“Li Hlahleloa Chankaneng ka Lebaka la Tumelo ea Tsona”
KA MONGOLI OA TSOHA! POLAND
MANTSOE a reng Arbeit Macht Frei (Mosebetsi oa Lokolla) le kajeno a sa fumanoa likeiting tsa tšepe tse kampong ea mahloriso ea Auschwitz, e karolong e ka boroa ea Poland, lik’hilomithara tse ka bang 60 ho tloha moeling oa Czech.a Leha ho le joalo, mantsoe ao a hanyetsana le se etsahaletseng ba bangata ba keneng ka likeiti tseo ho tloha ka selemo sa 1940 ho ea ho 1945. Lilemong tseo, batho ba fetang milione kampong ea Auschwitz ba ile ba bolaoa ke Manazi. Leha ho le joalo, batho ba sehlopha se seng bona ba ka be ba ile ba fuoa tokoloho neng kapa neng.
Ho ne ho hlokahala eng hore ba lokolloe? Motšoaruoa leha e le ofe eo e neng e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova o ne a ka lokolloa ha a ne a ka tekena pampiri e bontšang hore a ke ke a hlola a tsoela pele ka cheseho e le Paki. Ba bangata ba ile ba etsa qeto efe? Rahistori István Deák o re Lipaki “li ne li tšoana le Bakreste ba pele ba neng ba ka mpa ba haroloa ke litau ho e-na le ho etsa nyehelo e fokolang aletareng ea moemphera oa Roma.” Ka sebele boikutlo bo joalo ha boa lokela ho lebaloa, ’me ha boa lebaloa.
Ho qala ka la 21 September, 2004, ho ile ha etsoa pontšo eo ka ho khetheha e neng e bontša mosebetsi oa Lipaki, e ileng ea nka likhoeli tse peli ka holong e khōlō ea Musiamo ea ’Muso ea Auschwitz-Birkenau. Pontšo eo e ne e e-na le sehlooho se tšoanelehang se reng “Nakong ea Puso ea Manazi—Lipaki Tsa Jehova li Hlahleloa Chankaneng ka Lebaka la Tumelo ea Tsona.” E ne e e-na le mamatjana a 27 a bontšang liketsahalo tsa histori tse bontšang kamoo Lipaki li neng li ikemiselitse ka tieo kateng ho lula e le Bakreste ba sa nkeng lehlakore nakong ea puso ea Manazi.
Baeti ba bangata ba ile ba angoa ke lengolo le neng le ngotsoe ke Deliana Rademakers oa Netherlands ha a ne a le chankaneng. A ngolla lelapa labo, o ile a re: “Ke entse kano ea ho etsa thato ea Jehova. . . . Betang lipelo ’me le be sebete. Jehova o na le rōna.” Ka 1942, Deliana o ile a isoa Auschwitz, moo a ileng a shoella teng le pele libeke tse tharo li fela.
Ka kakaretso ho bile le Lipaki tse 400 kampong ea Auschwitz. Ba bararo ba neng ba bile likampong tseo, ba ne ba le teng ha ho khakoloa pontšo ena, ’me ba ile ba bolela liphihlelo tsa bona le ho araba lipotso tsa baqolotsi ba litaba. Ba ne ba ntse ba bonahatsa sebete se tšoanang le se ileng sa ba thusa hore ba pholohe maemong a mabe a kampo eo.
Bukeng ea hae e reng Imprisoned for Their Faith—Jehovah’s Witnesses in Auschwitz Concentration Camp, mofuputsi Teresa Wontor-Cichy oa Musiamo oa ’Muso, o ngotse: “Boemo ba sehlopha sena sa batho ba seng bakae bo ile ba susumetsa batšoaruoa ba bang ka tsela e ntle, ’me ho inehela ha bona ka boikemisetso letsatsi le letsatsi ho ile ha tiisa ba bang lengole hore tlas’a maemo leha e le afe, batho ba ka khomarela melao-motheo ea bona ka botšepehi.”
Ha e le hantle, ho hlahleloa chankaneng le lefu hase ntho e ncha ho balateli ba Jesu Kreste, eo eena ka boeena a ileng a tšoaroa le ho bolaeloa tumelo ea hae. (Luka 22:54; 23:32, 33) Jakobo, moapostola oa Jesu, le eena o ile a bolaoa. Moapostola Petrose o ile a kenngoa chankaneng, ’me moapostola Pauluse o ile a otloa a ba a tšoaroa ka makhetlo a mangata.—Liketso 12:2, 5; 16:22-25; 2 Bakorinthe 11:23.
Ka ho tšoanang, Lipaki Tsa Jehova Europe li ile tsa fana ka mohlala o babatsehang oa ho ba le tumelo ho Molimo lilemong tsa bo-1930 le bo-1940. Hoa tsoteha hore ebe tumelo ea batho ba joalo e ile ea thoholetsoa Auschwitz.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ha e le hantle kampo ea Auschwitz e ne e entsoe ka likampo tse tharo—Auschwitz I (kampo e khōlō), Auschwitz II (Birkenau), le Auschwitz III (Monowitz). Boholo ba likamore tseo batho ba neng ba khangoa ka khase ho tsona tse tummeng hampe li ne li le Birkenau.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ba bararo ba tšoereng lematjana le ngotseng sehlooho sa pontšo ba bile likampong tsa Auschwitz
[Litšoantšo tse leqepheng la 11]
Deliana Rademakers, le lengolo leo a ileng a le ngola ha a le chankaneng
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Inset photos: Zdjęcie: Archiwum Państwowego Muzeum Auschwitz-Birkenau
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 10]
Tower: Dzięki uprzejmości Państwowego Muzeum Auschwitz-Birkenau