Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 9/8 maq. 26-27
  • Bacha ba Fanang ka Bopaki bo Matla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bacha ba Fanang ka Bopaki bo Matla
  • Tsoha!—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova o Tšepisa Daniele Moputso o Babatsehang
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
  • Buka ea Daniele le Uena
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
  • U ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Daniele?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • O Matlafatsoa ke Lenģosa le Tsoang ho Molimo
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 9/8 maq. 26-27

Bacha ba Fanang ka Bopaki bo Matla

Bacha ba bangata har’a Lipaki Tsa Jehova ba bua ka sebete ka tumelo ea bona sekolong le tšebeletsong ea Bokreste, ’me ba bile le katleho e khōlō ho etseng joalo. Nahana ka mehlala e latelang.a

Kristina o re, “Ha ke ne ke le sehlopheng sa boraro, tichere e ile ea fa e mong le e mong oa rōna buka ea ho ngolla lintlha eo ho eona re neng re lokela ho ngola ka mesebetsi ea rōna ea letsatsi le letsatsi. Tichere e ne e ee e bale libuka tseo tsa rōna ebe e li khutlisetsa ho rōna e ngotse ho hong. Ke ile ka etsa qeto ea ho ngola ka puo ea ka e tlang ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Tichere e ile ea bonahala e khahliloe, kahoo ka e memela Holong ea ’Muso ho tla mamela puo ea ka. E ile ea tla ea ba ea tla le tichere ea ka ea ha ke ne ke le sehlopheng sa pele. Hamorao ha re le sekolong, tichere e ile ea bolella tlelase kaofela kamoo e ileng ea thabela puo ea ka kateng. Ke ile ka thaba haholo. Empa ha ho felle moo. Hoo e ka bang selemo hamorao, ke ile ka pheta phihlelo eo kopanong ea potoloho ea Lipaki Tsa Jehova, ’me tichere ea ka e ile ea tla le kopanong eo. Hamorao, ’na le motsoalle oa ka oa pula-maliboho re ile ra e etela ’me ra e fa buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. E bile ea tla le ho e ’ngoe ea likopano tsa rōna tsa setereke!”

Ha a le lilemo li tšeletseng, ka sebete Sydnee o ne a tloaetse ho bua ka sebete le liithuti-’moho le eena ka linnete tsa Lentsoe la Molimo, ho akarelletsa le boemo ba bafu le boemo ba Jesu kamanong le Molimo. ’Mè oa hae o re, “Esale e le mosebeletsi e monyenyane ea chesehang le ea se nang tšabo.” Bofelong ba selemo sa hae sa pele sekolong, Sydnee o ile a ntša maikutlo a hae a bontšang hore o khathatsehile. O ile a re: “Ke khathatsehile ka liithuti-’moho le ’na. Ba tla ithuta ka Jehova joang?” Sydnee o ne a nahanne ka ho hong. Letsatsing la ho qetela la sekolo, o ile a fa e mong le e mong mpho e phuthetsoeng. E ne e le Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele. Sydnee o ile a aba libuka tse 26 kaofela, a bolella liithuti hore ba ka phutholla limpho tsa bona ha ba fihla hae le batsoali ba bona. Sydnee o nka liithuti-’moho le eena e le tšimo eo a e abetsoeng. O bile a ba letsetsa mohala ho utloa hore na ba thabetse buka eo na. Ngoanana e mong o itse o e bala bosiu bo bong le bo bong le ’mè oa hae.

Ha a le lilemo li 15, Ellen o ile a fa tichere ea hae ea histori litokollo tse ’maloa tsa Tsoha! Ellen o re “o ne a li rata haholo, ’me hona joale ke selemo sa bobeli a bala Tsoha!” Ellen o tsoela pele: “Ke sa tsoa mo fa Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele, ’me o mpoleletse hore barali ba hae ba babeli ba e thabela haholo. Eaba joale ke mo fa buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo. Hamorao, o ile a mpha karete. E ne e re: ‘Ke u leboha haholo ka libuka tsena. ’Na le barali ba ka rea li bala. Ho thabisa haholo ho bona mocha ea kang uena a tsepamisitse maikutlo a hae tabeng a bile a tsitsitse. Ha ho mpho e ka bapisoang le mpho ea tumelo ea hao. U nthutile ho feta kamoo ke neng nka u ruta kateng!’ Phihlelo ena e mpontšitse kamoo batho ba ananelang ’nete ea Bibele kateng ha re etsa boiteko ba ho e isa ho bona.”

Daniel o ne a le lilemo li tšeletseng ha a qala ho ba le thuto ea Bibele. O re: “Ke ne ke ile ka ea le ’Mè lithutong tsa hae, empa le ’na ke ne ke batla hore ke be le motho eo ke ithutang le eena.” Daniel o ile a khetha Mofumahali Ratcliff—e leng mosali-moholo eo a ileng a mo siela lingoliloeng tsa Bibele. O ile a re ho eena, “Ke batla ho u bontša buka eo ke e ratang ka ho fetisisa, Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele,” a phaella ka ho re: “Nka rata ho tseba hore na nka tla beke e ’ngoe le e ’ngoe ka tla u balla eona.” Mofumahali Ratcliff o ile a amohela kōpo eo ea Daniel. Laura, ’mè oa Daniel, o re: “Re ile ra qala ho bala le Mofumahali Ratcliff hamorao hona letsatsing leo. Daniel le Mofumahali Ratcliff ba ne ba fapanyetsana ho bala lirapa, ebe joale Daniel o re a bale mangolo a khethiloeng a qetellong ea pale ka ’ngoe. Ke ne ke tsamaea le Daniel, empa ho bonahala Mofumahali Ratcliff a ne a ikemiselitse ho buisana le eena feela ka litaba tsena!” Ka mor’a nako e itseng, Daniel le Mofumahali Ratcliff ba ile ba qala ho ithuta buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Ka nako eo khaitseli ea Daniel e nyenyane, Natalie, e ne e se e hōlile ka ho lekaneng hore e ka bala, eaba e kopanela le eena thutong. Mofumahali Ratcliff o ne a e-na le lipotso tse ngata—tse ling tsa tsona li le thata haholo. Empa Daniel le Natalie ba ne ba sebelisa bukana ea Lihlooho Tsa Bibele Tsa Puisano le tlhahlamano ea mantsoe a sehlooho ka qetellong ea Bibele ho ba thusa ho fana ka likarabo tsa Mangolo. Mofumahali Ratcliff, eo e bileng Mok’hatholike bophelo bohle ba hae, o ne a hloletsoe ke seo a ithutang sona. Qetellong ea thuto e ’ngoe o ile a re: “Ke lakatsa eka nka be ke ile ka qala ho ithuta Bibele lilemong tse fetileng!” Ka bomalimabe, Mofumahali Ratcliff o ile a hlokahala haufinyane a le lilemo li 91. Empa ho ithuta Bibele ho mo nolofalelitse ho tloaelana le linnete tsa bohlokoa, ho akarelletsa le tšepo ea Bibele ea ho tsohela paradeiseng lefatšeng. Hona joale Daniel o lilemo li leshome ’me o khanna lithuto tse peli tsa Bibele. Hona joale Natalie o lilemo li robeli, o ithuta Bibele le ngoana e mong eo e leng thaka ea hae.

Bacha ba kang Kristina, Sydnee, Ellen, Daniel le Natalie ba thabisa batsoali ba bona ba Bakreste. Habohlokoa le ho feta, ba thabisa pelo ea Jehova, ’me a ke ke a lebala lerato leo bacha ba le bontšang ka lebaka la lebitso la hae.—Liproverbia 27:11; Baheberu 6:10.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lingoliloeng tsohle tseo ho builoeng ka tsona sehloohong sena li hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Kristina (ka holimo) le Sydnee

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Daniel le Natalie

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Ellen

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela