Na Lenyalo le ka Ema le Tiile Sefefong se Matla?
“Seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.”—MATHEU 19:6.
METHEO ea matlo a neng a shebahala a tiile e ile ea sisinyeha, matlo a putlama. Ha lifefo tse matlahali li ne li puputla libaka tse khōlō lefatšeng ho pota morao tjena, sena se ile sa leka ka matla boleng ba mehaho e mengata le ho tšoarella ha eona ho bona hore na e tiile hakae.
Leha ho le joalo, sefefo sa mofuta o mong se senya motheo le boleng ba tokisetso ea khale ea lenyalo. Stephanie Coontz, setsebi sa histori ea malapa, o re: “Batho ka bomong le sechabeng ha ba sa nka lenyalo e le la bohlokoa joaloka pele, ho sa tsotellehe hore na ho tla etsahala’ng.”
Na u bona phello ea mokhoa o joalo? Na u nahana hore lenyalo le lahleheloa ke seriti sechabeng? Haeba ho joalo, ho bakoa ke eng? Hona motho a ka ba le tšepo efe ea ho sireletsa kapa ho boloka lenyalo le thabile? Empa pele ho tsohle, ke eng e behang lenyalo kotsing?
Lenyalo le Hlasetsoe
Ho hlaseloa ha lenyalo hase ntho e ncha; ho qalile khale historing ea motho. Litšobotsi le mekhoa eo batsoali ba rōna ba pele ba ileng ba e-ba le eona li entse hore lenyalo le be maqakabetsing ao le leng ho ’ona kajeno. Adama le Eva ba ile ba etsa sebe ha ba inehela takatsong ea boithati, ka hona “sebe se ile sa kena lefatšeng.” (Baroma 5:12) Tlaleho ea histori ea Bibele e bontša hore hang ka mor’a moo, ‘tšekamelo eohle ea menahano ea pelo ea motho e bile mpe feela ka linako tsohle.’—Genese 6:5.
Ha ho letho le fetohileng ho tloha ka nako eo. E ’ngoe ea litšekamelo tse senyang lenyalong ke ea ho phehella ho khotsofatsa litakatso tsa boithati motho a sa tsotelle hore na e mong o re’ng. Lenyalo ka bolona le ka bonahala e le tokisetso e siiloeng ke nako, e seng e sa sebetse lefatšeng la kajeno le nkehileng ke tšusumetso ea boitšoaro bo bocha. Ho nyehlisa melao e laolang ho qhalana ha manyalo le hona ho tlositse sekhobo se neng se tsamaisana le tlhalo.
Batho ba se nang mamello, ba batlang tharollo ea ka potlako le ho ikhotsofatsa hona joale, ha ba nahane hakaalo ka liphello tsa tlhalo kapa hona ho nahana feela le ka tsona. Ba hoheloa ke litšepiso tse thetsang tsa hore ba tla lokoloha le ho itaola, ba lumela hore tlhalo e tla etsa hore e be ba thabileng.
Ba bang ha ba tobane le mathata a boima lenyalong, ba ea ho litsebi le baeletsi ba manyalo kapa ba bala libuka tseo ba li ngotseng. Ka masoabi, “litsebi” tse ling tsa kajeno tsa lenyalo li bonahala li sekametse ho khothalletseng tlhalo ho feta ho bolokeng lenyalo. Buka ea The Case for Marriage, e re: “Mohlomong ka lekhetlo la pele historing, taba ea lenyalo eo batho ba e nkang e le ea bohlokoa e tlas’a tlhaselo e tsoelang pele le e atlehang. Ka linako tse ling tlhaselo e tobile ebile e bakoa ke likhopolo-taba tse itseng tsa ‘litsebi’ tse lumelang hore kano ea bophelo bohle ea ho tšepahala hase taba e utloahalang kapa ke ntho e hatellang.”
Maikutlo a Fetohileng
Tsela eo batho ba ikutloang ka eona ka lenyalo le sepheo sa lona e fetohile le eona. E ka ’na eaba u lemohile hore hona joale ha ho sa nkoa e le ntho ea bohlokoa hore banyalani ba tšepahale le ho tšehetsana, empa ntho ea bohlokoa e se e le hore molekane a ikhotsofatse—e leng ntho eo hangata e sieang molekane e mong a sa thaba. Journal of Marriage and Family, e re moea ona oa boithati lenyalong “o qalile ka bo-1960 ’me oa ’na oa eketseha lilemong tsa bo-1970.” Mabaka a khale ao batho ba neng ba kena lenyalong ka ’ona—a kang ho batla ho ratoa, ho ba le botsoalle bo haufi-ufi, botšepehi, ho ba le bana le ho khotsofatsana—ha e sa le a bohlokoa hakaalo.
Lintho tse ling tse etsahalang morao tjena le tsona li entse hore lintho li fetohe ka potlako lenyalong linaheng tse ngata. Ntlha ea pele, mokhoa o tloaelehileng oa hore monna ke eena ea sebeletsang lelapa ’me mosali eena o hlokomela lehae o fetohile linaheng tse ngata. Kaha basali le bona ba se ba sebetsa, ho bile le malapa a eketsehileng ao ho ’ona monna le mosali ba sebetsang. Ea bobeli, ho ba le bana ba matšeo ho ea ho amoheleha haholoanyane, e leng ntho e etsang hore ho be le malapa a mangata a motsoali a le mong. Ea boraro, ho itulela hammoho ntle ho lenyalo le hona hoa ata. (Bona lebokose le reng “Ha Lia Tsitsa le ho Feta Manyalo.”) Ea bone, manyalo a batho ba bong bo tšoanang le ho loanela ho a ngolisa ka molao ho se ho amoheleha libakeng tse ngata. Na mekhoa ee ea sejoale-joale e susumelitse tsela eo u talimang lenyalo ka eona?
Ho Eketseha ha ba Hlalanang
A re hlahlobeng se etsahalang linaheng tse ’maloa ho bona hore na ho ata ha tlhalo ho sentse lenyalo le ho feta joang. Ho latela tlaleho ea morao tjena, United States “palo ea banyalani ba hlalanang e imenne ka makhetlo a mane ho tloha ka 1970 ho fihlela ka 1996.” Hoo e ka bang motho e moholo a le mong ho ba bahlano o ’nile a tsukutloa ke lifefo tse senyang tsa tlhalo. Ke bo-mang ba kotsing e khōloanyane ea ho hlalana? Lipalo-palo li bontša hore hoo e ka bang liphesente tse 60 tsa manyalo ’ohle a qhalanang ke a e-song ho qete lilemo tse leshome.
Linaheng tse ling le teng palo ea manyalo a qeteletseng ka tlhalo e phahame. Ka 2004, palo ea manyalo ’ohle a ileng a qetella ka tlhalo Engelane le Wales e bile 153 490. Maaustralia a ka lebella hore manyalo a etsang liphesente tse 40 a qetelle a qhalane. Rephabliking ea Korea ho bile le keketseho ea manyalo a 21 800 a ileng a qhalana ka selemo se le seng feela—ho tloha ka 2002 ho fihlela ka 2003—e leng kakaretso ea manyalo a 167 000 a qhalaneng. Japane hona joale e atamela Europe palong ea manyalo a qhalanang, kaha manyalong a mang le a mang a mane, le le leng le qetella ka tlhalo. Setsebi sa lithuto tsa malapa sa Univesithi ea Red Cross, Japane, se hlokometse hore, “Nakong e fetileng, e ne e le manyalo a mathateng a tebileng feela a neng a qetella ka tlhalo. Hona joale ho fetohile mokhoa o tloaelehileng oa bophelo.”
Linaheng tse ngata mekhatlo ea bolumeli ea khale hammoho le meetlo e ’nile ea etsa hore manyalo a tsitse. Leha ho le joalo, hona joale e ke ke ea hlola e atleha ho thiba mokhoa ona o kekelang sechabeng oa ho amohela tlhalo. Ka mohlala, nahana ka Kereke ea Roma e K’hatholike, moo manyalo a nkoang a halalela. Ka 1983, Kereke eo e ile ea nyehlisa melao e amanang le tlamo ea lenyalo ’me ea nolofalletsa Mak’hatholike ho hlala. Ka hona, ho tloha ka nako eo, manyalo a eketsehileng a ile a qhaloa.
Ka ho hlakileng, maqhoele a tlamahanyang lenyalo aa nyehla. Empa hase lisosa tsohle tse totobetseng. Ha e le hantle, ntle le ho nyehla ha litekanyetso tsa boitšoaro sechabeng, ho na le sesosa se seng se ka sehloohong se etsang hore manyalo a mangata a qhalane—e leng se patehileng mahlong a batho ba bangata.
Sesosa se Patehileng sa Sefefo
Bibele e re bolella hore Satane Diabolose, eo ka boeena e leng moithati, o na le tšusumetso e mpe e tsoelang pele ho tlisa tšenyo lefatšeng. Hobane’ng? Hobane o lihetsoe lefatšeng ho tsoa leholimong ’me o halefile haholo. Ka sebele o ikemiselitse ho baka ‘bomalimabe,’ kapa khathatso ka hohle kamoo a ka khonang, ’me tokisetso ea Molimo ea lenyalo ke e ’ngoe ea lintho tseo Satane a ntšetsang bohale ba hae bo lonya ho tsona.—Tšenolo 12:9, 12.
Ha a bua ka nako ea ka mor’a hore Satane a lelekoe, Jesu o ile a re: “Ka lebaka la ho eketseha ha tlōlo ea molao lerato la ba bangata le tla fola.” (Matheu 24:12) Ka tsela e tšoanang, moapostola Pauluse o ile a ngola: “Batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, banyefoli, ba sa mameleng batsoali, ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng, ba se nang lerato la tlhaho [kapa la lelapa], ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba ikhohomosang ka boikakaso, ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo.” (2 Timothea 3:2-4) Mekhoa ena e sa amoheleheng ke khale e le teng ho ea tekanyong e itseng, empa hona joale e hlaheletse haholo joalokaha batho ba bangata ba iponela ka mahlo.
Ka lebaka la sefefo se puputlang tokisetso ea lenyalo, re ka etsa eng ho itšireletsa le ho thabela lenyalo le thabileng e le kannete ebile e le le tšoarellang? Sehlooho se latelang se tla tšohla potso ena.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]
“Sechabeng sa kajeno moo ntho e lahloang ha e sa batloe, batho ba batla ba e-na le maikutlo a tšoanang le likamanong tsa batho.”—SANDRA DAVIS, SETSEBI SA MELAO EA MALAPA
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 4]
“Ha Lia Tsitsa le ho Feta Manyalo”
Banna le basali ba bangata ba lula hammoho ba sa itlama ka lenyalo. Leha ho le joalo, tlaleho ea U.S. Centers for Disease Control and Prevention, e re likamano tse joalo “ha lia tsitsa le ho feta manyalo.” Ba bang ba batho bana ba lula hammoho e le ho bona hore na baa tšoanelana pele ba ka nyalana. Na tokisetso eo e fokotsa batho ba nyalanang ba sa tšoanelane kapa hona ho ntlafatsa manyalo ka mor’a moo? Ho latela Journal of Marriage and Family, bopaki bo bontša hore ha ho joalo. Journal eo e re: “Banyalaning, batho ba ileng ba lula hammoho pele ba nyalana ha ba khotsofale hakaalo lenyalong . . . , ba ba le mathata a lenyalo a mangata, ’me . . . ho na le menyetla e mengata ea hore lenyalo la bona le qhalane.”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 5]
Lenyalo le ho Phela Nako e Telele
Kajeno batho ba phela nako e teletsana. Esita le eona ntho ena e ntle e tlatsetsa mathateng a lenyalo. Kajeno, tlhalo e khaola manyalo a mangata ao nakong e fetileng a neng a khaoloa ke lefu. Nahana ka lefu le sa tloaelehang lenyalong le tšoereng basali bao e leng khale ba nyetsoe Japane. Ho latela The Washington Post, litsebi li le bitsa “lefu le bakoang ke banna ba pensheneng.” Ha mosali e mong a hopola nakong eo monna oa hae a neng a se a le pensheneng ka eona, eo ba neng ba se ba nyalane lilemo tse 40, o itse ho na le nako eo a ileng a tleloa ke mohopolo ona: “Joale ke tlameha ho mo hlala. Ho ne ho ntse ho le boima ho mo emela hore a khutle mosebetsing ebe ke mo etsetsa lintho. Empa joale ho ba le eena ka tlung nako ena kaofela ke ntho eo ke sitoang ho e mamella.”