Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 5/06 maq. 15-17
  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Bala?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Bala?
  • Tsoha!—2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ikitlaelletse ho Bala
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Ho Rua Molemo ka ho Bala Bibele Letsatsi le Letsatsi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa Hore le Tloaetse Bana ho Bala?​—Karolo ea Pele: Theknoloji Kapa Libuka?
    Se ka Thusang Lelapa
  • U ka Fumana Molemo Ofe ha U Bala Bibele?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 5/06 maq. 15-17

Bacha Baa Botsa . . .

Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Bala?

“Ha ke na mamello ea ho bala. Nka mpa ka shebella thelevishene.”—Margarita, 13, Russia.

“Haeba ke tlameha ho khetha pakeng tsa ho bala buka kapa ho bapala ‘basketball,’ ke khetha ho bapala.”—Oscar, 19, United States.

HAEBA u se u balile ho fihlela mona, mohlomong ua hlokomela hore ho bala ke ntho ea bohlokoa eo motho a lokelang ho ithuta eona. Leha ho le joalo, u ka ’na ua nka ho bala buka kapa sona sehlooho se itseng makasineng e le ntho e batlang e tšoana le ho noa moriana: Ua tseba hore ho molemo, empa u khetha ho se o noe.

Tsoha! e buisane le bacha ba linaheng tse 11 ho fumana hore na ba re liphephetso tsa ho bala ke life le melemo ea hona. Ba buile se latelang.

Ke hobane’ng ha u nka ho bala e le ntho e thata hakaale?

“Ke seoelo ke iphumanang ke e-na le nako ea hona.”—Semsihan, 19, Jeremane.

“Ho bala ho boima. Ke nahana hore ke botsoanyana.”—Ezekiel, 19, Philippines.

“Ha ke batle ho qobelloa hore ke bale ka litaba tse borang.”—Christian, 15, Engelane.

“Haeba e se buka e tenya, nka ’na ka batla ho e bala. Empa ha e le e tenya, ea ntsoafisa.”—Eriko, 18, Japane.

“Lintho tse ling li faposa kelello ea ka habonolo. Ke sitoa ho tsepamisa mohopolo.”—Francisco, 13, Afrika Boroa.

Bacha ba Bakreste ba khothalletsoa hore ba bale Bibele. (Pesaleme ea 1:1-3) Na hoa u thatafalla? Haeba ho joalo, ke hobane’ng?

“Bibele ke buka e khōlō haholo! Ke nahana hore nke ke ka e qeta bophelong bohle ba ka!”—Anna, 13, Russia.

“Likarolo tse ling ka Bibeleng li tebile ’me ha li monate hakaalo.”—Jezreel, 11, India.

“Ha ho bonolo ho bala Bibele kamehla hobane kemiso ea ka ho hang ha ea hlophiseha.”—Elsa, 19, Engelane.

“Hoa nyolosetsa ho ’na hobane nako ea ka e ngata e jeoa ke mosebetsi oa lapeng le oa sekolo.”—Zurisadai, 14, Mexico.

“Ha ho bonolo hore ke bale Bibele hobane ho bonahala ke sitoa ho fokotsa nako eo ke e qetang ke etsa lintho tse ntlosang bolutu.”—Sho, 14, Japane.

Ho hlakile hore ho bala ho ka ’na ha se be bonolo. Empa na ho iteka ho molemo? U ruile molemo ofe ka ho bala?

“Ho bala ho ekelitse tsebo ea ka, ’me seo se entse hore ke itšepe haholoanyane ha ke bua le batho ba bang.”—Monisha, 14, India.

“Ho bala hoa nkhatholla ’me ho etsa hore ke lebale matšoenyeho a ka.”—Alison, 17, Australia.

“Ho bala ho nkisa libakeng tseo ho neng ho se mohla ke tla li etela.”—Duane, 19, Afrika Boroa.

“Ho bala ho nthusa hore ke iketsetse lipatlisiso ho e-na le ho itšetleha ka seo batho ba mpolellang sona.”—Abihú, 16, Mexico.

Ke eng e u thusitseng hore u thabele ho bala?

“Ho tloha ha ke sa le monyenyane, batsoali ba ka ba ’nile ba nkhothalletsa hore ke balle holimo.”—Tanya, 18, India.

“Batsoali ba ka ba ile ba nkhothalletsa hore ke sebelise monahano oa ka ha ke bala, ke bone liketsahalo ka leihlo la moea.”—Daniel, 18, Engelane.

“Ntate o ile a etsa tlhahiso ea hore ke qale ka libuka tsa Bibele tseo ke utloang li thahasellisa haholoanyane, tse kang Lipesaleme le Liproverbia. Hona joale ke natefeloa ke ho bala Bibele, ha ke utloe e le moroalo.”—Charene, 16, Afrika Boroa.

“Ha ke le lilemo li ’nè, batsoali ba ka ba ne ba mpatletse deske le shelefo e nang le libuka tsohle tseo ba neng ba ile ba mpehela tsona ho tloha ha ke hlaha.”—Airi, 14, Japane.

Ke hobane’ng ha u nahana hore ke habohlokoa ho bala Bibele?

“Batho ba lumela mashano a mangata ka Bibele. Ho molemo ha u ka hlahloba lintho tsena ka bouena.” (Liketso 17:11)—Matthew, 15, United States.

“Bibele e hloka hore motho a nahane haholo. Empa ho e bala ho nthusitse hore ke itlhalose ka sebete le ka ho hlakileng ha ke bua le ba bang ka tumelo ea ka.” (1 Timothea 4:13)—Jane, 19, Engelane.

“Ha ke bala Bibele, ke utloa eka Jehova o bua le ’na ka ho toba. Ka linako tse ling e nkama maikutlo.” (Baheberu 4:12)—Obadiah, 15, India.

“Ke ithuta ho rata ho bala Bibele hobane e mpolella hore na Jehova o ikutloa joang ka ’na le ho mpha keletso e molemo.” (Esaia 48:17, 18)—Viktoriya, 14, Russia.

U fumana nako ea ho bala Bibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng neng?

“Ke na le kemiso. Ntho ea pele eo ke e etsang hoseng ho hong le ho hong ke ho bala khaolo e le ’ngoe ea Bibele.”—Lais, 17, Brazil.

“Ke bala Bibele le lingoliloeng tse ling tsa Bokreste ka tereneng ha ke e-ea sekolong. E se e le lilemo tse ’nè joale ke latela kemiso ena hantle.”—Taichi, 19, Japane.

“Ke bala karoloana e itseng ea Bibele bosiu bo bong le bo bong pele ke robala.”—Maria, 15, Russia.

“Ke bala maqephe a mane a Molula-Qhooa kapa a Tsoha! letsatsi le leng le le leng. Ke khona ho qeta makasine pele e latelang e fihla.”—Eriko, 18, Japane.

“Ke bala Bibele hoseng ho hong le ho hong pele ke ea sekolong.”—James, 17, Engelane.

Joalokaha se builoeng ka holimo se bontša, ho bala ho ka etsa hore u itšepe haholoanyane, ha ba ha eketsa tsebo ea hao. Ho bala Bibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng—ho akarelletsa le makasine ena—ho tla u thusa hore u ‘atamele ho Molimo.’ (Jakobo 4:8) Ka hona, u se ke ua tela le haeba u thatafalloa ke ho bala!

SEO U KA NAHANANG KA SONA

◼ Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u bale Lentsoe la Molimo?

◼ U ka ‘ithekela nako’ ea ho bala Bibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng joang?—Baefese 5:15, 16.

[Lebokose le leqepheng la 16]

AMAHANYA SEO U SE BALANG LE LINTHO TSE LING

Amahanya seo u se balang le seo u seng u ntse u se tseba ka uena le ka tikoloho eo u leng ho eona. Ipotse lipotso tse latelang:

◼ Amahanya Seo U se Balang le Seo U Seng U se Balile Na maemo kapa mathata a hlalosoang moo a tšoana le a boletsoeng libukeng tse ling, limakasineng, kapa lipaleng tseo ke li balileng? Na batho bao ke balang ka bona ba na le mekhoa e tšoanang le ea ba bang bao ke ithutileng ka bona?

◼ Lebisa Seo U se Balang ho Uena Boitsebiso boo bo amana joang le boemo ba ka, setso sa ka le mathata a ka? Na nka sebelisa boitsebiso boo hore bo nthuse ho sebetsana le mathata a ka kapa ho ntlafatsa bophelo ba ka?

◼ Amahanya Seo U se Balang le Tikoloho Boitsebiso boo bo nthuta eng ka tlhaho, tikoloho, litso tse fapaneng kapa mathata a teng sechabeng? Boitsebiso boo bo nthuta eng ka ’Mōpi?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela