Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/06 maq. 18-19
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Batla ho Tataisoa ke Bibele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Batla ho Tataisoa ke Bibele?
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Buka ea ’Nete
  • E Nepahetse ’me e Molemo
  • U ka Fumana Tataiso e Tšepahalang Hokae?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Tsoha! ena e tl’o araba potso ena: Na Bibele e ka re Thusa Bophelong?
    Tsoha!—2019
  • Batla Tataiso ea Molimo Linthong Tsohle
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Buka e Senolang Tsebo ea Molimo
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 1/06 maq. 18-19

Pono Ea Bibele

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Batla ho Tataisoa ke Bibele?

“Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho.”—2 Timothea 3:16.

U LEBA kae bakeng sa tataiso bophelong? Kajeno ho na le likeletso tse ngata bo thibang letsatsi tse fumanehang hoo e batlang e le tabeng e ’ngoe le e ’ngoe. Ho ntse ho le joalo, batho ba bangata ba retelehela bukeng ea boholo-holo, Bibele, bakeng sa tataiso.

Leha ho le joalo, bongata ba batho bo nka Bibele e se na molemo o mokaalo, haholo-holo mehleng ena eo ho nang le boitsebiso bo bongata le theknoloji ea morao-rao. Barupeli ba bangata le bo-rasaense bao kaofela ba hlomphehang ba na le maikutlo a hore Bibele ha e sa na molemo. Na ba nepile? Kaha ho se ho e-na le mehloli e mengata e fanang ka tataiso kajeno, ke hobane’ng ha motho a lokela ho batla tataiso Bibeleng?

Buka ea ’Nete

Ketsahalong e ’ngoe Jesu Kreste o ne a phomotse selibeng ’me a qoqa le mosali oa Mosamaria. O ile a re ho eena: “Molimo ke Moea, ’me ba mo rapelang ba tla rapela ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:24) Mantsoe ana a bontša hore ho na le tsela ea borapeli e amohelehang ho Molimo. E le hore borapeli ba rōna bo etsoe ka tsela ea ’nete, bo lokela ho lumellana le seo Molimo a itšenotseng a le sona ka Bibeleng. Lentsoe la Molimo le fupere ’nete.—Johanne 17:17.

Leha ho le joalo, ho na le malumeli a mangata a ipolelang hore a lumela Bibele, empa ho bonahala bo bong le bo bong bo ruta ho fapaneng. Ka lebaka lena, ho na le pherekano e khōlō tabeng ea hore na ha e le hantle Bibele e ruta eng. Na Jesu ke Molimo kapa ke Mora oa Molimo? Na ho na le bophelo bo bong ka mor’a lefu kapa ha bo eo? Na lihele ke sebaka sa sebele moo batho ba hlokofatsoang teng ka mor’a lefu? Na Satane ke motho oa sebele? Ho bolela’ng ho ba Mokreste? Na Molimo o hlile o tsotella liketso tsa rōna le mehopolo ea rōna? Na ho kopanela liphate pele ho lenyalo ho lokile hafeela batho ba ratana e le kannete? Na ho noa joala ke phoso?a Malumeli a fapa-fapaneng a bolela hore a ruta ’nete litabeng tsena. Empa maikutlo a malumeli hangata aa fapana. E ke ke eaba kaofela ha ’ona a na le ’nete.—Matheu 7:21-23.

Joale u ka fumana ’nete joang ka Molimo le mofuta oa borapeli bo mo thabisang? Ha re re ka mohlomong u tlameha ho buuoa hore u phekoloe bokuli bo itseng. U ne u tla etsa’ng? Haeba ho le matleng a hao, u ne u tla etsa lipatlisiso tsohle tse hlokahalang e le hore u fumane ngaka e nepahetseng ka ho fetisisa bakeng sa mofuta oa ho buuoa hoo u ho hlokang. U ne u tla batla bopaki bo mo pakang hore o hlile o tseba mosebetsi oa hae, u batle ho tseba ka liopereishene tseo a seng a li entse ebe joale u ikopanya le eena, u buisana le eena. Qetellong, ka mor’a hore u ikholise hore ke eena ea loketseng ka lebaka la bopaki boo u bo fumaneng, u ne u tla mo tšepa ’me u lumele hore a u buoe. Ba bang ba ka ’na ba e-ba le maikutlo a fapaneng. Empa joale uena u na le mabaka a ho tšepa ngaka ena.

Ka ho tšoanang, haeba le uena u ka hlahloba ka hohle-hohle le ka botšepehi bopaki bo teng, u ka ba le tumelo ho Molimo le Bibeleng. (Liproverbia 2:1-4) Ha u batla likarabo ka hore na ke borapeli ba mofuta ofe boo Molimo a bo amohelang, u na le khetho. U ka sheba lithuto tsa batho tse hanyetsanang hammoho le maikutlo a bona a hanyetsanang, kapa u ka hlahloba seo Bibele e se buang.

E Nepahetse ’me e Molemo

Ho hlahlobisisa Bibele ho tla u fa bopaki bo bongata ba hore “lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo.”b (2 Timothea 3:16, 17) Ka mohlala, Bibele e tletse ka boprofeta bo qaqileng. Histori e ’nile ea fana ka bopaki ba ho phethahala ha bona. (Esaia 13:19, 20; Daniele 8:3-8, 20-22; Mikea 5:2) Le hoja e se buka ea saense, Bibele e nepahetse tabeng ea saense. E bua ka lintho tse nepahetseng ka tlhaho le ka bophelo tse ngotsoeng lilemo tse likete pele bo-rasaense ba ka li sibolla.—Levitike 11:27, 28, 32, 33; Esaia 40:22.

Ho feta moo, Bibele e re thusa hore re etse liqeto tse bohlale. Maqephe a eona a na le likeletso tse ngata tse sebetsang bakeng sa bophelo ba lelapa, ho phela hantle maikutlong le ’meleng, khoebo le litaba tse ling tsa letsatsi le letsatsi. Liproverbia 2:6, 7 e re: “Jehova o fana ka bohlale; molomong oa hae ho tsoa tsebo le temoho. O tla bolokela ba lokileng bohlale bo sebetsang.” Ha u batla tataiso Bibeleng, u ka koetlisa matla a hao a ho lemoha hore u tsebe ho “khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.”—Baheberu 5:14.

Lentsoe la Molimo le boetse le re thusa hore re utloisise morero oa bophelo. (Johanne 17:3; Liketso 17:26, 27) Le hlalosa se boleloang ke maemo a lefatše. (Matheu 24:3, 7, 8, 14; 2 Timothea 3:1-5) Ka har’a lona, Molimo o re bontša hore na o tla felisa bobe joang lefatšeng le ho etsa hore moloko oa batho o thabele bophelo bo phethahetseng le bo sa feleng.—Esaia 33:24; Daniele 2:44; Tšenolo 21:3, 4.

Ba limilione ba iponetse ka mahlo hore ka sebele Bibele ke mohloli o ka tšeptjoang oa bohlale bo sebetsang. Bahatisi ba Tsoha! baa u mema hore u hlahlobe letoto la lihlooho tse nang le sehlooho se reng “Pono ea Bibele,” tse hlahang tokollong e ’ngoe le e ’ngoe ea makasine ena. Ka ho etsa joalo, u ka fumana bopaki bo eketsehileng bo bontšang hore Bibele ke mohloli oa bohlokoa ho feta eohle o ka u tataisang bophelong.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a “Pono ea Bibele”—e leng sehlooho se hlahang kamehla ho Tsoha!—se tla tšohla lipotso tsena hammoho le tse ling nakong e tlang.

b Bakeng sa bopaki ba hore Bibele e bululetsoe ke Molimo, bona buka e reng Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

NA U KILE UA IPOTSA?

◼ Molimo o amohela borapeli ba mofuta ofe?—Johanne 4:24.

◼ U lokela ho etsa’ng hore u rue molemo bohlaleng ba Molimo?—Liproverbia 2:1-4.

◼ Ke ka tsela efe Bibele e leng mohloli oa tataiso ea sebele?—Baheberu 5:14.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela