Pono ea Bibele
Na Molimo o Rata Lichaba tse Ling ho Feta Tse Ling?
BA BANGATA ba na le maikutlo a hore Molimo o rata sechaba sa habo bona ho feta tse ling. Empa haeba ba ne ba kōptjoa hore ba hlahise bopaki, ba ne ba ka re’ng? Ba bang ba ka ’na ba bua ka lintho tseo sechaba sa habo bona se li finyeletseng historing—tse kang lintoa tseo sesole sa habo bona se li hlōtseng kapa ho hōla ha moruo. Ba ka ba ba bua ka mananeo a atlehileng a reretsoeng ho fepa ba lapileng, ho sireletsa ba sa atlehang bophelong kapa ho khothalletsa toka le ho hloka khethollo. Ba bang ba etsa qeto ea hore Molimo o rata naha ea habo bona ka lebaka la botle ba eona ba tlhaho.
Boikakaso bo joalo ba bochaba bo teng linaheng tsohle. Empa, na Bibele e tšehetsa maikutlo a hore Molimo o rata sechaba se seng ho feta se seng?
Tšobotsi ea Bohlokoa ea Molimo
Karabo e hlakile haeba re utloisisa tšobotsi ea bohlokoa ea Molimo ea Matla ’Ohle, eo Bibele e e hlalosang ka tsela e susumetsang. Molimo ha a leeme. Ka mohlala, Liketso 10:34 e re ka tsela e totobetseng: “Molimo ha a leeme.” Bibele e boetse e re Jehova Molimo ‘ha a tšoare le ea mong ka leeme’ le hore “ho Jehova Molimo oa rōna ha ho na ho se loke kapa leeme.” (Deuteronoma 10:17; 2 Likronike 19:7) Molimo o hloile leeme; o bile o le tšoantša le ho se loke.
Leha ho le joalo, u ka ’na ua ipotsa: ‘Na Molimo ha aa ka a rata sechaba sa Iseraele ho feta lichaba tse ling? Na seo e ne e se bopaki ba ho ba leeme?’ Ke ’nete hore Molimo o ile a khetha sechaba sa Iseraele mehleng ea Bibele, ’me o ile a sireletsa Baiseraele lintoeng tse ling tsa bona le lichaba tse ling. Ho phaella moo, ha Bibele e bua ka Molimo e re: “O bolella Jakobo lentsoe la hae, o bolella Baiseraele melao ea hae ea tsamaiso le liqeto tsa hae tsa boahloli. Ha aa etsa sechaba leha e le sefe se seng ka tsela eo.” (Pesaleme ea 147:19, 20) Empa na litšebelisano tsa Molimo le Iseraele li bontša hore o leeme? Le hanyenyane. Hlahloba mabaka a mararo.
La pele, Molimo o ile a khetha Iseraele e le hore a ruise lichaba tsohle molemo. O ile a etsa selekane le moholo-holo oa sechaba seo, e leng Abrahama, a re: “Ka sebele lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa ka peō ea hao.” (Genese 22:17, 18) E, morero oa Molimo ha a sebelisana le sechaba sa Iseraele e ne e le ho hlahisa “peō” e neng e tla tlisa mahlohonolo a mangata, eseng sechabeng se le seng feela empa ‘lichabeng tsohle tsa lefatše.’
La bobeli, ha ho mohla mahlohonolo a Molimo a kileng a lekanyetsoa feela sechabeng sa Iseraele. Ka ho hloka leeme o ile a bulela batho ba lichaba tse ling ka bomong tsela ea hore ba ikopanye le sechaba sa hae se khethiloeng hore ba mo rapele. (2 Likronike 6:32, 33) Ba bangata ba amohetse memo eo, ka lebaka leo ba hlohonolofatsoa. Ruthe mosali oa Moabe ke mohlala o mong o tsebahalang oa seo.—Ruthe 1:3, 16.
La boraro, kamano ea Molimo e khethehileng le Iseraele ea lefatšeng e ne e le ea nakoana. Ka 29 C.E., Israele e ile ea hlahisa “peō” e boletsoeng esale pele e le Mesia, Jesu Kreste. (Bagalata 3:16) Empa batho ba habo Jesu ba ile ba hana ho mo amohela e le Mesia. O ile a re ho bona: “Bonang! Ntlo ea lōna e tlohetsoe ho lōna.” (Matheu 23:38) Ka mor’a moo, ha Molimo a sebelisana le moloko oa batho o ile a qoba ho sebelisana le lichaba tse itseng ka ho khetheha le ho kenella lintoeng tsa tsona. Ho e-na le hoo, o ile a tlisetsa moloko ’ohle oa batho mahlohonolo a sa khetholle. Hlahloba mehlala e itseng.
Mpho ea Molimo ho Bohle
Sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste ke mpho e khōlō ka ho fetisisa ho motho. (Baroma 6:23) Se fane ka monyetla oa ho lokoloha sebeng le lefung, se etsa hore e mong le e mong oa rōna a sebeletse ho fumana bophelo bo sa feleng. Mpho ena e fuoe batho ka bomong “molokong o mong le o mong le lelemeng le leng le le leng le bathong ba bang le ba bang le sechabeng se seng le se seng.” (Tšenolo 5:9) E, Molimo o batla hore “e mong le e mong a bontše tumelo” ho Jesu e le hore a be le “bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16.
Litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li tlisetsa ba li mamelang mahlohonolo a mangata. (Tšenolo 14:6, 7) Li fana ka tšepo ea nako e tlang ’me li fana ka keletso e bohlale e ka lebisang bophelong bo thabileng hona joale. Ka ho hloka leeme Jehova o lokiselitse hore ‘litaba tsena tse molemo tsa ’muso li boleloe lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle.’ (Matheu 24:14; 28:19, 20; Liketso 16:10) Litaba tseo tse molemo li ka Bibeleng, e leng buka e fumanehang—bonyane karolo e itseng ea eona—ka lipuo tse fetang 2 300. Joaloka Ntate ea lerato, Jehova o entse hore hoo e ka bang motho e mong le e mong lefatšeng a fumane “lipolelo tsa bophelo bo sa feleng.”—Johanne 6:68; Joshua 1:8.
Bohle ba ka fumana mpho ena hammoho le tse ling—e, batho ba lichaba tsohle, merabe le lipuo. Ka hona, ho ratoa ke Molimo le ho amohela mahlohonolo a hae ha hoa itšetleha ka hore na re hlahetse hokae kapa re batho ba morabe ofe.
Molimo o Amohela Bo-mang?
Joale, ho hlokahala hore re etse’ng e le hore re amoheloe ke Molimo? Moapostola Petrose o araba ka ho re: “Sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” (Liketso 10:34, 35) Ho hlakile hore ho thahasella Molimo feela ha hoa lekana. Ho hlokahala hore re hlaolele lerato la sebele ho Molimo, re tšabe ho mo khopisa. Hape ho hlokahala hore re ‘sebetse ho loka,’ kapa re phehelle ho etsa se molemo mahlong a Molimo re sa khaotse.
Ka mohlala: Linaheng tse ngata likolo tsa sechaba li fumaneha hohle, empa ke ba bang teng litlelaseng le ba ikitlaetsang ba tla rua molemo. Ka ho tšoanang, Molimo o amohela bohle, empa ho hlokahala boiteko ka lehlakoreng la rōna. Boiteko bo joalo bo ka akarelletsa ho bala Bibele kamehla, ho bontša tumelo sehlabelong sa thekollo sa Kreste le ho phela bophelo bo lumellanang le melao-motheo ea Bibele. Haeba ka sebele re ‘batla Jehova,’ re tla iphumana re le boemong bo botle ba hore a re amohele.—Pesaleme ea 105:3, 4; Liproverbia 2:2-9.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Molimo o entse hore batho ba lichaba tsohle ba fumane “lipolelo tsa bophelo bo sa feleng”