mosebetsi.” U ka etsa’ng hore u be motho ea khothalletseng ho batla mosebetsi? A re hlahlobeng litlhahiso tse hlano.
E-ba ea Hlophisehileng
Haeba u lahlehetsoe ke mosebetsi o motle kapa e le nako u se u sa sebetse, ho bonolo ho nyahama. Katharina, serōki sa mese Jeremane, o re: “Qalong ha ke qeta ho lahleheloa ke mosebetsi, ke ne ke e-na le tšepo ea ho fumana o mong. Empa ha likhoeli li ntse li feta ’me ke sa fumane mosebetsi, ke ile ka tepella maikutlong. Qetellong, ke ne ke fumana ho bile ho le thata ho bua ka taba eo le metsoalle ea ka.”
U ka sebetsana joang le maikutlo a ho felloa ke tšepo? Buka e reng Get a Job in 30 Days or Less e fana ka tlhahiso ena: “Ke ntho ea bohlokoa haholo hore u iketsetse kemiso ea ‘mosebetsi oa letsatsi’ e le hore u ka qala letsatsi u tseba seo u lokelang ho se etsa.” Bangoli ba eona ba buella hore “letsatsi le leng le le leng u ipehele lipakane ’me u tlalehe seo u se entseng.” Ho phaella moo, ba re “letsatsi le leng le le leng u tlameha ho qala ka ho apara joalokaha eka u ea mosebetsing.” Hobane’ng? “Ha u apere hantle u ke ke ua ikhalala esita leha u bua ka thelefono.”
E, u tlameha ho ipha mosebetsi oa ho batla mosebetsi, ho sa tsotellehe hore na ho nka nako e kae. Katharina, ea boletsoeng pejana, o ile a sebetsa lintho ka tsela eo e nang le morero. O re: “Ke ile ka fumana liaterese le linomoro tsa lithelefono tsa bahiri ba batlang basebetsi ofising ea khiro. Ka araba liphatlalatso tsa likoranta. Ke ile a hlahloba buka ea lithelefono eaba ke etsa lethathamo la lik’hamphani tse ka ’nang tsa e-ba le mesebetsi e e-song ho phatlalatsoe, ebe ke iteanya le tsona. Hape ke ile ka lokisa lengolo le hlalosang tsebo ea mosebetsi le maemo a ka a thuto ’me ka le romela lik’hamphaning tsena.” Ka mor’a ho o batla ka mokhoa oo, Katharina o ile a fumana mosebetsi o loketseng.
Fumana Boitsebiso ka Mesebetsi e sa Phatlalatsoang
Motšoasi oa litlhapi ea nang le letlooa le leholo ka ho fetisisa ke eena ea tla tšoasa litlhapi. Kahoo, le uena, ha u ka tseba ho eketsa boholo ba “letlooa” la hao, u tla eketsa menyetla ea ho fumana mosebetsi. Haeba u batla mosebetsi ka ho arabela liphatlalatsong tsa likoranta le Inthaneteng feela, boholo ba mesebetsi e teng e ka ’na eaba bo ntse bo o pota ka thōko. Mesebetsi e mengata ha ho mohla e phatlalatsoang. Mesebetsi ee e sa phatlalatsoang u ka e fumana joang?
Ntle le ho latella mesebetsi e phatlalalitsoeng, joaloka Katharina, beke le beke u boetse u lokela ho behella ka thōko nako ea ho founela kapa ho ea libakeng tseo u nahanang hore li ka ba le mesebetsi eo u ka e etsang. U se ke ua ba emela hore ba phatlalatse hore ba na le mesebetsi. Haeba mookameli a bolela hore ha a na mosebetsi, mo botse hore na ha a tsebe ’nga e ’ngoe moo e ka ’nang eaba o teng le hore na ka ho khetheha u lokela ho bua le mang. Haeba a fana ka tlhahiso, kōpa ho bonana le batho ba k’hamphani eo, u bolele lebitso la motho ea itseng u iteanye le bona.
Tony, ea boletsoeng sehloohong se fetileng, o ile a fumana mosebetsi ka tsela ena. O oa hlalosa: “Ke ile ka qala ka ho ikisa lik’hamphaning le hoja li ne li sa phatlalatsa mesebetsi ea tsona. K’hamphani e ’ngoe e ile ea re ha ho na mosebetsi hona joale empa ke lokela ho leka hape ka mor’a likhoeli tse tharo. Ke ile ka ho etsa, ’me ka fumana mosebetsi.”
Primrose, ’mè ea se nang molekane oa Afrika Boroa, o ile a etsa se tšoanang. O re: “Ha ke ne ke ntse ke le thupelong ea thuso ea pele, ke ile ka hlokomela mohaho o mocha o neng o ntse o hahuoa ka mose oane ho tsela ’me ka fumana hore e tl’o ba lehae la tlhokomelo ea maqheku. Ke ile ka leka ka makhetlo ho iteanya le mookameli oa mohaho oo. Qetellong o ile a mpolella hore ha hajoale ha ho na mesebetsi. Leha ho le joalo, ke ’nile ka khutlela moo ho ea bona hore na nke ke ka ea sebetsa moo, esita leha ke ithaopile. Qetellong, ke ile ka hiroa ka nakoana. Ke ile ka ikitlaetsa ka matla mosebetsing leha e le ofe oo ke neng ke o fuoa. Ka lebaka leo, ke ile ka fumana tsebo e eketsehileng ’me ka fumana mosebetsi hona mohahong oo.”
U ka boetse oa botsa le metsoalle ea hao, ba lelapa le ba bang bao u ba tloaetseng hore ba u thuse ho fumana boitsebiso ka mesebetsi e sa phatlalatsoang. Ke kamoo Jacobus, ofisiri ea tšireletseho Afrika Boroa, a ileng a fumana mosebetsi kateng. O re: “Ha k’hamphani eo ke e sebeletsang e ne e oa, ke ile ka tsebisa metsoalle le ba lelapa hore ke ne ke batla mosebetsi. Ka letsatsi le leng motsoalle e mong o ile a utloa batho ba iqoqela ba le moleng oa ho ea lefa suphamaketeng. Mosali e mong o ne a botsa e mong hore na o tseba motho ea ntseng a batla mosebetsi. Motsoalle oa ka o ile a ba kena hanong ’me a bolella mosali eo ka ’na. Ho ile ha lokisetsoa hore re bonane le eena, ’me ka fumana mosebetsi.”
Ikemisetse ho Ikamahanya le Maemo
Hore u be le menyetla e eketsehileng ea ho fumana mosebetsi, o tlameha ho ikamahanya le maemo. Jaime, ea boletsoeng sehloohong se fetileng, o re: “Ho ke ke ha etsahala hore u fumane mosebetsi o nang le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e lebeletseng. Ho hlokahala u ithute ho khotsofalla mosebetsi o sa tšoaneng hantle le oo u neng u ka u rata.”
Ho ikamahanya le maemo ho ka ’na ha bolela ho tlohela ho khetholla mosebetsi ho ea ka hore na ke oa mofuta ofe. Nahana ka Ericka, ea lulang Mexico. Le hoja e ne e kile ea e-ba motsamaisi, qalong o ne a sa khone ho fumana mofuta oa mosebetsi oo a o ratang. O re: “Ke ile ka ithuta ho amohela mosebetsi leha e le ofe o loketseng. Ka nakoana ke ile ka sebetsa ke le morekisi. Ke ne ke boetse ke rekisa li-taco seterateng ’me ke hloekisa le matlo. Qetellong, ke ile ka fumana mosebetsi oo ke o tsebang.”
Ha mary, ea boletsoeng sehloohong se fetileng, a lahleheloa ke mosebetsi e le tlelereke, le eena ho ile ha hlokahala hore a ikamahanye le maemo. O oa hlalosa: “Ke ne ke sa tsitlallele ho fumana mofuta oa mosebetsi o tšoanang le oo ke neng ke o etsa. Ke ile ka batla mosebetsi o mong le o mong o hlahang, esita le haeba e ne e le oo ba bang ba neng ba ka re ke mosebetsi o tlaase. Ka lebaka leo, ke ile ka khona ho fumana mosebetsi oa hore ke phelise bana ba ka ba babeli.”
Fana ka Boitsebiso bo Ipiletsang ba Tsebo ea Mosebetsi
Ho ba batlang mesebetsi ea bookameli, ho ngola le ho fana ka boitsebiso ba thuto le phihlelo eo u nang le eona ea mosebetsi ke tlamo. Empa ho sa tsotellehe hore na u batla mosebetsi oa mofuta ofe, boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle ba tsebo ea mosebetsi e ka ba ba bohlokoa haholo. Nigel, setsebi sa mosebetsi Australia, o re: “Boitsebiso ba tsebo ea mosebetsi bo bolella motho ea ka ’nang a u hira hore na u finyelletse eng le hore na ke hobane’ng ha ba u hloka, eseng feela taba ea hore na u mang.”
Boitsebiso ba tsebo ea mosebetsi u bo ngola joang? Fana ka lebitso la hao ka botlalo, aterese, nomoro ea mohala le aterese ea e-mail. Bolela sepheo sa hao. Thathamisa hore na u fumane thuto e kae, u totobatsa koetliso leha e le efe le tsebo e amanang le mosebetsi oo u o batlang. Fana ka makolopetso a phihlelo ea mosebetsi oa pele. U se ke ua fana feela ka seo u se entseng empa fana le ka mehlala ea lipakane tseo u li finyeletseng le melemo eo u tlileng le eona ho batho ba neng ba u hirile pele. Hape totobatsa lintlha tsa mosebetsi oa hao oa pele tse u etsang hore u tšoanelehele mosebetsi oo u o batlang hona joale. Kenyelletsa boitsebiso ba botho bo hlalosang litšoaneleho tsa hao, lintho tseo u li thahasellang le tseo u ratang ho itlosa bolutu ka tsona. Kaha litlhoko tsa lik’hamphani ha li tšoane, u ka ’na ua tlameha ho fetola boitsebiso ba hao ba tsebo ea mosebetsi bakeng sa kōpo e ’ngoe le e ’ngoe ea mosebetsi.
Na u lokela ho hlahisa boitsebiso ba tsebo ea mosebetsi haeba u qala ho batla mosebetsi? E! E ka ’na eaba ho na le lintho tse ngata tseo u li entseng tse ka nkoang e le phihlelo ea mosebetsi. Ka mohlala, na u na le mesebetsi eo u itlosang bolutu ka eona, e kang ea ho betla mapolanka kapa mohlomong ho lokisa likoloi tsa khale? Li ka thathamisoa. Na u kile ua etsa mosebetsi oa boithaopo? Thathamisa mofuta oa mosebetsi oa boithaopo oo u o entseng le lipakane tseo u li finyeletseng.—Bona lebokose la “Sampole ea Boitsebiso ba Tsebo ea Mosebetsi bakeng sa ba se Nang Phihlelo ea Mosebetsi.”
Haeba u sa khone ho buisana le eo e ka bang mohiri oa hao, siea karete e nyenyane—ha ho khoneha e be e boholo ba lisentimithara tse 10 bophara le tse 15 bolelele—e nang le lebitso la hao, aterese, nomoro ea mohala, aterese ea e-mail hammoho le kakaretso e khutšoanyane ea tsebo ea hao ea mosebetsi le seo u se finyelletseng. Kareteng eo ka morao, haeba ho loketse, u ka beha le foto ea hao kapa ea hao le lelapa la hao kapa leno. Abela bohle ba ka ’nang ba u thusa ho fumana mosebetsi karete ena, u ba kōpe hore ba e fe mang le mang eo ba mo tsebang ea fanang ka mofuta oa mosebetsi oo u o batlang. Ha motho eo e ka ’nang ea e-ba mohiri oa hao a bona karete ena, a ka ’na a batla ho u hlahlobela mosebetsi—mohlomong u qetelle u fumane mosebetsi!
Ho lokisa boitsebiso ba tsebo ea mosebetsi ho tla u thusa hore u ikutloe u e-na le taolo ha u batla mosebetsi. Nigel, ea boletsoeng pejana, o re: “Ho ngola boitsebiso ba tsebo ea mosebetsi ho u thusa ho hlophisa menahano le lipakane tsa hao. Ho boetse ho u thusa hore u itšepe ka ho u thusa hore u itokiselletse lipotso tseo u ka ’nang ua li botsoa ha u hlahlobeloa mosebetsi.”—Bona lebokose le leqepheng la 7.
Itokisetse Hantle Bakeng sa ho Hlahlobeloa Mosebetsi
Ho ameha eng tabeng ea ho itokiselletsa ho hlahlobeloa mosebetsi? U ka ’na ua rata ho batlisisa ka k’hamphani eo u lakatsang ho e sebeletsa. Ha u tseba haholoanyane ka k’hamphani, u tla ba le tšusumetso e khōloanyane ha u hlahlobeloa mosebetsi. Patlisiso ea hao e tla boetse e u thusa ho fumana hore na k’hamphani eo e hlile e na le mofuta oa mosebetsi oo u o batlang kapa ke eo u batlang ho e sebeletsa na.
Hape, nahana ka hore na u tla apara eng ha u il’o hlahlobeloa mosebetsi. Haeba mosebetsi oo u o batlang e le oa matsoho, apara liaparo tse loketseng tse makhethe, tse hloekileng. Moaparo o makhethe le ho itlhopha hantle o bolella motho ea ka ’nang a u hira hore u motlotlo ka uena le hore mohlomong u ka ’na ua ba motlotlo ka mosebetsi oa hao. Haeba u batla ho ea sebetsa ofising, khetha liaparo tse itekanetseng tse nkoang li loketse mosebetsi oo sebakeng seo u lulang ho sona. Nigel o re: “Khetha liaparo tsa hao nako e telele pele u il’o hlahlobeloa mosebetsi e le hore u se ke ua tlameha ho khetha ka lepotlapotla ’me hoo ha u bakela khatello ea kelello ho sa hlokahale pele u hlahlobeloa mosebetsi.”
Nigel o boetse o buella hore ha u il’o hlahlobeloa mosebetsi u fihle pele ho nako ka metsotso e 15. Le teng hase bohlale ho tsohella haholo. Empa ho fihla ka mor’a nako hona e ka ba mehau feela. Litsebi li re metsotsoana e meraro ea pele ha u hlahlobeloa mosebetsi ke ea bohlokoa. Nakong eo e khutšoanyane, motho ea u hlahlobelang mosebetsi u kala moaparo oa hao le boitšoaro ba hao, e leng tse amang ka ho teba maikutlo a hae ka uena. Haeba u fihla ka mor’a nako u se u ntse u ipehile ka mosing le ho feta. Hopola, ha ho na monyetla o mong oa ho lokisa maikutlo ao u faneng ka oona lekhetlo la pele.
Hape, hopola hore motho ea u hlahlobelang mosebetsi hase sera sa hao. Etsoe, e ka ’na eaba le eena o ile a tlameha ho etsa kōpo ea mosebetsi oa hae, kahoo oa tseba hore na u ikutloa joang. Ha e le hantle, e ka ’na eaba o tšohile, kaha e ka ’na eaba o koetlisitsoe hanyenyane kapa ha aa koetlisoa ho hang hore na a hlahlobe motho joang. Ho phaella moo, haeba motho ea u hlahlobelang mosebetsi ke mohiri, a ka ’na a lahleheloa haholo haeba a ka khetha motho ea fosahetseng bakeng sa mosebetsi oo.
Hore u qale hantle, bososela ’me u tšoare motho ea u hlahlobelang mosebetsi ka letsoho ka tieo, haeba eo e le tumeliso e tloaelehileng. Nakong ea tlhahlobo ena, tsepamisa maikutlo ho seo mohiri a se hlokang ho uena le tsebo eo uena u ka fanang ka eona. Mabapi le lintho tseo u lokelang ho li qoba, Nigel o re: “Tlohela ho itšoara ka tsela e bontšang ho hloka botsitso kapa ho lula ka tsela e bontšang botsoa—ho lula hantle ho bontša hore u ua itšepa. Se ke ua lokoloha ho tlōla tekano kapa ua bua haholo, ’me ho hang u se ke ua ba ua sebelisa puo e litšila. Hape, qoba ho bua hampe ka bahiri ba hao ba pele le batho bao u neng u sebetsa le bona—haeba u ba bua hampe, motho ea u hlahlobelang mosebetsi a ka ’na a ba le maikutlo a hore le mosebetsing ona ho tla ba joalo.”
Mabapi le lintho tseo u lokelang ho li etsa le ho li bua nakong ea ho hlahlobeloa mosebetsi, litsebi li buella se latelang: Sheba motho ea u hlahlobelang mosebetsi ka mahlong, itšisinye ka tsela ea tlhaho ha u bua, ’me u bue ka ho hlaka. Bua ka bokhutšoanyane ’me u tšepahale ha u araba lipotso, ’me u botse lipotso tse loketseng ka k’hamphani eo le ka mosebetsi oo u o lebeletseng. Qetellong ea ho hlahlobeloa mosebetsi, haeba u ntse u batla mosebetsi, u kōpe. Ho etsa joalo ho tla bontša cheseho ea hao.
Ka ho latela litlhahiso tse boletsoeng ka holimo, u ka ’na ua fumana mosebetsi kapele. Haeba ho e-ba joalo, u ka etsa’ng ho eketsa menyetla ea ho o boloka?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]
Sampole ea Lengolo la Tsebo ea Mosebetsi ho ba se Nang Phihlelo ea Mosebetsi
Lebitso la Hao:
Aterese ea Hao:
Nomoro ea Hao ea Thelefono le Aterese ea E-mail:
Sepheo: Ho batla mosebetsi leha e le ofe o tlaase-tlaase oa ho hlahisa lintho.
Thuto: Ke qetile Sekolong se Phahameng sa Bolela Lebitso ka 2004.
Lithupelo: Tsebo ea Lipuo, ea lipalo, ea lik’homphieutha, ea ho ruta ho sebetsa ka lepolanka.
Tsebo le Bokhoni: Ke tseba ho sebetsa hantle ka matsoho. Kamehla ke itokisetsa koloi ea lelapa. Ke iketselitse litulo tsa lepolanka le tafole lapeng. Ke thabela ho sebelisa tsebo ea ka ea lipalo ha ke etsa fenishara. Ke ile ka rulela kahong e ’ngoe moo ke neng ke le moithaopi. Nka sebelisa mefuta e mengata ea lik’homphieutha ’me ke thabela ho ithuta mananeo a macha.
Boitsebiso ba Botho: Ke motho ea tšeptjoang—ke ile ka lofa habeli feela sekolong selemong sa ka sa ho qetela. Ke na le ’nete—ke ile ka khutlisa sepache se lahlehileng se nang le chelete. Ke na le botsoalle—kamehla ke kopanela mosebetsing oa boithaopo motseng ’me ke thabela ho thusa ba hōlileng. Liatleletiki—ke rata ho bapala basketball. Mosebetsi oa ho itlosa bolutu—ke thabela ho lokisa likoloi le ho sebetsa ka lepolanka.
Batho ba ka U Pakelang: Ba tla fumaneha ha ba batloa.a
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Batho ba ka u pakelang bao ho ka iteanyoang le bona ba akarelletsa tichere e u tsebang hantle kapa motsoalle oa lelapa ea nang le khoebo. Hore u fane ka mabitso ana ha a batloa, u ka fumana pontšo esale qalong hore motho eo e ka ’nang ea e-ba mohiri oa hao e ka ’na eaba u thahasella ho u hira. Etsa bonnete ba hore u fumana tumello ea bao u ba thathamisang e le ba u pakelang.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]
Lipotso Tseo U ka ’Nang Ua li Botsoa ha U Hlahlobeloa Mosebetsi
❑ Ke hobane’ng ha u entse kōpo ea mosebetsi oo?
❑ Ke hobane’ng ha u batla ho sebeletsa k’hamphani ee ka ho khetheha?
❑ U tseba eng ka mosebetsi oo/k’hamphani/ indasteri ee?
❑ Na u kile ua etsa mofuta oa mosebetsi oo pele?
❑ Ke mechine ea mofuta ofe eo u tsebang ho e sebelisa?
❑ Ke phihlelo efe eo u bileng le eona mosebetsing oo?
❑ U na le tsebo efe e tla re tsoela molemo ha u ka fumana mosebetsi oo?
❑ Ak’u itlhalose hore na u motho oa mofuta ofe.
❑ Ke mantsoe afe a mahlano ao u ka reng a u hlalosa hamolemohali?
❑ Na u ka sebetsa tlas’a khatello?
❑ Ke hobane’ng ha u tlohetse moo u neng u sebetsa teng?
❑ Ke hobane’ng ha u ne u sa sebetse nako e telele hakaale?
❑ Maikutlo a mohiri oa hao a ho qetela ka uena e ne e le afe?
❑ U ile ua lofa hakae mosebetsing oa hao o fetileng?
❑ U rerile eng bakeng sa nako e tlang?
❑ U ka qala mosebetsi neng?
❑ Ke mesebetsi efe eo u ipabolang ho eona?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 9]
Ho Thoe’ng ka Mekhatlo e Inthaneteng ea ho Batlela Batho Mesebetsi?
O mong oa mekhatlo e meholohali e Inthaneteng ea ho batlela batho mosebetsi United States, o na le mangolo a tsebo ea mosebetsi a batho ba limilione tse 17 a thathamisitsoeng bakeng sa hore bahiri ba a hlahlobe, ’me o thathamisitse mesebetsi e ka bang 800 000 bakeng sa batho ba batlang mosebetsi. Liphuputso li bontša hore batho ba ka etsang liphesente tse 96 linaheng tse ling ba batla mesebetsi ba sebelisa Inthanete. Leha ho le joalo, patlisiso e bokeletsoeng ke litsebi tse tsoang linaheng tse 40 e bontša hore ke liphesente tse hlano feela tsa batho ba batlang mesebetsi ba hlileng ba fumanang mosebetsi ka mocha ona.
Ho kenya boitsebiso ba tsebo ea hao ea mosebetsi Inthaneteng ho eketsa lenane la batho ba ka ’nang ba u hira ba tsebang hore u batla mosebetsi, empa ho hlokahala hore u be hlokolosi. Hape ho eketsa le menyetla ea hore u qhekelloe. E le ho itšireletsa ho qhekelloeng hona, litsebi tsa indasteri li fana ka keletso e latelang:
1. Bala leano le patehileng la mokhatlo o Inthaneteng o batlelang batho mosebetsi pele u ba fa boitsebiso ba hao ba tsebo ea mosebetsi. Mecha e meng ea mesebetsi e rekisetsa lik’hamphani tse ngata kapa batho ba bang ba nang le thahasello boitsebiso ba hao ba botho.
2. Kenya boitsebiso ba hao mecheng e seng mekae feela e nang le botumo bo botle. Ke habohlokoa hore u sireletse boitsebiso ba hao ba botho ho thibela hore bo sebelisoe hampe. Boitsebiso boo u fanang ka bona ba tsebo ea mosebetsi le ka mohla ha boa lokela ho ba le boitsebiso ba boitsebahatso boo masholu a ka bo utsoang eaba bo u bakela khathatso e sa feleng ea lichelete. Bahiri ba ’nete ha ho hlokahale hore ba tsebe nomoro ea ak’haonte ea hao ea banka, nomoro ea karete ea ho reka ka sekoloto, kapa letsatsi la hao la tsoalo.
3. Hlokomela ba fanang ka mesebetsi ea bohata. Pam Dixon, mofuputsi ea sebetsang le Setsi se Ikemetseng sa Lefatše, o bolela hore ha mosebetsi e le o akaretsang, hangata ha se oa ’nete. O phaella ka hore: “Mantsoe a sa hlakang joaloka ‘Re na le mesebetsi e likete’ kapa ‘Re sebetsa le lik’hamphani tse khōlō’ ke tlhokomeliso ea hore kotsi e teng. Ho kōptjoa hore u romele kopi e ncha ea boitsebiso ba hao ba tsebo ea mosebetsi, le hona ho ka bolela khathatso.”
Hopola, esita le mecha e nang le botumo bo botle ea mesebetsi e ke ke ea laola se etsahalang boitsebisong ba hao ba tsebo ea mosebetsi bo nkiloeng ke eo e ka ’nang ea e-ba mohiri kapa motho e mong ea thahasellang.
[Setšoantšo se Qanollang/Setšoantšo se leqepheng la 5]
MOSEBETSI
Itokisetse ho Hlahlobeloa Mosebetsi Hantle
Hlahisa Lengolo le Ipiletsang la Tsebo ea Mosebetsi
Ikamahanye le Maemo
Fumana Mesebetsi e sa Phatlalatsoang
E-ba ea Hlophisehileng
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ho Fumana mosebetsi ho hloka ho phehella le patlisiso e matla
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Ho nka lintho ka botebo ho tla u thusa ha u hlahlobeloa mesebetsi