Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/06 leq. 3
  • Ho Batla ho Ratoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Batla ho Ratoa
  • Tsoha!—2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Barali ba Motho ba Mahlomoleng “ba Hahileng Ntlo ea Iseraele”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Nka Buisana le Batsoali ba ka Joang?
    Likarabo Tsa Lipotso Tse 10 Tseo Bacha ba li Botsang
  • Nka Buisana le Batsoali ba ka Joang?
    Tsoha!—2009
  • Nka Buisana le Batsoali ba ka Joang?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 3/06 leq. 3

Ho Batla ho Ratoa

Khale-khale motseng o mong o neng o le sebakeng seo kajeno e leng Turkey, ho ne ho lula ngoanana ea neng a bitsoa Lea. Litšobotsing, Lea e ne e le motho feela tjee oa batho, athe ngoan’abo, Ragele, eena e ne e le pabala.

RAGELE o ile a kopana le mohlankana ea ileng a mo rata haholo hoo a ileng a lumela ho sebeletsa ntate oa hae lilemo tse supileng hore a tle a mo nyale. Leha ho le joalo, bosiung ba lechato, ntate oa banana bana o ile a fana ka Lea ho e-na le ho fana ka ngoan’abo. Ha re tsebe hore na Lea o ne a ikutloa joang ka ketso ena e bolotsana ea ntate oa hae, empa e tlameha ebe o ne a tseba hore ona hase mokhoa o bohlale oa ho kena lenyalong.

Ha mokhoenyana a buleha mahlo ka se etsahetseng, o ile a ipelaetsa. Ntat’a baroetsana o ile a hlalosa hore e ne e le moetlo oa bona hore a nyalise morali e moholo pele. Joale Lea o ile a iphumana a nyalisitsoe ka bomenemene mohlankana eo ha e le hantle a neng a ratile ngoan’abo pele, eo le eena a ileng a qetella a mo nyetse. E tlameha ebe Lea o ne a hlonama hakaakang ha a bona hore ngoan’abo o ratoa haholo ho mo feta! Lea o ne a ke ke a pheta kamoo ho bileng monate kateng leferehong la hae ’me haeba o ne a e-na le mehopolo e monate ka letsatsi la lechato, e tlameha ebe e ne e fokola haholo. E tlameha ebe o ne a labalabela hakaakang ho ratoa ka tsela e tšoanang le eo Ragele a neng a ratoa ka eona! Ka hona, ka lebaka la boemo boo a iphumaneng a le ho bona boo a neng a ke ke a bo fetola, e tlameha ebe Lea o ne a ikutloa a sa ratoe a bile a sa batloe.a

Ho ea bohōleng bo itseng, ba bangata kajeno ba ka utloisisa boemo boo Lea a neng a le ho bona. Kaofela ha rōna re na le tlhoko e matla ea ho rata le ho ratoa. Mohlomong re lakatsa ho ba le molekane ea tla re rata. Hape re batla ho ratoa ke batsoali ba rōna, bana ba rōna, banab’abo rōna le metsoalle ea rōna. Joaloka Lea, re ka ’na ra bona ba bang ba fumana lerato, empa rōna re sa le fumane.

Ho tloha boseeng, re utloa ka lipale tsa lerato tsa batho ba batle ba ratanang ebe ka mor’a moo ba phela ba thabile ho ea ho ile. Libini li bina ka tsela e amang maikutlo ka lerato; liroki lia le tlotlisa. Leha ho le joalo, mofuputsi e mong tabeng ena o ngotse: “Lerato le qaloa ka tšepo le tebello e khōlō ho feta ntho leha e le efe ’me leha ho le joalo le lula le soetsa batho joalo-joalo.” Ka sebele, hangata re tšoenngoa ke batho bao re leng haufi-ufi le bona—ba re utloisa bohloko ho e-na le ho re tlisetsa thabo e sa feleng. Linaheng tse ngata, manyalo a ka etsang liphesente tse 40 a qetella a qhalane ka tlhalo, ’me banyalani ba bangata ba sa hlalanang ha baa thaba ho hang.

Linaha tse ngata li bile le keketseho ea batsoali ba se nang balekane le malapa a nang le mathata, ao ho ’ona le bana ba utloang bohloko. Leha ho le joalo, bana ke bona bao ka ho khetheha ba hlokang ho sireletsoa maikutlong ka ho ba tikolohong e mofuthu, e lerato. Ka hona, ho etsahetse’ng ka lerato? Ke eng e ka re thusang ho tseba tšobotsi ee ea bohlokoa? Lihlooho tse latelang li tla tšohla lipotso tsena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Tlaleho ena e fumanoa khaolong ea 29 le ea 30 ea buka ea Bibele ea Genese.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela