Bacha Baa Botsa . . .
Ke Hobane’ng ha ke Khahloa ke Batho ba Fosahetseng?
“Ke ne ke tseba hore ha kea lokela ho tloaelana haholo le eena, empa ka ’na ka tsoela pele. Ke ne ke sa kholoe hore ho ka ba le mohlankana ea ka ratang ho qeta nako le ’na.”—Nancy.a
“Ke ne ke rata ho ea ke le mong sebakeng sa ho thelelisa ka li-“roller-skate” ’me kapelenyana ka qala ho ba le ‘metsoalle’ eo ke neng ke qeta nako le eona. Kapelenyana ke ne ke se ke phela bophelo ba boitšoaro bo bobe.”—Dan.
NANCY le Dan ba ne ba qalile ba le matla moeeng. Nancy o hōliselitsoe lelapeng le tšabang Molimo ’me o ile qala ho arolelana le ba bang tumelo ea hae a le lilemo li robong. Dan o ile a kenela tšebeletso ea nako e tletseng le pele a ba lilemo li 20. Leha ho le joalo, ka bobeli ba bile le mathata bophelong ba bona ba moea. Hobane’ng? Ba ile ba tloaelana le batho ba fosahetseng.
Na u se u kile ua iphumana u hohetsoe u sa lebella ke motho e mong eo u neng u mo tseba, feela botebong ba pelo u tseba hore o na le tšusumetso e mpe ho uena? Motho eo e ka ’na eaba e ne e le seithuti-’moho le uena eo le neng le thahasella lintho tse tšoanang—kapa motho oa bong bo fapaneng le ba hao eo u neng u ikutloa u mo rata.
Mohlomong u ile ua hopola keletso ea Bibele e reng: “Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.” (1 Bakorinthe 15:33) Empa na batho bohle ba sa rapeleng Jehova ke litloaelano tse mpe? Ho thoe’ng haeba ba e-na le litšoaneleho tse ratehang, le tse babatsehang? Hape ho thoe’ng ka motho eo e leng molumeli-’moho empa a sa behe mohlala o motle? Pele re araba lipotso tsena, a re hlahlobeng hore na khoheli ena e ba teng joang le hore na ke hobane’ng e ka ba teng.
Khoheli e Bakoa ke Eng?
Kaha batho kaofela ba entsoe ka setšoantšo sa Molimo, ho ka lebelloa hore ba bang ba sa tsebeng Jehova ba bonahatse litšoaneleho tse ntle. Ka lebaka leo, u ka ’na ua fumana batho ba bang ba hlompheha, ba bile ba rateha, le hoja ba sa rapele Molimo oa ’nete. Na u lokela ho qoba batho ba joalo ka ho feletseng hobane feela ba sa tloaelana le linnete tsa Bibele? Le hanyenyane. Ha Bibele e eletsa hore “re sebetseng se molemo ho bohle,” seo se akarelletsa le ba sa lumeleng seo u se lumelang joaloka Mokreste. (Bagalata 6:10) Kahoo ho ba hlokolosi ka ho khetha hore na metsoalle ea hao e haufi-ufi e ba bo-mang ha ho bolele hore u lokela ho itšoara joalokaha eka u phahametse ba bang. (Liproverbia 8:13; Bagalata 6:3) Boitšoaro bo joalo bo ne bo tla hlahisa litumelo tsa hao tsa Bokreste hampe.
Leha ho le joalo, bacha ba bang ba Bakreste, ho e-na le ho ba botsoalle feela, ba tlōtse meeli ka ho ba haufi-ufi le batho ba sa thahaselleng lintho tsa moea ho hang kapa ba li thahasellang hanyenyane. Dan, ea boletsoeng pejana, e ne e bile sebapali se setle haholo sa ho thelelisa ka li-roller skate. Batho bao a neng a atisa ho qeta nako le bona sebakeng seo e ne e se Bakreste. Qetellong, Dan o ile a kopanela le “metsoalle” eo ea hae e mecha boitšoarong bo bobe le ho sebeliseng lithethefatsi. Ha a hlokomela hore tsela eo a phelang ka eona ha e sa lumellana le Bokreste, Dan o ile a tlohela tšebeletso ea hae ’me a khaotsa ho ea libokeng tsa phutheho. Ho fetile lilemo tse ’maloa pele a iphumana ’me a etsa liphetoho tse hlokahalang hore a boele borapeling bo nepahetseng.
Melanie o ile a khahloa ke molumeli-’moho le eena ea sa tsoeleng pele hantle moeeng. Melanie oa hlalosa: “Ke ile ka bolelloa hore o hloka khothatso e itseng, kahoo ka qala ho tloaelana le eena.” Ke ’nete hore Bibele e khothalletsa Bakreste hore ba “tšehetse ba fokolang.” (1 Bathesalonika 5:14) Empa Melanie o ile a qala ho kopana le motsoalle enoa e mocha libareng, moo ho tloaelana ha hae le ba bang ho ileng ha lebisa boitšoarong bo nyonyehang.
Karolo ea Lelapa
Boemo lapeng e ka ba sesosa sa ho khahloa ke mofuta ona oa batho. Michelle o ne a ipotsa kamehla hore na ke hobane’ng ha kamehla a khahloa ke bashanyana ba se nang kutloelo-bohloko ba bile ba sa tsotelle. O ile a qeta ka hore ba mo hopotsa ntat’ae, eo ho seng mohla a kileng a ikutloa a le haufi le eena le eo ho seng mohla ho bonahalang eka o ne a e-na le nako ea hae. O lumela hore o ne a se a tloaetse ho batla ho ratoa le ho eloa hloko ke motho ea sa mo tsotelleng hoo, a sa hlokomele, a neng a hoheloa kamanong tse joalo.
Ka lehlakoreng le leng, mocha ea hōlisitsoeng ke batsoali ba Bakreste a ka ’na a thahasella ho tseba hore na ba bang ba phela joang, a e-na le maikutlo a hore batsoali ba hae ba ’nile ba mo sireletsa ho tlōla. Ebang ho joalo kapa che, na ho leka ho tloaelana le ‘metsoalle ea lefatše’ ho tla koala sekheo seo? (Jakobo 4:4) Nahana ka se ileng sa etsahalla Bill.
Le hoja a ile a rutoa Mangolo ke ’mè oa hae, Bill o ile a khetha ho se nehele bophelo ba hae ho Jehova, ka maikutlo a hore ho etsa joalo ho tla sitisa bolokolohi ba hae. Ka ho batla ho latsoa hore na ho joang ho phela ka tsela e fapaneng le ea Bokreste ba ’nete, o ile a qala ho tloaelana le kenke e ileng ea mo kenya bophelong ba lithethefatsi, pefo le tlōlo ea molao. Ka lebaka la koloi e neng e le lebelong le holimo ka lebaka la ho lelekisoa ke mapolesa, o ile a tsoa likotsi ’me a qeta likhoeli a akhehile. Lingaka li ne li e-na le maikutlo a hore a ke ke phela. Ka lehlohonolo, Bill o ile a hlaphoheloa. Empa o foufetse ebile o holofetse. O ithutile habohloko ’me hona joale ke Mokreste ea inehetseng. Empa Bill o boetse o hlokometse hore ho ithuta haboima ho ka ba le liphello tsa bophelo bohle.
Litšusumetso Tse Ling
Ka linako tse ling mecha ea boithabiso e susumetsa khopolo ea mocha mabapi le hore na motsoalle oa sebele ke ea joang. Ka mohlala, ke ntho e tloaelehileng hore libuka, mananeo a thelevishene, libaesekopo le livideo tsa ’mino li hlahise mohale qalong e le motho ea bonahalang a le khopo kapa ea borehileng, empa qetellong li mo hlahise e le motho eo ha e le hantle a nang le kutloelo-bohloko. Batho ba fuoa maikutlo a hore batho ba bonahalang ba hloka kutloelo-bohloko ebile e le baikhabi, ha e le hantle ke batho ba amehang ka ba bang ebile baa tsotella. Ho feta moo, khopolo e fetisoang e ka ’na ea e-ba hore motsoalle oa sebele, eo hangata e leng motho oa bong bo fapaneng, ke eena ea hlokahalang ho hlahisa litšoaneleho tsena tse ntle. Khopolo ena e fuoang batho e etsa hore ba rate lipale tsena. Empa u nahana hore ke hangata hakae lerato le joalo e bang ’nete bophelong ba sebele? Ka bomalimabe, bacha ba bang ba bile le khopolo e fosahetseng joalo ’me ba etsa setsoalle—esita le ho nyalana—le batho ba baithati, ba mabifi, ebe joale ba letela se ke keng sa etsahala e leng hore motho a “fetohe” e be ea seng a e-na le kutloelo-bohloko.
Hlahloba lebaka le leng hape la hore na ke hobane’ng ha ba bang ba khahloa ke batho ba fosahetseng: Ba inka ba sa ratehe ’me kahoo ba amohela leha e le mang eo ho bonahalang a ba khahlehela. Nancy, ea boletsoeng pejana, o ne a tseba hore na Bibele e re’ng ka ho nyala “feela Moreneng.” (1 Bakorinthe 7:39) Empa kaha o ne a inka a sa khahlehe o ile a nkeha maikutlo ha mosebetsi-’moho le eena eo e seng molumeli-’moho le eena a bontša hore o oa mo rata. O ile a qala ho intša le eena ’me ha sala hanyenyane feela hore a oele boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate.
Joalokaha liphihlelo tse ka holimo li bontša, ho na le mabaka a mangata a ka etsang hore mocha oa Mokreste a ikutloe a khahloa ke batho ba nang le tšusumetso e mpe—’me ho bonahala ho e-na le litsela tse ngata tsa ho ipehela mabaka a ho theha setsoalle se haufi-ufi le batho ba joalo. Ho ntse ho le joalo, setsoalle sa mofuta oo se hlahisa liphello tse sithabetsang le tse kotsi tse ke keng tsa qojoa. Hobane’ng?
Matla a Setsoalle
’Nete ke hore u qetella u tšoana le metsoalle ea hao. Ka tsela ena bao re qetang nako le bona ba ba le tšusumetso e matla ho rōna. Liproverbia 13:20 e bontša hore tšusumetso ena e ka ba molemo kapa ea e-ba kotsi: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.” Joaloka batho ba palameng koloi e le ’ngoe, metsoalle e haufi-ufi e nka tsela e tšoanang ’me e fella nģa e le ’ngoe. Kahoo, ipotse: ‘Na tsela ee eo motsoalle oa ka a e nkileng e ea moo ke batlang ho ea? Na e tla nkatametsa haufi le lipakane le litabatabelo tsa ka tsa moea?’
Ke ’nete hore ho ka ba thata ho itlhahloba ka botšepehi. Ho ka ’na ha ameha maikutlo a matla. Empa na maikutlo ka booona ke tataiso e tšepahalang tabeng ea ho khetha metsoalle? E ka ’na eaba o utloile keletso ena hangata, “Mamela pelo ea hao.” Empa Liproverbia 28:26 e re: “Ea tšepang pelo ea hae o hloka kelello.” Hobane’ng? Hobane “pelo e bolotsana ho feta ntho leha e le efe ’me e tsitlella seo e se batlang.” (Jeremia 17:9; Numere 15:39) Ho ba bolotsana ke ho se tšepahale kapa ho bua leshano kapa ho ba moeki. Na u ka tšepa motho ea tsebahalang e le lemenemene le lehlabaphio? Lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso li ka re thetsa. Kahoo, hase hore botsoalle bo botle feela hobane motho a utloa bo nepahetse.
Tataiso e tšepahalang haholoanyane ke Lentsoe la Molimo. Ho fapana le pelo ea hao e sa phethahalang, melao-motheo ea Bibele le ka mohla e ke ke ea u eka kapa ea u soetsa. Melao-motheo ea Bibele e ka u thusa joang hore u fumane hore na motho e ka ba motsoalle ea molemo kapa che? Hona u ka qoba joang ho etsa khetho e mpe ha u khetha motsoalle oa bophelo bohle—e leng molekane oa lenyalo? Lipotso tsena li tla hlahlojoa sehloohong se tlang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a fetotsoe.
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Mecha ea phatlalatso e ka re susumetsa mabapi le hore na re nka metsoalle ea sebele e le e joang