Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/06 maq. 12-13
  • Na Jesu o Hlile o Shoetse Sefapanong?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Jesu o Hlile o Shoetse Sefapanong?
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sefapano se Emela Eng?
  • “Le Itebele Litšoantšong Tse Rapeloang”
  • Na Ruri Jesu o Shoeletse Sefapanong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Seo Lerato la Molimo le se Bolelang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Sefapano
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Na Sefapano se Loketse Bakreste?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 4/06 maq. 12-13

Pono ea Bibele

Na Jesu o Hlile o Shoetse Sefapanong?

SEFAPANO ke le leng la matšoao a bolumeli leo batho ba le tsebang haholo. Ba limilione baa se hlompha, ba se nka e le ntho e halalelang eo Jesu a bolaetsoeng ho eona. Adolphe-Napoleon Didron, e leng mongoli oa Roma e K’hatholike le moepolli oa lintho tsa khale, o ile a re: “Sefapano se rapeloa ka tsela e batlang e tšoana le eo Kreste a rapeloang ka eona; lehong lena le halalelang le hlomphuoa ka tsela e tšoanang le eo Molimo ka Boeena a hlomphuoang ka eona.”

Ba bang ba re sefapano se etsa hore ba ikutloe ba atametse haufi le Molimo ha ba rapela. Ba bang ba se sebelisa e le thatho, eo ba nkang hore e ba sireletsa bobeng. Empa na Bakreste ba lokela ho hlompha sefapano ka tsela ea borapeli? Na Jesu o hlile o shoetse sefapanong? Bibele e ruta’ng ka see?

Sefapano se Emela Eng?

Nako e telele pele ho mehla ea Bokreste, Bababylona ba boholo-holo ba ne ba sebelisa lifapano e le matšoao borapeling ba bona ba molimo oa matla a ho ba le bana, Tamuze. Ho sebelisoa ha sefapano ho ile ha namela Egepeta, India, Syria le Chaena. Lilemo tse makholo hamorao, Baiseraele ba ile ba kenyelletsa liketso tsa borapeli ba molimo oa bohata, Tamuze, borapeling ba bona ho Jehova. Bibele e re borapeli ba mofuta oo ke ‘ntho e manyala.’—Ezekiele 8:13, 14.

Litlaleho tsa Kosepele ea Matheu, Mareka, Luka le Johanne li sebelisa lentsoe la Segerike stau·rosʹ ha li bua ka ntho eo Jesu a shoetseng ho eona. (Matheu 27:40; Mareka 15:30; Luka 23:26) Lentsoe stau·rosʹ le bolela palo kapa thupa e otlolohileng. Buka e bitsoang The Non-Christian Cross, ea J. D. Parsons, e re: “Ha ho polelo le e ’ngoe mangolong a mangata a etsang Testamente e Ncha, eo ka Segerike sa qalong, e pakang esita le ka tsela e sa tobang hore stauros e sebelisitsoeng tabeng ea Jesu e fapane le stauros e tloaelehileng; ebile ha ho letho le bontšang hore ha hoa sebelisoa thupa e le ’ngoe, empa ho sebelisitsoe tse peli tse kokotetsoeng ka lipekere ho etsa sefapano.”

Joalokaha ho tlalehiloe ho Liketso 5:30, moapostola Petrose o sebelisitse lentsoe xyʹlon, le bolelang “sefate,” e leng lentsoe le nang le moelelo o tšoanang le oa stau·rosʹ, e bolelang thupa feela tjee e otlolohileng kapa sefate, eseng sefapano se entsoeng ka lipalo tse peli tse fapantsoeng. E bile lilemong tse 300 ka mor’a lefu la Jesu moo ba bang ba ipitsang Bakreste ba ileng ba buella khopolo ea hore Jesu o bolaetsoe sefapanong se entsoeng ka lipalo tse peli tse fapantsoeng. Empa maikutlo ana a ne a thehiloe moetlong le tšebelisong e fosahetseng ea lentsoe la Segerike stau·rosʹ. Ke ho hlokomelehang hore litšoantšo tse ling tsa boholo-holo li bontša Baroma ba bolaela batho palong kapa sefateng.

“Le Itebele Litšoantšong Tse Rapeloang”

Seo Bakreste ba ’nete ba se nkang e le sa bohlokoa ke hore na ho loketse ho hlompha ntho eo Jesu a bolaetsoeng ho eona ka tsela ea borapeli. Ebang e ne e le thupa e otlolohileng ea tlhokofatso, sefapano, motsu, lerumo, kapa thipa, na ntho eo e lokela ho sebelisoa borapeling?

A re nke hore moratuoa oa hao o bolauoe ka sehlōhō le hore sebetsa seo a bolauoeng ka sona se hlahisoa ka khotla e le bopaki. Na u ne u tla batla ho boloka sebetsa seo a bolauoeng ka sona, ebe o se nka lifoto tse ngata u li abela batho ba bang? Na u ne u tla etsa libetsa tse ling tse tšoanang le seo tsa boholo bo sa tšoaneng? Na u ne u tla khabisa mabenyane ka tse ling tsa tsona? Kapa na u ne u tla etsa khoebo ka tsona ebe u li rekisetsa metsoalle le beng ka uena hore ba li hlomphe ka tsela ea borapeli? U ne u ka ’na ua se ke ua rata le ho nahana feela ka khopolo eo! Empa ho entsoe ntho e tšoanang ka sefapano!

Ntle ho moo, ho sebelisa sefapano borapeling ho tšoana le ho sebelisa litšoantšo borapeling, e leng seo Bibele e se nyatsang. (Exoda 20:2-5; Deuteronoma 4:25, 26) Moapostola Johanne o hlalositse ka nepo lithuto tsa Bokreste ba ’nete ha a phehella Bakreste-’moho le eena ka mantsoe a reng: “Le itebele litšoantšong tse rapeloang.” (1 Johanne 5:21) Ba ile ba etsa seo le hoja ba ne ba bolaeloa lebaleng la boithabiso la Roma ha ba etsa seo.

Leha ho le joalo, Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba nka lefu la Kreste la sehlabelo e le la bohlokoa. Ka ho tšoanang le kajeno, le hoja ntho e sebelisitsoeng ho hlokofatsa Jesu le ho mo bolaea e sa lokela ho rapeloa, Bakreste ba ’nete ba ikhopotsa lefu la Jesu kaha ka lona Molimo o pholositse batho ba sa phethahalang. (Matheu 20:28) Pontšo ena e hlollang ea lerato la Molimo e tla tlisetsa ba ratang ’nete litlhohonolofatso tse ke keng tsa lekanngoa, ho akarelletsa tebello ea ho phela ka ho sa feleng.—Johanne 17:3; Tšenolo 21:3, 4.

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Litšoantšo tse ling tsa boholo-holo tse bontšang Baroma ba bolaela batho palong

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Rare Books Division, The New York Public Library, Astor, Lenox and Tilden Foundations

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela