Ntoa e Ileng ea Fetola Bophelo ba Ka
JOALOKAHA HO BOLETSE MICHAEL MOLINA
Koranta ea sesole e bitsoang “Tester,” ea Maryland, U.S.A. e ile ea re: ‘Rephabliki ea Viet Nam e ile ea tlotla Ofisiri e Tlaasana ea Lebotho la Metsing, Molina, ka Sefapano sa Vietnam sa Bohlabani. Hamorao Molina o ile a fuoa khau ea khauta e le moputso oa bobeli oa Khau ea Pabatso bakeng sa sebete sa hae le mahlahahlaha nakong ea ha ba le ntoeng e mahlo-mafubelu. Ka la 6 June, 1968, Molina o ile a fumana khau ea bobeli ea khauta ha a ne a sireletsa setsi se ka thōko sa sesole hore se se haptjoe ke likhukhuni tsa makomonisi tsa Vietnam.’
KA KAKARETSO, ke loanne lintoa tse 284 ka helikopthara ke le lebothong la metsing ’me ka fuoa likhau tse 29. Hona joale ke sebeletsa ke le mosebeletsi oa Mokreste ntoeng e fapaneng, eo Bibele e buang tjena ka eona: “Lihlomo tsa ntoa ea rōna hase tsa nama.” (2 Bakorinthe 10:4) E-re ke hlalose hore na ho tlile joang hore ke etse phetoho e joalo bophelong ba ka.
Chicago e ka leboea ho Illinois, U.S.A., eo kamehla ho bonahalang e fumana moea o matla o tsoang Letšeng la Michigan. Ka la 1 February, 1947, e leng letsatsi leo ke hlahileng ka lona, hase feela hore ho ne ho le moea, empa serame se ne se kenella le masapong. Kaha Ntate o ne a sa tsoa Ntoeng ea II ea Lefatše, lingaka tse peli tsa sesole li ile tsa thusa ’Mè ho pepa. Ha ke le lilemo li leshome, batsoali ba ka ba ile ba fallisetsa lelapa leso Los Angeles, California, moo ba ileng ba re isa sekolong sa K’hatholike ’na le moholoane oa ka le khaitseli ea rōna.
Ke hōtse ke bapalla baseball le bolo ea maoto seterateng le lijareteng tse se nang batho, empa ke ne ke boetse ke iketsa lesole ke bapala ka sethunya sa maiketsetso le sethunya sa morathatha sa lehong. Ka bo-1960, ha ke kena sekolong se phahameng, e ne e le lilemong tseo batho ka kakaretso ba neng ba batla hore ho be le liphetoho tse khōlō ’me le maikutlo a bona e le a fetohileng. Ho bolaoa ha baeta-pele ba sechaba le ba lipolotiki, ho akarelletsa le ho thunngoa ha mopresidente oa United States ka 1963; mekoloko ea boipelaetso; ho chesoa ha folakha ea Amerika; le lipontšo tse mabifi e ne e le lintho tse tloaelehileng ka nako eo. Ha ke ntse ke le sekolong, ’na le boholo ba liithuti-’moho le ’na re ne re khathatsehile ka ho bitsetsoa bosoleng.
Nakoana ka mor’a hore ke qete sekolong se phahameng ka 1966, ke ile ka fumana lengolo le mpitsetsang ho ea hlahlojoa hore na ke phetse hantle, ’me ho ile ha fumanoa ho le joalo. Leha ho le joalo, ho e-na le ho ea bosoleng, ke ile ka kena lebothong la metsing. Kaha ke ne ke hlolloa haholo ke lihelikopthara, ke ile ka ithaopela ho kena lebothong le lecha la metsing le neng le tla hlasela ka lihelikopthara. Ka November 1967, nakoana ka mor’a hore ke koetlisoe ka lintho tsa motheo, ke ile ka iphumana ke le motse-moholo oa Vietnam, Saigon.
Phihlelo ea Pele ea Ntoa
Ka mor’a nakoana, ke ile ka isoa lebaleng le lenyenyane la lifofane, moo ho neng ho e-na le lihelikopthara tse ’nè tsa moetso oa Huey. Ba bang ba sehlopha sa rōna ba 30 ba ne ba robala lebaleng leo la lifofane, ha ba bang ba rōna re ne re lula mohahong o mekato e ’meli o ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse 16. Bosiung ba ka ba pele, ke ile ka tsoha hampe ka potlako ha likulo li qala ho ruthutha mohaho oo. Ke ile ka theoha betheng ea ka e phuthoang ’me ka paqama fatše ka metsotsoana e seng mekae. Ha ke utloa lithunya ka holimo, ke ile ka fumana mokhoa oa ho ea litepising tse hloellang ka marulelong, moo e mong a ileng a mpha sethunya. Re ile ra loana bosiu bohle, ke sa roala lieta ’me re apere liaparo tsa ka hare feela.
Ka mor’a ho fekha ntoa matsatsi a mararo—re pota-potiloe ’me re arotsoe ka ho feletseng le ba bang—re ile ra felloa ke lijo le metsi le boholo ba libetsa tsa rōna. Ofisiri e ikarabellang e ile ea fana ka taelo ea hore, “Hang feela ha le re chapha, re tla mathela lebaleng la lifofane.” Re ne re tlameha ho feta le motseng o monyenyane o neng o ntse o e-cha. Re ne re utloa melumo ea lithunya, ho akarelletsa le tsa merathatha ha re ntse re fohla le motse. Ho ne ho tletse litopo hohle.
Re ile ra qetella re fihlile lebaleng la rōna la lifofane, moo boemo bo neng bo ntse bo le bobe. Re ile ra epa mekoti eo re itšireletsang le ho thunya re le ho eona lebaleng leo la lifofane e le ho thibela ba lireng hore ba se ke ba atamela. Ka makhetlo a ’maloa likhukhuni tsa makomonisi tsa Vietnam li ile tsa phunyelletsa thekō ea rōna ’me tsa hlasela lebala la rōna la lifofane, tsa bolaea ba bangata ho akarelletsa le molaoli oa rōna. Ke ile ka qeta libeke tse ’maloa ke le ka mokoting ke sa chenche liaparo kapa hona ho hlapa. Eaba re ea ka helikopthara sebakeng se seng se ka thōko sa sesole.
Ka mor’a matsatsi ao a qalang a ntoa, ke ne ke ikemiselitse ho ba rasethunya ea lulang monyako oa helikopthara. Ke ile ka koetlisoa matsatsi a seng makae eaba ke ba karolo ea ba tsamaeang le sefofane. Ho loana ka lithunya e ne e le ntho e tloaelehileng; ka linako tse ling re ne re tsamaea ka lihelikopthara ho ea loana ka makhetlo a mararo kapa a mane a fapaneng ka letsatsi.
Phello ea Ntoa
Ke ile ka haroha letsoalo ha ke bona ho bolaoa batho ba bangata hakaalo. Ka nako e tšoanang, ke ile ka nahana ka mekoloko ea boipelaetso khahlanong le ntoa koana hae. Na re ne re sa loanele tokoloho? Na re ne re sa behe bophelo ba rōna kotsing hore ba bang ba tle ba phele hantle? Leha ho le joalo, ke ne ke ipotsa hore na toka e hokae ntoeng. Ke mang ea neng a tla rua molemo ho eona? Na ke Mavietnamo? A ne a mamelletse lilemo tse ngata tsa ntoa le pele re fihla. Hona joale batho ba ne ba bolaoa ka bongata ’me e le mahlomola feela.
Ke ne ke sa le monyenyane ’me ke ne ke sa utloisise lipolotiki tse amehang ntoeng. Le hona ke ne ke se na nako ea ho nahana ka tsona. Ke ne ke tseba feela hore ke na le thōmo le mosebetsi oo ke lokelang ho o phetha hobane ke sona seo ke neng ke se koetliselitsoe. Litho tse ling tsa sesole sa metsing li ne li ee li re, “Re koetliselitsoe ho loana, eseng ho nahana.” Leha ho le joalo, ke ile ka itšepisa hore haeba nka pholoha, ke tla hle ke batlisise ho fumana hore na ke hobane’ng ha re ne re le moo.
Ntoa ea Vietnam e ile ea mpepesetsa nthong e ’ngoe eo ke neng ke sa e lebella—lithethefatsi. Kaha ke ne ke sa le mocha, ke ne ke tsuba lisakerete, ke noa biri le whiskey mafelong a beke, le ho ea liphathing. Empa ho ne ho se mohla nkileng ka tsuba lithethefatsi. Vietnam lintho li ile tsa fetoha. E meng ea metsoalle ea ka e ile ea re: “Ho hana ho thusa’ng, Mike? Hoa tšoana hosasa u tl’o thunngoa, ebe ke phetho.” Kahoo ka linako tse ling ke ne ke lumela.
Empa ntoeng hase sebaka seo u ka tsubelang lithethefatsi ho sona, ’me ke ile ka ikana hore nke ke ka li tsuba pele ke e-ea thōmong. Leha ho le joalo, ha ke khutlela hae, ke ne ke se ke e-na le takatso ea lithethefatsi ’me ke ne ke li tsuba.
Ha ke Khutla Ntoeng
Ha ke khutlela hae California ke tsoa Vietnam ka October 1970, pono ea ka ka bophelo e ne e fetohile ka ho feletseng. Le hoja ke ne ke kene sesoleng ka morero oa ho ea thusa mabapi le tokoloho, ke ile ka ikutloa eka ke sebelisitsoe hampe. Ke ile ka khutla ke halefile ’me ke tletse lehloeo. Ke ne ke ikutloa eka ke lahlehile ’me ke se ke se na lerato la naha.
Ke ile ka qeta matsatsi ke tsuba matekoane le lithethefatsi tse ling ha ke ntse ke lokisa sethuthuthu sa ka ka karacheng ea batsoali ba ka. Ho thuisa ka boemo ba ka le ho nahana ka se etsahetseng Vietnam ho ne ho ntetebetsa le ho feta. Letsoalo la ka le ile la qala ho nkhathatsa. Takatso ea ka ea ho batla ho fuputsa mabaka a Ntoa ea Vietnam e ile ea eketseha.
’Muso o ile oa thusa bao e kileng ea e-ba masole hore ba ntšetse thuto pele, kahoo ke ile ka ngolisa k’holejeng ea sechaba ’me hamorao ka kena Univesithi ea ’Muso ea California, Los Angeles. Ha ke le moo ke ile ka fumana metsoalle e ileng ea etsa lipontšo tse khahlanong le ntoa ea Vietnam, hammoho le ba bang ba neng ba bile ntoeng eo. Re ne re e-ba le moqoqo o molelele ka ntoa le maemo a lefatše. Ha ho le ea mong oa rōna ea neng a e-na le likarabo tse khotsofatsang; kaofela re ne re hlile re ferekane.
Boiteko ba ho Thusa le ho Fumana Thuso
Ha e le hantle bongata ba rōna re ne re e-na le bothata maikutlong le kelellong. Ke ile ka ikutloa ke batla ho etsa ho hong ho thusa. Kahoo ke ile ka tsepamisa mohopolo tabeng ea ho ithutela mafu a hlooho le hore na a bakoa ke eng ha ke le sekolong. Kaha ke ne ke amehile haholo ntoeng le ho bolaeeng, ke ile ka etsa qeto ea ho sebetsa e le ho lokisa moo ke sentseng. Kahoo, ke ile ka qala ho sebeletsa batho ba kulang kelellong lipetlele.
Univesithing ea rōna ho ne ho tletse lithethefatsi hohle, ’me ke ile ka fumana hore ke tsona motso oa mathata a mangata. Ke ne ke batla ho tsoela pele le lithuto tsa ka le ho thusa ba sepetlele ba neng ba e-ba le mathata a kelello. Kahoo ke ile ka khaotsa ho tsuba lithethefatsi ka ho feletseng ’me ka qeta nako ea ka le matla ke ithuta le ho sebetsa. Leha ho le joalo, joaloka setsebi sa kelello, ke ne ke bona tsoelo-pele e fokolang bakuling ba ka ba kelello.
Ke ferekane ka ho feletseng ke tsamaiso ea lintho le letsoalo la ka le neng le nkhoebetha, ke ile ka batla ho imoloha ho sithabeleng ha ka ho hoholo. Ke ile ka qala ho rapela le ho ea kerekeng. ’Misa Kerekeng e K’hatholike o ne o se na molemo o mokaalo oa thuto ho ’na. Kahoo ke ile ka qala ho ea kerekeng bosiu. Ke ne ke ee ke kene, ke khantše kerese, ebe ke rapela ka pel’a litšoantšo. Tsena li akarelletsa Jesu ea leketlileng sefapanong hammoho le Maria ea hlabiloeng ka lerumo pelong le litšoantšo tse ling tsa ba bitsoang bahalaleli.
Ke ile ka qala ho nahana: ‘Kereke ke sebaka se tepeletsang le se se nang thuso hakaakang! Na moea oa Molimo o ka hla oa e-ba moo?’ Ke ne ke hloka likarabo le khothatso. Ho ne ho lekane ka mahlomola ao ke a boneng. Kahoo ka bosiu bo bong ke ile ka tsoa kerekeng ’me ka ea rapela serapeng sa boikhathollo. Ke ile ka talima linaleli ’me hoo e ka bang ka lekhetlo la pele bophelong ba ka, ke ile ka leka ka matla ho buisana le ’Mōpi oa ka.
Ho Ithuta Bibele
Ke ile ka ea hahloa ke moea bakeng sa khatello ea ho sebetsa sepetlele bofelong ba beke e ’ngoe ka ho etela motsoalle oa ka oa khale, Gary. Letsatsing le hlahlamang re ile ra qeta nako e itseng ka kamoreng ea ho phomola re shebelletse TV. Litaba li ne li bua ka boiteko ba ho theola Mopresidente Nixon setulong. Ra bua ka bobolu likarolong tsohle tsa bophelo, ’me ka bolela hore ke ikutloa ke qhekelletsoe ka ntoa ea Vietnam.
Alva, mosali oa motsoalle oa ka, o ile a utloa ha re ntse re bua ’me a tsoa ka kichineng. A re liketsahalo tse kang tseo re ntseng re bua ka tsona ke phethahatso ea boprofeta ba Bibele. Eaba kea botsa: “Ekaba mathata a mopresidente a amana kae le boprofeta ba Bibele?” Alva o ile a hlalosa hore haufinyane ’Muso oa Molimo o matsohong a Kreste Jesu o tla nkela mebuso eohle e bolileng sebaka le hore batho ba tla phela ka ho sa feleng khotsong lefatšeng le tla beng le fetotsoe Paradeise. (Daniele 2:44; Tšenolo 21:3, 4) Alva o ile a bua ka Thapelo ea Morena, eo ho eona re kōpang hore ’Muso oa Molimo o tle, le hore thato ea Molimo e etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong.—Matheu 6:9, 10.
Ke ile ka bona hore ha e le hantle re hloka tataiso ea Molimo hore re be le puso e molemo le khotso ea ’nete lefatšeng. (Moeklesia 8:9; Jeremia 10:23) Mabapi le ho phela ka ho sa feleng, ke ile ka hopola ha ke ne ke ithuta hore liathomo tse etsang ’mele ea rōna li nkeloa sebaka ke tse ling ka nako e khutšoanyane haholo. Le hoja lintho tse ling tseo Alva a li buileng li ne li bonahala e le lintho tse ke keng tsa etsahala, takatso ea ka ea ho batla ho tseba e ile ea leotsoa. Ke ne ke batla ho etsa poelano bakeng sa masisa pelo a mangata ao ke a bakileng le ho thusa ho imolla ba bang mahlomoleng. Alva o ile a etsa tlhahiso ea hore ke ee Holong ea ’Muso, moo nka ithutang ho eketsehileng.
Bill Akina e ne e le mosebeletsi oa nako e tletseng ka phuthehong. O ne a kile a ba sesoleng sa metsing ntoeng ea bobeli ea lefatše, kahoo ho ne ho e-na le seo re tšoanang ka sona. Habohlokoa le ho feta, o ne a tseba Bibele, ’me eena le mosali oa hae ba ile ba araba lipotso tsa ka tse ngata ba sebelisa Bibele. Ha ke ntse ke tsoela pele ho ithuta le Bill, ke ile ka bona hore le hoja boiteko ba ka ba ho thusa ba leng sepetlele e ne e le bo botle, ke ne nka ba imolla ka nakoana feela. Ka lehlakoreng le leng, ho thusa batho ho fumana tsebo e nepahetseng ea Bibele ho ne ho tla bolela bophelo bo sa feleng ho bona haeba ba ne ba e-na le tumelo ’me ba phela tumellanong le tsebo ena.—Johanne 17:3.
Bill o ile a ithuta Bibele le ’na a sebelisa kofuto ea ho ithuta e leng ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ke ile ka kolobetsoa e le tšoantšetso ea boinehelo ba ka ho Molimo ka July 1974. Likhoeli tse tšeletseng hamorao ke ile ka ba pula-maliboho, e leng kamoo baevangeli ba nako e tletseng ba Lipaki Tsa Jehova ba bitsoang kateng. Ho sa le joalo, ke ile ka tlohela lithuto tsa ka univesithing ’me ka khaotsa ho sebetsa sepetlele. E le hore nka iphelisa tšebeletsong, ke ile ka etsa mosebetsi oa ho hloekisa, ’me ke ne ke hloekisa libanka bosiu. (1 Bathesalonika 4:11) Metsoalle ea ka le ba lelapa ba ne ba nahana hore ke fapane hlooho.
Ka mor’a hore ke bule maliboho California hoo e ka bang selemo, ke ile ka qala ho ipotsa hore na nka sebelisoa haholoanyane joang tšebeletsong ea Jehova. Ke ile ka iketsetsa pakane ea ho ba moromuoa tšimong ea naha e ’ngoe. Ka mor’a ho sebetsa ke le pula-maliboho ka lilemo tse seng kae, ke ile ka amohela memo ea ho ea Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower, seo ka nako eo se neng se le Brooklyn, New York. Ke ne ke le sehlopheng sa bo66 sa sekolo seo ’me ke ile ka fumana mangolo ka la 11 March, 1979, Long Island City, New York.
Liphetoho Tsa Likabelo
Ke ile ka abeloa ho ea Guatemala, Amerika Bohareng, moo ke ileng ka sebeletsa nako e ka etsang selemo ke le moromuoa. Eaba ke memeloa ho ea sebetsa setsing se senyenyane sa khatiso ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova motse-moholo, Guatemala City. Ka 1981, ke ile ka nyala Lupita, pula-maliboho oa moo, ’me o ile a kōptjoa hore a tl’o sebetsa le ’na ofising ea lekala. Hamorao, ka 1996, khatiso ea rōna Guatemala e ile ea emisoa ha re qala ho fumana lingoliloeng tsohle tsa rōna lekaleng la Mexico.
Moralinyana oa rōna, Stephanie, o ile a hlaha ka 1984, leha ho le joalo ke ile ka ’na ka tsoela pele ho sebetsa ofising ea lekala. Ho bile joalo le ka mor’a hore Lupita e be motsoetse oa Mitchell ka 1987. Ho lula ka ntle ho ofisi ea lekala le ho tsamaea lik’hilomithara tse ka bang leshome ho ea ofising letsatsi le leng le le leng ho ne ho se bonolo. Empa e bile tokelo ho sebeletsa boemong bona ’me lelapa la ka le ’nile la ntšehetsa haholo.
Hona joale Lupita le Stephanie ke bo-pula-maliboho, ’me Mitchell ke mosebeletsi ea kolobelitsoeng. O tla qetella lithuto tsa hae sekolong sa mosebetsi oa matsoho selemong sena, ’me pakane ea hae ke ho kena tšebeletsong ea nako e tletseng. Kea tseba hore re thabela litokelo tsena tse khethehileng, eseng hobane re e-na le tsebo e itseng, empa hobane e le ka mosa o sa tšoanelang oa Jehova. Ke Molimo ea lerato, ’me o tla sebelisa mang le mang ea ratang le ea talimang ho eena bakeng sa tataiso.
Ka linako tse ling rea botsoa hore na rōna joaloka lelapa re khona joang ho kopanela ka botlalo tšebeletsong ’me ka nako e tšoanang re ’ne re iphelise. Linakong tsa rōna tsa phomolo re sebetsa mosebetsi oa boipheliso. Empa ka ntle ho moo, kamehla re ’nile ra leka ho ba le ‘leihlo le talimang ’ng’a e le ’ngoe’ mabapi le lintho tse bonahalang, ho talima ho Jehova bakeng sa thuso, ho mo tšepa le ho lula re batla tataiso ea hae.—Matheu 6:25-34; Liproverbia 3:5.
Ho tšoara sethunya ho ne ho etsa hore ke ikutloe ke e-na le matla, kahoo ke bona tlhokahalo ea hore motho a lule a sebeletsa ho hlaolela boikokobetso. Tsamaiso ea lintho ea Satane e nthutile ho hloea le ho bolaea le ho belaella, ho ba mabifi le ho itšireletsa. Empa Jehova o otlolletse mohau le mosa o lerato ho ’na, e leng ntho eo ke e ananelang haholo. Hona joale ke ikemiselitse hore ke se hlole ke ithuta ntoa le ho ba le lerato le ho ba le kutloelo-bohloko ho bohle.—Matheu 5:43-45; Esaia 2:4.
Ha hoa ka ha e-ba bonolo ho ’na hore ke fetohe. Leha ho le joalo, ke ithutile ho phela bophelo bo batlang bo e-na le khotso. Ka thuso ea Molimo ke ’nile ka khona le ho sebetsana ka katleho le liphello tse bohloko tsa phihlelo ea ka ea ntoa. Ka sebele ke lebeletse nakong eo ho eona lintoa le likhohlano li tla beng li le sieo. (Pesaleme ea 46:9) Ho fihlela nako eo e fihla, ke motlotlo ka monyetla oa ho kopanela mosebetsing oa ho pholosa bophelo oa ho thusa batho ho ithuta ka Monehi-bophelo, Jehova Molimo.
[Litšoantšo tse leqepheng la 12]
Ke ne ke le rasethunya ea lulang monyakong oa helikopthara
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Ke na le Bill Akina le mosali oa hae, Eloise, 1978
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ke tsamaisa mochine oa khatiso lekaleng la Guatemala, 1982
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Boboleling le mosali oa ka
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
’Na kajeno le Lupita, Mitchell, le Stephanie