Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/06 leq. 30
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mekhoa e Tenang ba Bang ka ho Fetisisa Mosebetsing
  • Batho ba Bangata ba Lula Metseng ea Litoropo
  • Ho Hana ka Lebaka la Letsoalo
  • Ke Phela Nakong ea Liphetoho Tsa Bohlokoa Korea
    Tsoha!—2008
  • Na Tokoloho e Eketsehileng ea Letsoalo e Tla Lumelloa Mexico?
    Tsoha!—2000
  • Tlaleho ea Litaba Tsa Molao
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2015
  • Tlaleho ea Litaba Tsa Molao
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2016
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 6/06 leq. 30

Tsa Mona le Mane

◼ Bana ba etsang liphesente tse 60 ba Brazil ba bola meno ba le lilemo tse tharo. Le leng la mabaka ke hore ka mor’a hore ngoana a anye tami bosiu, eo hangata e leng seno se tsoekere, ha a ke a hlatsuoa meno ka tsela e nepahetseng.—FOLHA ONLINE, BRAZIL.

◼ Kotara ea batho ba pepang United States hona joale ba pepa ka thipa. New York City, palo eo e mena ea 1980 ka makhetlo a mahlano. Lebaka le leng la sena ke hore ho bonolo ho beha nako ea ho pepa, empa likotsi tse tsamaeang le ho pepisa ka thipa ho sa hlokahale li “ngata haholo.”—THE NEW YORK TIMES, U.S.A.

◼ Lilemong tse 100 tse fetileng, thempereichara ea Mexico City e phahame ka likhato tse ka bang 4 tsa Celsius, ha lefatšeng ka bophara e eketsehile ka likhato tse ka bang 0,6 tsa Celsius. Litsebi li re sena se bakoa ke ho senngoa ha meru le ke ho fallela ha batho ka bongata litoropong.—EL UNIVERSAL, MEXICO.

◼ Palo e fetang halofo ea batho ba nyalanang United States ke ea batho ba seng ba ntse ba lula hammoho. Monyetla oa hore batho bao ba hlalane o feta oa batho ba nyalanang pele ba lula hammoho ka makhetlo a mabeli.—PSYCHOLOGY TODAY, U.S.A.

Mekhoa e Tenang ba Bang ka ho Fetisisa Mosebetsing

Washington Post ea tlaleha: “Ho bua motho a hoelelitse fonong, [ho sebelisa] lifono tse nang le sebuela-hōle hammoho le ho lula motho a lla ka hore o imetsoe ke mosebetsi, ke mekhoa e ka sehloohong e tenang basebetsi ba bang ka ho fetisisa.” Har’a mekhoa e meng e halefisang basebetsi ba bang ke “basebetsi ba ipōpang lihlotšoana, ba fihlang ka mor’a nako mosebetsing, ba buang motho a le mong, ba buisanang le basebetsi-’moho ba ntse ba le ka liofising tsa bona tse mabota a makhutšoaane, ba sa hlapeng le ba hlafunang hampe.” Mekhoa e mebe joalo e boetse e etsa hore motho a se ke a sebetsa hantle. Leha ho le joalo, boholo ba ba ileng ba arabela lipotso tsa bafuputsi ba lumetse hore ha ba e-s’o tobe batho ba nang le mekhoa e ba tenang. Koranta eo e re: “’Me e le ka lebaka le utloahalang. E ka ’na eaba bona ka bobona ba etsa se tšoanang.”

Batho ba Bangata ba Lula Metseng ea Litoropo

CBC News e re: “Lilemong tse peli tse tlang, halofo ea baahi ba lefatše e tla be e lula litoropong.” Ho latela tlaleho ea Machaba a Kopaneng, United States e na le batho ba bangata ka ho fetisisa ba lulang metseng ea litoropo, hoo e ka bang batho ba 9 ho ba 10 ba lula litoropong. Lilemong tse 55 tse fetileng, New York le Tokyo e ne e le tsona feela litoropo tse peli tse nang le baahi ba limilione tse leshome kapa ho feta moo. Kajeno, palo eo e phahametse ho litoropo tse 20 tse nang le baahi ba fetang limilione tse 10, ho akarelletsa Jakarta, Mexico City, Mumbai le São Paulo. Kofi Annan, mongoli-kakaretso oa Machaba a Kopaneng, o re: “Keketseho e potlakileng joalo e tla hloka hore ho be le liphetoho tse khōlō moruong le sechabeng linaheng tse ngata.”

Ho Hana ka Lebaka la Letsoalo

Komiti ea Sechaba ea Litokelo Tsa Botho ea Rephabliki ea Korea e re ho hana tšebeletso ea sesole ka lebaka la letsoalo ke tokelo eo motho a sa lokelang ho e amohuoa. Komiti eo e etsa tlhahiso ea hore ho be le mosebetsi o mong oa sechaba o ka etsoang haeba motho a sa kenele bosole. The Korea Times e re, tlhahiso eo “e hanana” le qeto e sa tsoa etsoa ke Lekhotla la Molao-motheo ea hore molao o ntseng o sebetsa oa sesole o ’ne o tsoele pele, e leng molao o sa lumelleng batho hore ba hane ka lebaka la letsoalo. Lekhotla le ka Holimo-limo le boletse hore lekhotla le etsang melao ke lona le lokelang ho etsa molao oo, eseng makhotla a mang a molao. Selemo le selemo, bahlankana ba ka bang 500 ho ea ho ba 700 ba Lipaki Tsa Jehova ba kenngoa teronkong Rephabliking ea Korea hobane ba hana ho ea bosoleng. Lipaki tse ka bang 10 000 li ’nile tsa tšoaroa ka lebaka la seo ho theosa le lilemo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela