Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/06 maq. 25-28
  • Ho Hōlisa Bana ba Hlokang Tlhokomelo e Khethehileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hōlisa Bana ba Hlokang Tlhokomelo e Khethehileng
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha ba Hasoa ka Litaba Tse Bohloko
  • Ha ho Moepa o se Nang Motheo
  • Ba Khothalletse Hore ba Itjare
  • Mohloli o Matla ka ho Fetisisa oa Thuso
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Batsoali—Koetlisang Bana ba Lōna ka Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Ha Ngoana oa Hao a E-na le Bokooa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Batsoali, Sireletsang Lefa la Lōna la Bohlokoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 4/06 maq. 25-28

Ho Hōlisa Bana ba Hlokang Tlhokomelo e Khethehileng

KA MONGOLI OA TSOHA! FINLAND

Markus ea lilemo li 20 (ea ka ho le letšehali) ha a khone ho itjesa, ho inoesa, kapa hona ho itlhapisa. Bosiu ha a robetse o hloka hore ho be le motho ea ntseng a mo hlokometse. Kaha o hlaheloa ke likotsi khafetsa, ho hlokahala hore a fuoe thuso ea pele khafetsa-khafetsa. Empa batsoali ba Markus ba mo rata haholo. Ba ananela botho ba hae bo bonolo, bo mosa le bo lerato. Ba motlotlo ka mora oa bona le hoja a holofetse.

MOKHATLO OA LEFATŠE OA BOPHELO o hakanya hore baahi ba bang le ba bang ba lekholo ba lefatše, ba bararo ba na le kholofalo e itseng kelellong. Kholofalo ea kelello e ka bakoa ke mathata a liphatsa tsa lefutso, kotsi e hlahelang lesea ha le belehoa, tšoaetso eo lesea le bang le eona bokong, khaello ea phepo e ntle le ho pepesehela lithethefatsi, joala, kapa lik’hemik’hale. Maemong a mangata, ha ho tsejoe sesosa. Ho joang ho ba motsoali oa ngoana ea hlokang tlhokomelo e khethehileng? Batsoali bao ba ka khothatsoa joang?

Ha ba Hasoa ka Litaba Tse Bohloko

Bothata bo qala ha batsoali ba bolelloa hore ngoana oa bona o holofetse kelellong. Sirkka o re: “Ha ’na le monna oa ka re utloa hore morali oa rōna o na le Down syndrome, e ile ea ka ntlo e re oela holimo.” ’Mè oa Markus, Anne, o re: “Ha ke utloa hore o holofetse kelellong, ke ile ka ipotsa hore na batho ba bang ba tla mo nka joang. Empa ka mor’a nakoana ke ile ka khaotsa ho tšoenyeha ka batho ba bang ’me ka qala ho nahana ka seo a se hlokang le seo nka mo etsetsang sona.” Irmgard le eena o ile a itšoara ka tsela e tšoanang. O re: “Ha lingaka li re bolella bothata boo morali oa rōna Eunike a nang le bona, sohle seo ke neng ke nahana ka sona ke hore na nka etsa’ng ho thusa moralinyana oa ka.” Ke’ng seo batsoali ba kang Sirkka, Anne le Irmgard ba ka se etsang ka mor’a hore ba tsebe ka boemo ba bana ba bona?

Setsi sa Sechaba se Fanang ka Boitsebiso ka Bana ba Holofetseng se United States se eletsa hore: “E ’ngoe ea lintho tsa pele tseo u ka li etsang ke ho batla boitsebiso—boitsebiso bo buang ka kholofalo ea ngoana oa hao, ka litšebeletso tse fumanehang le ka lintho tse tobileng tseo u ka li etsang ho thusa ngoana oa hao ho hōla ka hohle kamoo ho ka khonehang.” Ho sebelisa boitsebiso bona ho ka etsa hore u ikutloe u e-na le sepheo le tataiso ha u ntse u hlokomela ngoana oa hao. Ho tšoana le ha u tšoaea tsela eo u seng u e tsamaile ’mapeng, u tšoaea sebaka seo u seng u se tsamaile le libaka tseo u seng u fetile ho tsona.

Ha ho Moepa o se Nang Motheo

Le hoja ho nyolosetsa, ho ba le ngoana ea holofetseng kelellong hase mara hase ho fela. Hobane’ng?

Ntlha ea pele, batsoali ba ka tšelisoa ke hore bana ba bangata ba joalo ha ba utloe bohloko. Dr. Robert Isaacson o re bukeng ea hae e bitsoang The Retarded Child: “Ba bangata ba bona ba khona ho thaba, ho thabela botsoalle le ba bang, ho thabela ’mino, lipapali tse itseng, lijo tse monate le metsoalle.” Le hoja ba ka ’na ba se ke ba finyella ho hokaalo bophelong ho tšoana le bana ba se nang kholofalo, hangata ba ikutloa ba thabile ka “mekhoroaneng” ea bona ho feta bana ba se nang kholofalo ka “lipaleiseng” tsa bona.

Ntlha ea bobeli, batsoali ba ka ikotla sefuba ka lintho tseo ngoana oa bona a sebetsang ka thata ho li finyella. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ncha eo ngoana a ithutang ho e etsa ho tšoana le ho hloa leralla le phahameng, ’me ho nahana ka seo ngoana a se finyelletseng ho thabisa batsoali hammoho le eena ngoana. Ka mohlala, Bryan o na le tuberous sclerosis le lefu la ho oa le ho ferekana kelellong. Le hoja a le bohlale, ha a khone ho bua ebile o thatafalloa ho sebelisa matsoho hantle. Leha ho le joalo, butle-butle o ile a ithuta ho inoesa ka komiki e sa tlalang a sa qhale. Bryan o se a ka inoesa seno seo a se ratang ka ho fetisisa—e leng lebese—kaha o atlehile ho koetlisa kelello le ’mele hore li sebelisane ka tsela ena.

Ntate oa Bryan le ’mè oa hae ba nka sena se senyenyane seo a se finyeletseng e le katleho e khōlō kholofalong ea hae. ’Mè oa hae, Laurie, o re: “Re nka mora oa rōna e le sefate sa lehong le thata ka morung. Le hoja sefate sa lehong le thata se sa hōle ka potlako joaloka lifate tse ling, se hlahisa patsi ea bohlokoahali. Ka ho tšoanang, bana ba nang le kholofalo ba lieha ho hōla kelellong. Empa ho batsoali ba bona ba tšoana le lifate tse nyenyane tsa eike le tsa mohoelere tse nang le bohlokoa bo tšoarellang.”

Ntlha ea boraro, batsoali ba bangata ba thabisoa ke botho bo lerato ba ngoana oa bona. Irmgard o re: “Eunike o rata ho robala esale ka nako ’me kamehla pele a il’o robala o aka setho se seng le se seng sa lelapa. Haeba a robala re e-s’o khutle, o ngola mela e seng mekae a kōpa tšoarelo hore ebe o hlotsoe ho re emela. A be a tlatseletse ka ho re oa re rata le hore o tla re bona hoseng.”

Markus ha a khone ho bua, empa o sebelitse ka thata ho ithuta mantsoe a seng makae a puo ea matsoho e le hore a bolelle batsoali ba hae hore oa ba rata. Batsoali ba Tia, ea holofetseng kelellong, ba hlalosa maikutlo a bona ka tsela ena: “O etsa hore bophelong ba rōna ho be le lerato, mofuthu le kameho, oa re haka le ho re aka.” Ho hlakile hore bana bohle ba joalo ba hloka hore batsoali ba bona ba ba bontše hore baa ba rata le hore ba amehile ka bona haholo—ka mantsoe le ka liketso.

Ntlha ea bone, batsoali ba Bakreste ba khotsofatsoa haholo ke ha bana ba bona ba lumela ho Molimo. Mohlala o mong ke oa Juha. Lepatong la ntate oa hae, o ile a makatsa bohle ha a kōpa ho rapela. Thapelong ea hae e khutšoanyane, Juha o ile a re o lumela hore ntate oa hae o khopolong ea Molimo le hore Molimo o tla mo tsosa ka nako e loketseng. A ntan’o kōpa Molimo hore a thuse litho tsa lelapa labo, a bolela setho ka seng ka lebitso.

Batsoali ba Eunike le bona ba thabisoa ke tsela eo a tšepang Molimo ka eona. Eunike ha a utloisise ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a ithutang eona. Ka mohlala, o tseba mabitso a batho ba bangata bao ho buuoang ka bona ka Bibeleng, empa ha a khone ho a amahanya le boitsebiso bo bong—a tšoana le likotoana tsa morabaraba o hanang ho kopana ho hlahisa setšoantšo se feletseng. Empa o utloisisa taba ea hore ka letsatsi le leng Molimo ea Matla ’Ohle o tla felisa mathata ’ohle lefatšeng. Eunike o na le tšepo ea ho phela lefatšeng le lecha leo Molimo a le tšepisitseng, moo a tlang ho ba le matla a feletseng a kelello.

Ba Khothalletse Hore ba Itjare

Bana ba holofetseng kelellong ha ba lule e le bana ho ea ho ile—baa hōla e-ba batho ba hōlileng ba holofetseng kelellong. Ka hona batsoali ba lokela ho thusa bana ba hlokang tlhokomelo e khethehileng hore ba itjare ha ho khoneha. ’Mè oa Markus, Anne, o re: “Ho ne ho le bonolo ho bile ho potlaka ha re etsetsa Markus ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Empa re ile ra etsa sohle se matleng a rōna ho mo thusa hore a iketsetse lintho ka hohle kamoo a ka khonang.” ’Mè oa Eunike eena o re: “Ho na le lintho tse ngata tse ratehang ka Eunike, empa ka linako tse ling o manganga. E le hore a etse ntho e itseng eo a sa batleng ho e etsa, re lokela ho mo qekisa ka ho mo hopotsa hore ke takatso ea hae ho re khahlisa. Esita leha a se a lumetse ho etsa ntho eo, re ntse re lokela ho mo sala morao le ho mo khothatsa ho fihlela a e qeta.”

’Mè oa Bryan, e leng Laurie, o lula a batla litsela tseo a ka etsang hore bophelo ba mora oa hae e be bo khotsofatsang. Laurie le monna oa hae ba nkile lilemo tse tharo ba thusa Bryan ho ithuta ho thaepa. Hona joale Bryan o romella metsoalle le ba lelapa melaetsa ka k’homphieutha a khotsofetse haholo. Empa o hloka hore ho be le motho ea mo tšehetsang leqaqailaneng la letsoho ha a thaepa. Batsoali ba hae ba mo thusa hore a hatele pele ho isa bohōleng boo a tla hloka ho tšehetsoa setsoe feela. Baa tseba hore lisenthimithara tseo tse seng kae ho tloha leqaqailaneng la letsoho ho ea setsoeng li bolela ho hongata tabeng ea hore a itjare.

Leha ho le joalo, batsoali ha baa lokela ho lebella ho hongata haholo ngoaneng oa bona kapa hona ho mo etsisa se ka holimo ho matla a hae. Ngoana e mong le e mong o na le moo matla a hae a fellang teng. Buka e reng The Special Child e re: “Ho molemo ho leka ho boloka ho leka-lekana pakeng tsa ho mo khothalletsa ho itjara le ho mo thusa ka tsela e loketseng e le hore a se ke a ferekana.”

Mohloli o Matla ka ho Fetisisa oa Thuso

Ho hlokahala hore batsoali ba bana ba holofetseng ba be le mamello haholo hape ba se ke ba fela pelo. Ha mathata a ntse a eketseha, batsoali ba bangata ba fihleloa ke linako tsa ho nyahama. Mokhathala le oona o atisa ho ipha matla. Ba ka ’na ba qala ho lla le ho iqenehela ka linako tse ling. Ke’ng se ka etsoang?

Batsoali ba ka kōpa Molimo, “Ea Utloang thapelo” hore a ba thuse. (Pesaleme ea 65:2) O fana ka sebete, tšepo le matla a ho mamella. (1 Likronike 29:12; Pesaleme ea 27:14) Oa re tšelisa masisa-pelong a rōna, ebile o batla hore re ‘thabe tšepong’ eo Bibele e fanang ka eona. (Baroma 12:12; 15:4, 5; 2 Bakorinthe 1:3, 4) Batsoali ba itšetlehileng ka Molimo ba ka kholiseha hore nakong e tlang, ha ‘lifofu li bona, ba sa utloeng litsebeng ba utloa, ba holofetseng ba tsamaea le ba sa khoneng ho bua ba hooa ka thabo,’ ngoana oa bona ea ratehang le eena o tla ba le bophelo bo phethahetseng kelellong le ’meleng.—Esaia 35:5, 6; Pesaleme ea 103:2, 3.

SEO BATSOALI BA KA SE ETSANG

◼ Ithuteng ka kholofalo ea ngoana oa lōna ’me le batle boitsebiso bo buang eona.

◼ Lekang ho lula le e-na le tšepo.

◼ Thusang ngoana oa lōna hore a iketsetse lintho tseo a ka khonang ho iketsetsa tsona e le hore a tsebe o itjara.

◼ Kōpang Molimo hore a le fe sebete, tšepo le matla.

SEO BA BANG BA KA SE ETSANG

◼ Bua le ngoana lintho tse utloahalang le tse nang le kelello.

◼ Bua le batsoali ka ngoana oa bona ’me u ba babatse.

◼ Nahanela maikutlo a batsoali ba ngoana.

◼ Etsa lintho tse itseng le batsoali le malapa a bana ba hlokang tlhokomelo e khethehileng.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 26]

Kamoo ba Bang ba ka Thusang Kateng

Feela joalokaha bashebelli ba tsota mokoka oa limathi tsa lebelo la mokoka, le uena u ka ’na ua tsota mamello ea batsoali ba hlokomelang ngoana ea holofetseng—ba qetang lihora tse 24 ka letsatsi, matsatsi a supileng ka beke ba mo hlokometse. Batho ba shebeletseng limathi tsa mokoka ba atisa ho fa limathi tseo libotlolo tsa metsi hore li noe. Na le uena u ka tšehetsa batsoali ba hlokomelang ngoana ea tlang ho hloka tlhokomelo e khethehileng bophelo bohle ba hae?

Tsela e ’ngoe eo u ka thusang ka eona ke ka ho bua le mora kapa morali oa bona. Qalong u ka ’na ua ikutloa u tsielehile, kaha ngoana eo a ka ’na a bua hanyenyane kapa a hla a ithōlela. Leha ho le joalo, hopola hore bana ba bangata ba joalo ba rata ho mamela ebile ba ka ’na ba sala ba nahanisisa ka seo u se buileng. Maemong a mang likelello tsa bona li tšoana le leqhoa le leholohali ka leoatleng leo karolo e khōlō ea lona e sa bonahaleng, ’me lifahleho tsa bona li ka ’na tsa se ke tsa bonahatsa tsela eo ba hlileng ba ikutloang ka eona botebong ba pelo.a

Ngaka ea bana ea maloetse a methapo, Dr. Annikki Koistinen, o etsa tlhahiso ea kamoo u ka buisanang le bona ka tsela e bonolo kateng: “Qalong u ka ’na ua bua ka malapa abo bona kapa seo ba ratang ho se etsa ho itlosa bolutu. Bua le bona ho latela lilemo tsa bona, eseng joalokaha eka u bua le ngoana ea ka tlaase ho bona ka lilemo. Bua ka ntho e le ’ngoe ka nako, u sebelisa lipolelo tse khutšoanyane. Ba fe nako ea ho nahana ka seo u se buang.”

Ho hlokahala hore batsoali le bona u bue le bona. U tla ba utloela bohloko le ho feta ha u hlokomela maikutlo a boima ao ba sebetsanang le ’ona. Ka mohlala, ’mè oa Markus, Anne, o lakatsa eka a ka tseba hamolemo mora oa hae eo a mo ratang. O utloa bohloko hore ebe mora oa hae ha a khone ho bua le ho mo hlalosetsa seo a se nahanang. O boetse o tšoenyehile ka hore a ka ’na a shoa pele ho mora, a mo siea a se na ’mè.

Ho sa tsotellehe hore na batsoali ba itetse hakae ho hlokomela ngoana ea holofetseng kelellong, ba atisa ho ikutloa eka ha ba etse ho lekaneng. ’Mè oa Bryan, Laurie, o ipeha molato ka phoso e ’ngoe le e ’ngoe e nyenyane eo a e etsang ha a ntse a mo hlokometse. O boetse o ikutloa a le molato ka hore o hlōleha ho fa bana ba bang tlhokomelo e eketsehileng. Ho thahasella batsoali ba joalo le tsela eo ba ikutloang ka eona hammoho le ho ba hlompha le ho hlompha maikutlo a bona ho ba fa seriti ebile hoa ba tšehetsa, bona le bana ba bona. Irmgard o re mabapi le sena: “Ke rata ho qoqa ka morali oa ka. Ke ananela batho ba ikemiselitseng ho oa ba bile ba tsoha le ’na hammoho le Eunike bophelong.”

Ho na le litsela tse ling tse ngata—tse khōlō le tse nyenyane—tseo u ka thusang ka tsona. U ka ’na ua memela batsoali le ngoana oa bona lapeng ha hao kapa ua ba kōpa hore ba kopanele le lelapa la hao ho etseng ho itseng. Mohlomong u ka ba ua khona ho qeta lihora tse seng kae le ngoana eo ha batsoali ba hae ba ntse ba phomotse.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona sehlooho se reng “Loida o Qetella a Tseba ho Bua” tokollong ea Tsoha! ea May 8, 2000.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ho bontša kameho ea sebele ho fa batsoali le ngoana seriti

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Ho tšoana le Eunike, bana ba holofetseng kelellong ba hloka ho bontšoa lerato leha ba se ba hōlile

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Laurie o thusitse mora oa hae, Bryan, ho ithuta ho thaepa, o mo khothalletsa ho itjara

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela